sotho.1313.penpals
theha setswalle
Haeba o batla ho theha setswalle, re ngolle ho BONA/Theha Setswalle, Box 32083, Mobeni, 4060. O re bolelle ka wena - o se lebale lebitso le aterese ya hao!
Lerato Motete (48) a ka thabela ho ngollana le banna ba dilemo di pakeng tsa tse 48 le 58 ba tshwanang le yena ba sa tsubeng ba sa nweng. O rata ho ya kerekeng, ho mamela mmino le ho shebella TV. Aterese ya hae ke Box 26055, Langenhoven Park, 9330. A kenyetswe le difoto.
Michael J. Zandile (35), J.C. Steyn, Private Bag X602, Kirkwood, 6120, ha a nwe ha a tsube, o na le ngwana a le mong. O rata ho shebella TV le bolo, ke motho ya lerato ya ratang ho ngola le ho bala dimakasine. A ka thabela ho ngollana le basetsana ba dilemo di pakeng tse tse 25 le tse 35 ba seng ba lakatsa ho kena lenyalong. Mangolo a hae a ngolwe ka Sexhosa, Sezulu, Senyesemane, Seburu kapa Sevenda. O kopa ho kenyetswa difoto.
J.P. Sithole (37) ke mme wa bana ba babedi ya ka thabelang ho ngollana le banna ba dilemo di pakeng tsa 38 le 48 ba seng ba batla ho nyala. A ngollwe ka Sesotho, Sepedi, Sexhosa, Sezulu, Setswana kapa Senyesemane. O kopa ho kenyetswa le foto. Aterese ya hae ke: 450 Ext. 1, Intabazwe, Harrismith, 9880.
K.O. Mtiwane o se a tla lokollwa tjhankaneng mme a ka thabela ho ngollana le basadi ba dilemo di pakeng tsa tse 21 le 40, ba itshepang ba bileng ba seng ba batla ho nyalwa. A ngollwe ka Sexhosa, Senyesemane kapa Sezulu. (Le ba nang le kokwanahloko ya HIV ba ka ngola.) Aterese ya hae ke: Department of Correctional Services, Private Bag X602, Kirkwood, 6120.
Thandile Thupeni, No 24 NU-8, Lillian Ngoyi,
Kwa-50, Mdantsane, 5219, ke monna ya dilemo di 55 ya tshwerweng ke bodutu, ya ka thabelang ho ngollwa ke basadi ba lerato ba nang le mamello, ba nang le bana ka bonngwe, ba bileng ba lakatsang ho kena lenyalong. Ha a utlwe hantle hape o bua ka thata. O dilemo di 15 a sa sebetse, ha a nwe ha a tsube mme hape ha a thabele ho ya kerekeng hobane ha a utlwe hantle. O na le bana leha a sa dule le bona.
MZJ, Board No. 204690068, St Albans Correctional Services, Medium (B), Private Bag X6055, Nelson Mandela Bay, 6000, a ka thabela ho ngollana le basadi ba lerato, ba tshepahalang ba dilemo di pakeng tsa tse 26 le 34 ba seng ba ikemiseditse ka lenyalo. Maemo a thuto ha se sa bohlokwa ho yena ha feela ba tshaba Modimo ba sa nwe ba sa tsube.
F.N. Dipha (47) a ka thabela ho ngollana le banna ba dilemo tse yang ho 50. E be ba seng ba ikemiseditse ho nyala. Le ba hlokahalletsweng ke basadi ba ka ngola leha ba tsuba empa ba sa nwe. Aterese ya hae ke Nduku Hill Cafe, Private Bag X1015, Tsolo, 5170.[s]
Buyile Tyeke (33), Kirkwood Correctional Centre, Private Bag X602, 6120, a ka thabela ho ngollana le basadi ba dilemo di pakeng tsa tse 20 le 35. O thabela ho shebella bolo, ho ya kerekeng le ho mamela mmino wa Bodumedi. O kopa ho ngollwa ka Sexhosa, Sezulu kapa sona Senyesemane mme a kenyetswe ke difoto.
Thobeka Kambile (42) ke Mokreste ya inehetseng ya ka thabelang ho ngollana le banna ba jwalo ka yena ba dilemo di pakeng tsa tse 52 le 60. Aterese ya hae ke: 32 783 Ngquba Street, Makhaza, Khayelitsha, 7784. Mangolo a hae a ngolwe ka Senyesemane kapa ka Sexhosa.
Eric Trompter (25) o thabela ho bapala le ho shebella bolo. O rata ho ngola le ho bala dikoranta a nke le ditshwantsho. A ka thabela ho ngollana le basadi ba itshepang ba dilemo di pakeng tsa tse 20 le 30 ba tshwanang le yena ba sa nweng ba sa tsubeng. A ngollwe ka Sexhosa, Sezulu, Seburu kapa Senyesemane. Aterese ya hae ke: J. C. Steyn, Private Bag X602, Kirkwood, 6120. O kopa ho kenyetswa le difoto.
Z. Nanto (35), V5 Site B, Khayelitsha, 7784, a ka thabela ho ngollana le basadi ba sa nyalwang kapa ba hladileng ba dilemo di pakeng tsa 45 le 55. O rata ho mamela mmino wa Bodumedi, ho ya kerekeng le ho shebella difilimi tsa marato tsa Afrika Borwa. Mangolo a hae a ngolwe ka Sexhosa kapa Senyesemane. O kopa ho kenyetswa le difoto. [s]
