sotho.1332.winner
E BA NALEDI
1 ITAHLELE
Medumong, empa qala ka bohato ba pele. Bohle ba kenelang ditlhodisano tse kang tsa mmino tsa Idols ba ipotsa hore: "Ke na le menyetla e mekae ya katleho?" O tla atleha, ha o kenetse! Se ikgelle tlase, kapa o nyahamiswe pelo ke banyefodi - etsa bonnete ba hore o latela ditoro tsa hao.
Jwalo ka Thembisile Ntaka, e mong wa ba neng ba le ho makgaolakgang a 2003 Coca-Cola Pop Stars eo kajeno a lebang bonaleding, o re: "Ho bina ke bophelo ba ka, ke na le ditoro tse kgolo ka hona. O ke ke wa iphapanyetsa toro ya hao."
2 EBA LE BONNETE
Ha o se o entse qeto ya ho latela toro ya hao, o tla lokela ho hlophisa seo o batlang ho se fihlela. E be se ka phethahalang, se fihlellehang. Ke yona feela tsela eo o fihlelang ditoro tsa hao ka yona. Hore o be mohlodi, o lokela ho ba le toro mme o tsebe hantle seo o se batlang ho ya ka moo David Kau, e mong wa baahlodi ba So You Think You're Funny, a bolelang ka teng.
"Bang ba kenela feela hobane ba batla tjhelete empa mohlodi e tla ba ya batlang ho ikahela mosebetsi!"
3Boitlho-phiso
Bo bohlo-kwa, ho ya ka Rohan Bergtsedt, mokwe-tlise wa sekolo wa Coca-Cola Football star Chris Flandorp. "Pele re ne re ikwetlisa hane ka beke, re bapale mafelo a mang le a mang a beke." Ho sa kgathallehe hore ke bolong, motjekong kapa boswaswi, neo ha se ho fela ha se hlokahalang, boikwetliso bo matla ke ntho ya bohlokwa! Ha ho batlwa batjeki, dibapadi, dibini kapa ba nang le neo efe feela, ha ho shejwe yona feela. Ho batlwa le boitshepo, maikemisetso a motho sebayeng le tjheseho ya hae - tsohle di fumanwa boikwetlisong.
4 SEBEDISA MENYETLA
Se fetwe ke dipapatso tsa dikoranta, dimakasine le tsa TV - o bone ditlhodisano tseo o ka di kenelang. Etsa sohle seo o ka se kgonang hore o balellwe hara bahlodi!
5 SE PHATSAMISEHE
"Mohlodi o lokela ho ba le boinehelo bo feletseng. O se dumelle dikgupiso ho o phatsamisa. Mokgathala, letswalo le kgatello, di tla o aparela empa o hahamalle pele!" ho bolela Harold van Buuren, mookamedi wa baahlodi ba So You Think You Can Dance, ha a botswa hore ba kgetha mohlodi jwang.Thembisile o a dumela hore ba bang ba neng ba le ho makgaolakgang a Coca Cola ha ba a atleha hobane ba ile ba lebala ka toro ya bona.
6 EBA LE MENAHANO E METLE
Ho hahamalla pele o sa lebale ditoro ho bohlokwa hape ho ka thusa hore o dule o ena le mehopolo e metle, o sa lahle tshepo. Se ikgatelle tlolo. "Ha o sa atleha, kgutlela morao, o lo lokisa diphoso, o iteke hape ka se latelang," ho bolela Lungisani Ntuli, ya neng a le ho mokgaolakgang a 2008, a I Want to Sing Gospel. "Bonyane o tla be se o tseba se lebelletsweng ho wena ka nako eo."
7 RATA SEO O SE ETSANG
"Rata seo o se etsang," ho bolela Elizma Wildschutte, mohlodi wa So You Think You Can Dance ka 2008. Ho ya ka mookamedi wa baahlodi, Harold van Buuren, Elizma e bile mohlodi hobane lerato la seo a se etsang le ne le totobetse. Lerato le tla etsa hore o hlahelle ka mahetla ditlhodisanong. Ha o rata seo o se etsang, ha ho letho le ka o sitisang.
8 AMOHELA DINYEFOLO
Nyefolo eo o lokelang ho kgathatseha ka yona ke ya baahlodi. Ba mamedisise, o se phehisane le bona, leka ho bontsha ka moo dinyefolo tsa bona di o thusitseng ka teng ho ntlafatsa maemo.
9 SE LEBALE MOO O TSWANG
Ena ha se nako ya hore o leke ho iketsa naledi mme o lebale le metswalle ya hao. "O lokela ho tseba hantle moo o tswang," ho bolela Lungisani. "Modimo O ka o busetsa teng ha o se o lebetse."
10 NAHANELA BOKAMOSO
Nahanela le ka mora tlhodisano. Se tshwane le bahlodi bao tlhodisano e bang pheletso ya bona, ba nyamele hohang ka mora moo. Tlhodisano ke bohato ba pele ba hore o fihlele ditoro tsa hao tse kgolo. [s]
Pale: Smangele Zuma
MEHATO YA HO HLAHISA NEO
Thembisile Ntaka, setho sa Adilah, sehlopha se neng se hlole ho 2003 Coca-Cola Pop Stars.
Lungisani Ntuli, mohlodi wa 2008 wa I Want to Sing Gospel.
Ditlhodisano tsa ho hlahisa neo e babatsehang ya mefutafuta, di dutse di hlaha nako le nako mme di ka etsa o nahane hore: "Nka iteka!" - ha e a lokela ho ba toro e ke keng ya fihlelleha
Ba neng ba le ho makgaolakgang a So You Think You're Funny. Lebella bahlodi maqalong a Hlakola.
Ya neng a le ho makgaolakgang ho Coca-Cola Football Stars Chris Flandorp le mokwetlise wa sekolong, Rohan Bergstedt (ho le letshehadi).
David Kau, e mong wa baahlodi ba So You Think You're Funny
IPEHE MAEMONG
Keletso ya mookamedi wa baahlodi ba So You Think You Can Dance, Harold van Buuren ka:
Tjhebeho:
Ho bohlokwa ho intlafatsa hantle. Baahlodi ba sheba le tjhebeho ya hao - re thabela ho bona hore o entse matsapa a ho shebahala hantle.
Lokisa lentswe:
O lokela ho ba sebete o bontshe boitshepo empa o ele hloko hore o se hlahelle o le motho ya tala!
Mmele:
Mmele o lokela ho bonahala e le wa motho ya itshepang e le ka nnete eo batho ba ka thabelang ho mo shebella.
Ha o se sebayeng:
O lokela ho hlonepha bao o sebetsang le bona, o ikemisetse ho etsa sohle se lebelletsweng ho wena.
Elizma Wildschutte, mohlodi wa 2008 wa, So You Think You Can Dance.
