sotho.1360.Surprise
Surprise Moriri - Sebapadi sa Selemo
E a tla nako ya ka!
Ho ne ho "makatse" hape ha utlwisa bohloko ha a ne a siuwa sehlopheng se neng se eya Mohopeng wa Afrika, empa sebapadi sena sa mokgubung se re se itokisetsa 2010!
SEBAPADI sa mokgubung sa Mamelodi Sundowns, Surprise Moriri, ke seo o ka thabelang ho se shebella mme ba bangata ba ne ba makale ha a seollwa ka nako eo ho kgethwang sehlopha sa Bafana se neng se eya Ekgepeta.
Moriri leha ho le jwalo ha a nka taba eo hampe - ha ho makatse le ka moo Afrika Borwa e neng e bapale hampe ka teng naheng eo ya Faro.
"Eish," o ne a qale ka ho rialo ha ke mo botsa hore o ne a ikutlwe jwang. "Ke e fetisitse. Ke ile ka ipolella feela hore nako ya ka e ne e so ka e fihla, empa nnete ke hore e a tla. Mokwetlise ka mong o na le dibapadi tsa hae mme ke nahana hore le nna ke ne ke le e mong wa bao a sa kgahlweng ke bona."
Empa Moriri o na le batshehetsi ba hae, boraditaba le batshehetsi ba Sundowns. O bile o re a ka nna a kgona ho bapala ka katleho le mose.
"Ha jwale ha ke kgethe naha empa takatso ya ka e kgolo ke ho ya bapala Lokong ya Spain. Ke rata tsela eo ba bapalang ka yona."
Ke toro e kgolo ya moshemane enwa ya holetseng lekeisheneng le lerole la Matibidi mane Mpumalanga e leng moo a neng a qale ho ithuta ho raha bolo teng.
"Le nna ke hotse ke bapala bolo mebileng le sekolong jwalo ka bashemane bohle ba lekeisheneng," ho bolela yena. Moriri a phakisa ho hata mehlaleng ya moholwanae, a qala ho bapalla sehlopha sa ba sa lefellweng sa Lagrig Football Club a le dilemo di supileng. "Ha mme a hlokahala ka 1990, ke ne ke iswe Gautshwane ho ya phetha dithuto tsa ka. Ka fihla ka kena sehlopheng sa City Blacks - seo le sona e neng e le sa ba sa lefellweng. Malekeisheneng dihlopha tsa ba sa lefellweng ha di utlwisiswe hantle ke batho. Hangata, di sebediswa ke beng ba tsona ho betjha ka tjhelete. Ba betjha ka ditjhelete tse kgolo mme ka nako e nngwe ba lehlahelwe haholo. E, ke nnete," ho boletse Moriri a bile a tsheha.
"Re ne re bapalla tjhelete. Ho betjhwa ka rona. Re ne re sa bapalle hore re fumane menyetla ya ho nyolellwa maemong a dihlopha tsa ba lefellwang. Re bapalla feela ho thabisa beng ba dihlopha tseo."
Ka mora materiki, a furalla bolo ya lekeisheneng, Moriri jwale a leba Joburg ho ya etsa dithuto tsa taolo ya ditjhelete mane Germiston College.
"Ka kena sehlopheng se neng se le haufi le moo ke dulang sa Watville ka East Rand. Ra bitswa Watford Brothers mme ra kenela Loko ya Vodacom," ho bolela yena.
Ke hona mona moo neo ya hae e neng e bonwe teng ke ba Silver Stars ba neng ba mo kope ho tla ditekong tsa bona.
"Ka bapala dilemo tse pedi tsa bolo sehlopheng sa Stars, sa pele, re ne re bapala ho Mvela Golden League ka se latelang ra kena ho PSL, pele ba Sundowns ba ntlhokomela."
Ho jwang ho bapalla sehlopha sa Sundowns"
"Hei, heee," ho bolela yena. "Batshehetsi ba na le ditoro tse kgolo ka rona mme re dutse re le tlasa kgatello. Phephetso e nngwe hape ke hore ha o bapalla sehlopha se seholo, tlhodisano e matla mme o ke ke wa ikotla sefuba ka karolo eo o e bapalang nako le nako. Empa ho monate hobane o dutse o netefatsa hore o bapala ka bokgabane ka dinako tsohle!"
Hape Moriri ha a tshabe ho hlahella ha sehlopha sa habo se hloka thuso ya hae. Ka nako eo ba neng ba bapala le Kaizer Chiefs, o ne a ithaope ho ba sethibathibane!
"Sethibathibane sa rona se ne se lemetse mme re se re tjhentjhile dibapadi kaofela," ho bolela yena. "Re ne re le mathateng mme ho se motho ya batlang ho nka boikarabello, ka itela ho amohela phephetso eo mme ka lehlohonolo ha ho letho le lekaalo le neng le etsahale."
Mokwetlise wa Sundown, Neil Tovey, ke motho ya ratang boswaswi mme o natefelwa ke maemo a sa tlwaelehang. O ne a shwele ke ditsheho ho TV ka nako eo ba direng ba neng ba bonahala ba etla ba halefile ba tobile mekwallo, a bona Moriri a tatasela a sa tsebe taba tsa hae.
Empa ho batshehetsi teng, Moriri e ne e be thatohatsi ka mokgwa o sa tlwaelehang oo a thabelang dintlha ka teng. O a hwanka ho ya bohareng ba lebala, a fihle a otlolle matsoho.
"Ha ho letho leo ke le bolelang ka seo, ke e be ke thabile feela. "Batho ha ba a lokela ho nna ba nahana dintho tse ngata ka hona."
Ha Moriri a sa bapale, o ithabisa le metswalle ya hae, a bapale le papadi ya pool kapa a ye difiliming.
Ntle ho Mamelodi Sundowns - o rata Moroka Swallows hape o rata John "Shoes" Moshoeu le Zidane.
Ditoro tse ding tsa hae tsa bokamoso, Moriri o qadile ka ho hemela hodimo pele a bua ka tsona. A re: "E, ke na le tshepo ya hore ke tla bapala tlhodisanong ya Mohope wa Lefatshe wa 2010!" [s]
BONA SESOTHO - July 2006
O sebetsa ka thata ngwana monna.
pale ka TEDDY GOMBA
ditshwantsho ka TOUCHLINE PHOTO
Moriri o rata ho bapalla Sundowns haholo empa o na le ditoro tse ding tse kgolo tsa ho ya bapala Lokong ya Spain.
Surprise o lwanela bolo le Marawaan Bantam le Omar Hendricks wa Santos.
BONA SESOTHO - July 2006
O thabetse ntlha e nngwe hape ka mokgwa wa hae.
