sotho.1262.10Q
Babadi ba BONA ba fumana monyetla wa ho nonya dinaledi tsa bona maikutlo
1. Na e ne e le toro ya hao ho ba sebapadi sa bolo?
Vuvu Mpofu, PE
Ha ke sa le ngwana, ke ne ke rata mmino! Ke ne ke tlwaetse ho letsa maphaka a dikotikoti jwalo ka meropa. Kajeno ke na le metswalle eo e leng dibini, hape nkile ka etsa lehlaso la pina le Bob Mabena dilemong tsa ho feta.
2. O qadile jwang bolong?
Paulos Gumede, Thekong
Ke qadile bolo ke bapala diterateng tse lerole tsa Soweto. Ha ke le dilemo di 12 ke ne ke kene ho Moroka Swallows e nyane. Ho tloha moo ke ne ke lebe ho Kaizer Chiefs e nyane.
Ke ne ke qale ho bapalla sehlopha se seholo ke le dilemo di 18 - kgahlano le Orlando Pirates! Ke ne ke tshohile ho bapala ke shebeletswe ke batho ba 70 000 lebaleng la Ellis Park. Empa re ne re hape
3. Ke e fe nako e monate o e hopolang?
X Yebo, Soweto
Ke hopola dintho tse ngata, empa ho tsona kaofela ha ho e fetang mohla re hapang Mohope wa Afrika ka 1996; le ha re ne re kena Mohopeng wa Lefatshe ka 1998 - re leba Fora le ho hapa ha rona Mandela Cup (e seng e bitswa CAFCon Cup)
le Chiefs ka 2004 ha ke ne ke qetela ho bapala.
4. Ke eng o ka e etsang ha o ka nehwa monyetla wa ho kwetlisa Bafana Bafana?
S'phokazi Nkabinde, Grahamstown
Nka leka ho fumana moo e fokolang teng mme ke tiise teng - mme ke netefatse hore dibapadi di a lokoloha hore di tle di bapale ka maikemisetso.
5. O nahana hore Bafana Bafana e tla re thabisa ka 2010?
KK, Krugersdorp
Ho thata haholo Mohopeng wa Lefatshe, hobane le nna ke bapadile ho Bafana Bafana, nke ke ka lahla tshepo. Ke tshepa hore ba tla re thabisa, haholoholo ha le rona re ya mabaleng ho ya ba tshehetsa ditlhophisong tsena tsa 2010.
6. Ke e fe koloi o e ratang, hobaneng o e rata?
Tshepo M, Burgersfort
Ha jwale ke kganna Mercedes, empa nako e ngata ke kganna BMW ka lebaka la boleng ba yona le dintho tseo e nang le tsona.
7. Ho jwang ho ba lenyalong?
LG, Maseru
Ho monate! Taba ke hore feela, o qala ho hlokomela hore bophelo ke ntho e jwang ha o se o le lenyalong le hore o ka thabisa lelapa la hao jwang.
8. O etsa jwang ha o intshitse?
Ziki Hlongwane, Soweto
Ke ba le mohatsaka le lelapa la ka, ka nako e nngwe ke ya lebenkeleng la dijo. Ke motho ya ratang pasta, hobane e o boloka o phetse.
9. O rata ho apara jwang?
Jabu Letele, Kapa
Ke motho ya ithatelang ho apara hantle, ha ke menngwe moketeng o itseng, ke apara tse tsamaisanang le ona. Ha jwale ke rata diaparo tsa House Of Ole, ba sa tswa bontsha lethathama la bona le letjha ho Sanlam SA Fashion Week.
10. Ke sefe sebaka seo o ratang ho phomola ho sona?
HG, Port Alfred
Ke rata sebaka sa Caribbean. Se nkile ka ya Jamaica habedi ka ya le Bahamas ha nngwe mme ke ntse ke lakatsa ho boela.[s]
BONA SESOTHO October 2008
TSA DINALEDI
Dipotso tsa
