sotho.1237.facts
Maqephe a boithabiso a BONA
Marangrang
BONA SESOTHO - March 2006
Nnete ka dithuhlo
lThuhlo ke yona phoofolo e telele ho feta tsohle. E tona e ka ba bolelele ba dimitara tse hlano ho ya ho tse tsheletseng mme e be boima ba 900kg. E tshehadi yona e ba ka tlase ho moo ka boima le bolelele.
lDithuhlo di tsebisahala ka melala ya tsona e melelele e di thusang ho qotha mahlaku a difate - leha ho le jwalo, molala wa tsona ha o a arohana le wa tse ding di phoofolo. Le tsona melala ya tsona e ntse e na le masapo a supileng, phapang ke hore feela ona a malelele.
lManaka a tsona a entswe ke masapo a bitswang "ossicorns."
lPelo ya thuhlo e boima ba 10kg mme e kgona ho pompa madi habedi ho feta phoofolo efe kapa efe e kgolo hore madi a fihlelle dikarolong tsohle tsa mmele.
lDithuhlo tse tshehadi di emara dikgwedi tse ka bang 15.
lPetsane ya thuhlo e bolelele ba 1,8m mme e kgona ho tjakota ka mora dihoranyana feela e tswetswe.
lDithuhlo di itwanela direng tsa tsona ka ho raha. Sefutho sa yona se ka qhala tau boko.
lDi hloka ho robala dihora tse pedi feela jwalo dihoreng tse 24.
Sebedisa mohlala ho ka tlatsa dikgeo tse siilweng
Lebese la podi le sebediswa lefatsheng ka bophara ho feta la kgomo.
Leleme la leruarua le boima bo fetang ba tlou e kgolo!
Dikarabo tsa di-puzzle
LEQEPHENG 100
Thatolla
Bala!
Motho a le mong a ka nka mehato e
18 000 ka letsatsi.
MUHAMMAD
ke lebitso le tlwaelehileng lefatsheng ka bophara
Thailand, letsoho la leqele le nkwa le sa hlweka, ka hoo, ha o a lokela ho ja ka lona. Hape ho supa motho ka monwana ho bontsha tello e tshabehang, o ka supa dintho kapa diphoofolo, e seng batho.
Ngola mantswe ana ka nepo
Lehapu ke moroho, e seng tholwana
BONA SESOTHO - March 2006
BONA SESOTHO - March 2006
Maqephe a boithabiso a BONA
Dipapadi tse mefutafuta
Ho shwa ha meetlo
PELE ho fihla Mayuropa mane Amerika Leboya, Maamerika a batho ba batsho a ne a ballwa ho dimilione tse hlano.
Ho tloha ka 1492 makgowa a ne a le siyo, empa ka 1890 a ne a se a finyelletse dimilioneng tse 75, ya re ka 1890, Maamerika a batho ba batsho a fokotseha ho fihlela ho 250 000.
Mehlolo feela
OMoahi ka mong wa US state of Kentucky molao o ne o mo qobella ho hlapa bonyane ha nngwe ka selemo.
OWetaskiwin, Alberta, e kile ya ba tlolo ya molao "ho holeha pere e tona pela e tshehadi haufi le seterata se seholo."
OSaudi Arabia, mosadi a ka mo hlala monnahae ha a ka kgaotsa ho mo rekela kofi.
OHo hlafuna tjhepisi ke tlolo ya molao Singapore ho thwe "e silafatsa tikoloho."
OMolao wa kgale wa Pele Bellingham, Washington, e ne e le tlolo ya molao hore mosadi a hate maoto a fetang a mararo a boela morao ha a tjeka.
AO! Basadi ba qetella ba kwentse mekgabiso eo ba itlotsang ka yona melomong.
Leka tsebo ya puo ya hao. Setshwantsho ke ona mohlala, ke eng lebitso la ntho eo o e bonang"
Maru a fofiswa keng"
MATLA a tlhaho a dutse a hulela dintho fatshe, empa maru ona a hlola matla ana jwalo kaha a fofa sepakapakeng. Matla ana ha a ame maru pele - a a neha sebopeho ha a a "hulela" fatshe mme pula le lehlwa di tswa ho ona.
Letsatsi le kubelletsa metsi matsheng, dinokeng le lewatleng. Mosi oo o nyolohela sepakapakeng se futhumetseng. O a fola ha o ntse o nyoloha, o kokomohe mme o tlalatlale hohle ho etsa maru.
Moya o phodileng ha o kgone ho tshwara mongobo jwalo ka o futhumetseng. Mosi oo ka nako e nngwe o a tiha o etse marothodi - matla ana a a hulele fatshe moo a fihlang e se e le pula kapa lehlwa.
Bala o ithute
Setshwantsho ka seng ke mohlala wa seo o tlamehang ho se ngola dikgeong tse siilweng
BONA SESOTHO - March 2006
GREAT STOCK!
