SOTHO.1272.muthi
NA o ke o ipotse hore hobaneng batho ba tlamellwa ho rola dieta ha ba kena ka tlung ya lethuela" Le hore ke hobaneng ho hlapuwa matsoho ka mora phupu"
Mookamedi wa ditebele, Theo "Bra T" Mthembu, ya neng a tataisa Baby Jake, o re: "Ke lekile ho botsa batho ba baholo ka taba ena empa ha ho le ya mong ya mpolellang ntho e utlwahalang!"
Ho tloha kgale haesale batjha ba kgothalletswa ho ya mafung empa ba sa bolellwe letho ka mabaka a tsamaisanang le mohopolo oo kapa ba bolellwe se lebelletsweng ho bona le seo ba sa lokelang ho se etsa.
"Ke hlola ke hlapile matsoho nako le nako ha ke etswa phupung empa ha ke tsebe hore hobaneng," ho bolela Moruti Wellington Solontsie ya dilemo tse 20 mosebetsing ona wa Lentswe.
"Moruti e mong o ne a re ho nna re phetha molao wa Bibeleng, mme ke sesupo sa hore ho fedile ka bophelo ba motho eo."
Nkgono Mamodjadji Pelosa wa Motseng wa Modjadji, Limpopo, yena o re: "Ho tloswa lerole la lebitla matsohong a batho ba neng ba sebetsa ho pata mofu eo le ba neng ba tlo bontsha tlhompho ya bona ya qetelo.
"Ke ka hona metsi a behwang hekeng ya lelapa la habo mofu eo. Ba sa batleng dijo, ba se ba ka lokoloha mme ba itsamaele ka kgotso.
"Ho ya ka moetlo wa habo rona, ke ba leloko la habo mofu eo ba lokelang ho hlapa matsoho pele. Empa motho ya ka etsang phoso mme a hlapa pele ho bona, ha a be le mathata a letho."
Fred Mavundla, wa KwaZulu-Natal, yena o re: "Ke moetlo wa habo rona ho hlapa matsoho ka mora phupu." Athe mohlankana e mong wa Soweto yena o na le maikutlo a sele: "Ke dilemo jwale ke tlohetse ho hlapa matsoho dijaneng tsena tse behwang hekeng ya habo mofu ka lebaka la maemo a tsa bophelo bo botle. Ke kgathatseha ke ho ata ha dikokwanahloko ha batho ba bangata ba hlapela sejaneng se le seng le hona ka nako e le nngwe."
Nnete ke hore: moetlo ona o fetisetswa melokong e latelang ntle le hore e hlalosetswe mabaka. Erekaha meetlo ya habo rona e ne e sa ngolwe fatshe, ke ka hona ho nang le diphehisano tse kgolo ka yona. Lelapa le leng la Foreisitata le ne le qabane hampe ke hona ho se be le kutlwisiso e ntle ya dintho tse kang tsena. Mathata a ne a qale mohla mohatsa moruti wa Kereke ya Postola a neng a arabela pitso ya badimo.
"Monnaka o ne a sa batle le ho utlwa feela ka badimo. O ne a re ke se le behe leoto la ka ha hae ke tshwere meriana. A re hohang a ke ke a ntumella ho sebeletsa batho lapeng la hae.
"Ke feletswe ke mantswe a ho mo hlalosetsa ka taba ena," ho bolela mosadi eo, ya sa ntseng a fehlwellwa. "O nkamohile bana mme o hana le ho nthusa ka tjhelete."
Motheo wa moetlo wa habo rona ke botho, e leng lerato le tshehetso, boikokobetso le kutlwelobohloko ho ya ka Seafrika.
Ho banyalani bana ho bonahala ekare dikamano ha di sa le ntle hohang esitana le batswading ba bona. Dipuisano tsane tse kileng tsa eba teng ha ho nyalanwa pakeng tsa malapa ana bobedi, di lokela ho qalwa hape ho buisanwe ka taba ena.
Ke na le tshepo ya hore tumellano e tla hlaha mme mosadi eo a lokollwe hantle ho ya kena lefehlong. Mohlomong ho dumellanwe ka hore o tla sebeletsa lapeng la habo. Badimo ha ba rate ho qhala manyalo a batho. Motho ya fehlellwang o rutwa ho hlonepha bohle ka ho lekana, ho sa kgethollwe bong kapa dilemo tsa motho.
Mokomatsana ha a dumedisa lethuela, o kgumama ka mangole. Le kajeno nna ke ntse ke kgumama ha ke dumedisa mme ya neng a mphehlella mme ke kgase ka mangole ha ke kena moo a sebeletsang teng.
Tabeng ya ho rola dieta...
Ba mmalwa haholo batho ba tsebang lebaka le etsang hore ba role dieta ha ba kena ka tlung eo ya badimo.
Moetlo ona ha o tsotelle le taba ya hore mehleng ya pele, pele ho tswelopele bontataronamoholo ba ne ba tsamaya ka maoto - ba nang le dieta e ne e le tse bulehileng ho fihlela ho fihla makgowa naheng ena.
Ho rola dieta ke letshwao feela la tlhompho![s]
32 BONA SESOTHO - November 2005
Re bua ka ditlhare
ka FORCE KHASHANE
Ithute hore hobaneng re phetha meetlo
Ha o na le potso ka ditlhare, ngolla Force atereseng ena:
Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle email atereseng e reng:
forcek@caxton.co.za
