SOTHO.1270.muthi
ka FORCE KHASHANE
96 BONA SESOTHO - May 2007
O SE O le malala-a-laotswe bakeng sa mariha" Ke bua ka ho reka dihitara le diaparo tse futhumalang, ke bolela hape ho itlhophisetsa mekgohlane, feberu le mathata ohle a mariha.
"Mariha a a ntlhantsha," ho bolela mobadi e mong wa Soweto.
"Ha ke kgone ho qeta hora ke le ntlong e nang le di-ceramic tiles.
Ke phakisa ke kenwe ke serame se tshabehang se kenang se nyoloha ka maoto.
"Ke e ke utlwe mahloko maqaqailaneng, ditlhafung ho ya mangoleng.
"Ke e ke rwale dipara tse pedi ho isa ho tse tharo tsa dikausi tsa ulu, empa ho nne ho itshwanele feela, seo sohle ha se nthuse ka letho."
Mobadi enwa o nahana ha mathata ana a ne a mo qale a sa le sekolong.
"Bothata ba ka ke ne ke sa apare mariha."
Ke ne ke leka ho iketsa senatla, ke sa apare." Ka lebaka leo o ne a qetelle a kenwe ke serame.
Re na le bothata ba basadi ba motsaneng wa Taung mane lebatoweng la Leboya Bophirima.
"Mariha ke mathata a maholo ho nna," ke e mong wa bona.
"Ke ne ke se ke le motho wa ngaka ka lebaka la mahanana le mmetso."
Monna eo wa Soweto, nka mo kgothaletsa ho sebedisa meriana e mmedi.
Wa pele ke mositsane. O mong ke sekename.
Tshela kotara ya kgabana ya sekaname le kgabana ya mositsane litareng ya metsi.
Inela lesela moriana oo mme o ithobe ditlhafung le manonyeletsong.
Thoba ho fihlela moriana oo o fola mme ha o se o fodile, o hlape maoto ka ona.
Ha o se o itlhakotse ka thaole, tswaka bohashana ba sekename le kgabana ya mositsane.
O ka e kopanya leha e le e fe feela oli e tlotsang masea mme o tlotse maotong, ho tloha diropeng ho ya tswa ka maoto.
O ka o sebedisa habedi ka letsatsi, hoseng le mantsiboya.
O sebedise dibeke tse pedi.
BAKENG sa mosadi eo wa Taung le bohle ba nang le mathata a kang a hae, ke ena kalafo.
Kopanya kotara ya kgabana ya lengana mmoho le setimamollo.
Tshela halofong ya kopi ya metsi a tjhesang mme o tshele dikgabana tse pedi tse tletseng tsa lero la dinotsi.
Enwa motswako oo ka hloko, o ntse o hlokometse hore o se ke wa qhwelwa.
Enwa motswako ona habedi ka letsatsi beke kaofela.
Tseba hore kalafo eo ha e so felle.
O ka tshela litara ya metsi a tjhesang sejaneng mme o tshele kgabana ya lengana, mahlaku a sefate sa boloukomo mmoho le kgabana ya setimamollo.
Ikwahele o futhe.
O ka etsa sena ha nngwe ka letsatsi, beke kaofela.
Ho futha hona ho bula mahanana a thibaneng mmoho le sefuba se kwalaneng.
KE hantle, potso jwale ke hore o ka ipaballa jwang bakeng sa hore o se kenwe ke serame sena mariheng ana"
O ka phalatsa ka mositsane.
Sena se tla o sireletsa serameng, mokgohlaneng mmoho le feberung jwalo ka ha e hlwekisa sefuba mmoho le mala a hao.
Mositsane e sebediswa jwalo ka moriana o thibelang mafu a mang.
O ka ritella mositsane ona ka nkgong ya dilitara tse hlano ka metsi a fofo.
O ka phalatsa jwalo habedi ka beke mariha.
O se ke wa phalatsa haeba o se o kenwe ke serame! [s]
Re bua ka ditlhare
Re lwantshana le mafu a mariha!
Ha o na le potso ka ditlhare, ngolla Force atereseng ena:
Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle email atereseng e reng:
forcek@caxton.co.za
