SOTHO.1196.free4u
Ya Hao Ya Mahala
BONA SESOTHO - October 2005
Ya Hao Ya Mahala
2 DIPHOMOLO LEBOPONG LA LEWATLE
Masiu a mabedi a ho intsha
Tropicana Hotel, e Golden Mile mane Thekong mme ke ya sejwalejwale eo o kgonang ho bona maqhubu a lewatle o phomotse ka phaposing e otlang moya. E haufi le dibaka tse ngata tsa boithabiso. Baeti ba ora letsatsi lebopong la lewatle, haufi le mabenkele a rekisang dijo tse monate.
BONA e fa babadi ba babedi, le baratuwa ba bona monyetla wa ho intshetsa Tropicana masiu a mabedi, ba tsohe ka dijo tsa hoseng tse monate, tseo tsohle di bitsang R2 960. Mpho ena e lokela ho sebediswa dikgweding tse tsheletseng e hapilwe, empa ho ya ka ho fumaneha ha sebaka le melao e latelwang. *Ho ba e mong wa bahlodi, re romelle lebitso, aterese le mohala: BONA/Tropicana Hotel Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060. (Moputso ha o kenyeletse ditjeho tsa ho ya Thekong.)
25 DIPHUTHELWANA
Hlokomela moriri wa hao
Palmer's Virgin Olive Oil e ka o etsetsa mehlolo. E na le divitamin le diminerale tse feletseng tseo moriri o di hlokang hore o dule o le motle, o phetse hantle, o sa fothohe. Palmer's Olive Oil e ntjhafatsa moriri, e o nolofatse mme e o sireletse hantle hobane e na le Vitamin A, B le E. Palmer's Olive Oil Formula For Braids e boloka mongobo wa moriri o lohilweng mme e boloke moloho o le motle. BONA e fana ka diphuthelwana tse 25 tse bitsang R140, sephuthelwana ka seng. *Ho ba e mong wa ba lehlohonolo, romela lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare ho: BONA/Palmer's Virgin Oil Formula Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060.
*
O ka kenela tlhodisano ena le ka mohala wa hao wa letsoho. Ngola BONA o sihe sekgeo, o ngole FREE, o ngole mpho eo o lakatsang ho e hapa (PALMERS kapa HOLIDAYS kapa JOHNSONS kapa SOUL) o romele ho 34110. O ka kenela ka makgetlokgetlo ka moo o ratang. SMS ka nngwe e bitsa R2.
Letsatsi la ho kwala
31 Mphalane 2005
23 DIPHUTHE-LWANA
Letlalo le letle
Johnson's® pH 5.5 Fair Complexion Cream e na le metswako ya tlhaho, e tshetjwang ke ditsebi tsa letlalo bakeng sa letlalo le letle, le bonolo le le se nang matheba. Johnson's® pH 5.5 Fair Complexion Day Cream e ekeditswe ka SPF15 ho thusa ho sireletsa letlalo hore le se tjheswe ke letsatsi athe Johnson's® Fair Complexion Night Cream e reberebe hantle bakeng sa ho boloka letlalo le le boreledi.
*Re fana ka diphuthelwana tse 23, tse kenyeleditseng Facial Wash, Fair Complexion Day le Night Cream le ditlolo tse ding tsa tlhokomelo ya letlalo tse kang pH 5.5, tse bitsang R130, sephuthelwana.
Romela lebitso, aterese le mohala ho: BONA/Johnson's® pH5.5 Fair Complexion Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060.
5 DIPAKANA TSA DI-CD
Mmino o monate wa Mbaqanga
Soul Brothers ke sehlopha sa mekaubere mminong wa Afrika Borwa. Se a ratwa hape albamo ka nngwe ya sona e rekisa hantle. Ke sehlopha se pele sa mmino wa Mbaqanga mme ba se ba binne lefatsheng ka bophara. Soul Brothers - The Early Years e na le dipina tse 12 tsa bona tsa kgale tseo ba neng ba di hlahise pele di-CD di qala ho rekisa. *Babadi ba bahlano ba BONA ba tla hapa pakana ena e bitsang R1 200. Romela lebitso, aterese le mohala ho: BONA/Soul Brothers - The Early Years Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060. [s]
Dimpho tse bitsang
R15 450
