sotho.1215.yourbackpage_last
Ho etela kantle ho naha...
Ka Phupu ngwahola. Ke ne ke ile Amerika ho ya bina moketeng wa Letsatsi la Mandela moo ke neng ke bina le dibini tse kang Josh Groban. Ke ne ke ye le Los Angeles ho ya kopana le Keb Mol eo e leng mohlahisi wa albamo ya ka e tla tswa haufi.
Ho nka leeto la boithabiso...
Ha ke sa hopola. Haesale ke tsamaela ditaba tsa mmino ho tloha ka 2003, ke lekile ho ya diphomolong, empa ka hloleha. Ho bile monate. Nakong eo ke ne ke bina meketeng e 41 matsatsing a 47 Yuropa le Amerika. Ke sa tswa ba karolo ya lenaneo la SABC2, Who Do You Think You Are? mme ka fumana monyetla wa ho ikahela lelapa. Nkile ka etela ntate mane Swatsing mme ke lakatsa ho ya le Lesotho. Ha ke so ka ke ba sebakeng seo, mme ke ntse ke lakatsa ho tseba ka nalane ya habo mme wa ka.
Ho ba le nako ya hao...
Ke ka Phupu ha ke ne ke ya Amerika. Ke ne ke qete beke sebakeng se setle haufi le Lewatle la Venice mane LA. Ke ne ke na le nako yohle molemong wa ka, ke inahana, ke ngola, ke itsamaela, ke thabile. Ho ba monna wa lelapa ho entse hore ke se ka iphahamisa. Ke thabela boikarabelo ba ka mme ke rata ho ba le nako ya bana ba ka le mohatsa. Ha ho sebaka se tshwanang le lelapa.
Ho ba Moafrika Borwa ya motlotlo...
Moketeng wa Letsatsi la Mandela mane New York. Ke motho ya hlomphehang haholo ya emetseng batho ba mefuta yohle. Ke motho ya kgothatsang batho ba bangata, ke mohlala o fetang e meng naheng ya heso. Seo se nketsa ke be motlotlo!
Ho ja dijo tse monate...
Le metswalle ya ka mane Colorado, Amerika. Ke ne ke qala ho ja dijo tsa Ethiopia, e le tsa setso, ba bile ba mphutisa. Ke ne ke tshwana le ngwana, motho ohle a tseka ho mphutisa.
Ho kwata...
Ke ne ke qetele ke kwatiswa ke seratswana sa koranta ya Daily Sun se neng se bolela ha fane ya ka ya nnete e le Zwane. Ho ne ho na le moqolotsi wa ditaba nakong eo ke neng ke kopana le ausi lenaneong la Who Do You Think You Are? mme ke tshepa hore o ne a utlwe ha re qoqa. O ne a ngole ntho e siyo eo ke ratang e lokiswe. Leha ke ne ke hlabehile, empa ke ne ke ithute ho tshwara kgalefo ya ka.
Ho bina le sebini se seng sebayeng...
Ke qetetse ho bina le Habib Koité wa Mali esitana le Dobet Gnahoré ho Oppikoppi Festival ka Phato. Re karolo ya projeke e bitswang Acoustic Africa.
Ho ntsha tjhelete o reke ntho...
Ke qetetse ka buka ya Don Mattera e bitswang They Passed This Way And Touched Our Lives. Albamo ya ka e hlahlamang e tla tswa kgweding e
tlang kapa mathwasong a isao mme
ke rerile ho fetolela e nngwe ya dithothokiso tsa hae pineng. Eo ke thothokiso e rokang mongodi wa buka ena Nadine Gordimer eo ke nahanang hore o ne a bapala
karolo ya bohlokwa nakong ya kgenthollo ya mmala.
Ho nka foto...
Le Gloria Gaynor eo e leng
sebini mane kansareteng ya mmino wa Letsatsi la Mandela.
Ke ne ke na le batho ba ka
mmoho le mohlahisi wa ka Quincy Jones, Samuel L Jackson le Alfre Woodard, empa ke ne ke rata hore
le Aretha Franklin a be teng. Ho teng moo ke hlaheletseng le yena teng,
empa o ne a tsamaya le balebedi ba bangata. Ha nka ba ka fumana monyetla! [s]
E bokeleditswe ke: Ntokozo Maseko
LEQEPHE LA HAO LA KAMORAO
Vusi Mahlasela ke sebini, sengodi sa dipina, seroki, moithaopi le lenqosa la Mandela's 46664 Foundation, empa leha ho le jwalo o netefatsa taba ya hore ha ho se fetang lelapa.
