sotho.1351.yourstories_rape
O betetswe
mosebetsing
PALE YA NNETE
Taba ya hae e qadile ka ho futuhelwa
ke mosebetsimmoho le yena
MPHO (eo e seng lebitso la hae la nnete) o dilemo di 27 mme o nyetswe, o na le bana ba bararo. O ne a thabe ha a ne a fumana mosebetsi. "O ne a ipolelle hore o ne a tla kgona ho rekela bana ba hae dimpho tsa Keresemese jwalo ka ha e ne e se e atametse," o boletse jwalo. Empa dintho jwale di fetohile.
Re o tlisetsa pale ya hae jwalo ka ha a buisane le Samantha Kambule wa ha BONA.
ONE a thabe ha a ne a fumana mosebetsi ngwahola ka Mphalane. Ke ne ke bone ke o fumane ka nako e nepahetseng ya Keresemese.
Ke ne ke thabile hobane e ne e se e le dilemo tse pedi ke sa sebetse.
Ke ne ke sa tsebe hore ke ne ke ithetsa!
Ke ne ke fihle mosebetsing tsatsing leo jwalo ka tlwaelo mme wa mphato wa ka "Musa" eo le yena e seng lebitso la hae la nnete, o ne a mpitse. Ha nka ba ka nahana letho hobane re ne re tlwaetse ho potoloha le yena sebaka seo re se lebetseng.
Empa tsatsing leo, dintho di ne di fetohe. E ne e re ha re kena phaposing ka setorong, ke ne ke utlwe a se a ntshwara.
Ke ne ke qale ka nahana hore mohlomong re a hlaselwa, empa ka phakisa ka hlokomela hore e ne e le Musa!
O ne a emetse hore ke kene pele mme a be se a ntshwara.
O ne a tshwere thipa mme le kajeno ke ntse ke e utlwa e ka e ntse e behilwe ho nna qoqothong.
O ne a re ke tsole ke robale fatshe. Ke ne ke bone hore o tla mpolaya mme ka phethisa - ya ba o a mpeta.
Ka inahana ke ntse ke robetse moo a se a qetile. Ke ne ke sa kgolwe se neng se etsahetse. Ke ne ke sebetsa le yena! Ke ne ke se ke sebeditse le yena dibeke mme ke mmona e le motho - empa jwale...!
Ke ne ke tshohile mme ke tswa madi. O ne a nkutlwisitse bohloko haholo.
Ke ne ke phakise ka mo tlaleha ho motshwari wa rona.
Ke ne ke nahane hore ke ne ke etsa ntho e nepahetseng. Empa o ne a mpolelle hore ke thole taba eo hobane e ne e tla theola seriti sa khampane. O ne a etse e ka seo se bohlokwa ho feta se neng se etsahetse.
O ne a boele hape a botsa hore hobaneng ha ke ne ke kwatisitswe ke ketsahalo eo! O ne a qetele a mpoleletse hore ke ne ke iketsa e ka ke ne ke le morwetsana!
O ne a botse Musa hore na o ne a sebedisitse kgohlopo mme yena o ne a dumele.
"Empa o a bona ha a ya beha bophelo ba hao kotsing," ho bolela motshwari enwa.
O ne a lebelle hore ke tswelepele ke sebetse le Musa hona tsatsing leo.
Ka le hlahlamang, ke ne ke lebe ntlokgolo ho ya tlaleha taba ena. Ke ne ke fumane mosadi mme ka tshepa hore o ne a tla utlwisisa taba ya ka. Le yena o ne a mpolelle ntho e tshwanang!
"Se kgathatsehe," ho bolela yena. "Ke ntho e tlwaelehileng" hore basebetsimmoho ba be le dikamano."
Ke ne ke leke ho mo hlalosetsa hore mona ha ho dikamano, empa ke peto, empa a se ke a mmamela.
O ne a mpolelle hore ho tlaleha taba ena mapoleseng ho tla theola seriti sa khampane.
E ne e re ha ke mmolella hore nke ke ka thola le taba ena, o ne a mpolelle hore ke tla lelekwa. E ne e ka ke nna ya neng a le phoso!
Kamehla ke ne ke tlameha ho shebane le motho enwa ya mpetileng mme ke etse e ka ha ho se etsahetseng.
Ka Hlakola, o ne a boele a mphutuhela hape.
Kgetlong lena ke ne ke phonyohe mme ka bitsa mapolesa - Musa a tshwarwa.
Ke ne ke lokolohe moyeng jwale hobane toka e ne e phethahetse. Ke ne ke dutse ke shebana le monna enwa kamehla e ka ha ho a etsahala letho.
Empa mamela se neng se etsahale - ke ne ke emiswe mosebetsing mme ka qetella ke lelekilwe e ka ke nna senokwane!
Mapolesa a ne a mpolelle hore nyewe e qhadilwe!
Ha ke ne ke botsa lebaka, ke ne ke bolellwe hore ba mosebetsing ba itse ke leshano, Musa ke mohlankanaka!
Ke nyetswe mme ke na le bana ba babedi - nka e etsa jwang ntho e jwalo?
Ngongoreho ya ka jwale ya tsoha fatshe. Ke ne ke sa robale bosiu - senokwane se ne se lokolohile, hape se a sebetsa!
Monnaka o ne a ntshehetsa, empa a sa kgone ho qeta se neng se le pelong ya ka.
Re ne re dula mokhukhung mme ra tlameha ho kgutlisetsa bana Limpompo hobane re sa kgone ho phela le bona moo Joburg.
Ho ne ho re ke ipolaye ha ke tlameha ho etsa thobalano le monnaka. Mohlomong sena ke sona se neng se ka etsa hore batho ba nkgolwe hore ke ne ke betilwe.
Ha ke tsebe seo nka se etsang, ke kopa keletso. [s]
Ditshwantsho: Jan Right
Mpho o feletswe ke mosebetsi mme jwale o dutse a nahana ho ipolaya.
Ho mmona tsatsi le tjhabang le le dikelang e ne e ka o dutse a mpeta kamehla
