sotho.1195.yourworld_knowall
MALOME O BOLELA HA A NA LE METSWALLE E PHAKISANG HO BA LE MORIRI O MOPUTSWA, NA HO JWALO?
Lebo Maseko, Vosloorus
O nepile jwalo ka ha o sa kgolwe leha e le eng eo o e utlwang. Ena ke potso e botswang lefatsheng ka bophara mme karabo ya yona ke tjhe. Se etsang hore moriri o be moputswa, ke ho emisa ho sebetsa ha masole a mmele a etsang moriri o be le mmala ka lebaka la botsofadi. Empa ho tetebela maikutlo le ho nahana ka thata ho ka etsa hore motho a phakise ho tsofala.
Sena se ama ho phakisa ho fothoha esitana le ho mela ha miriri, ke ka hona ho bolelwang hore dilemong tsena batho moriri wa bona o ba moputswa kapele ka dilemo tse hlano ho feta dilemong tsa bo 1970.
Haeba moriri wa hao o phakisa ho fothoha, o na le kgatello, o tla phakisa ho tsofala mme sena se tla etsa o phakise ho ba le moriri o moputswa.
KE A A RATA MATSHWAO ANA! Nokia, Diesel, Converse - MMOHO LE Gucci LE Beemer . . . KE LEFE LETSHWAO LE PELE LEFATSHENG?
Jabu Dlamini, Diepkloof
Re a leboha ka potso ena ya hao! Hore letshwao ke le pele ho tla ya ka hore wena o sheba khampane, boleng ba dihlahiswa tse rekiswang, hore ho rekisitswe tse kae le hore sehlahiswa seo se ratwa ho le ho kae. Re ka etsa mohlala, ka hore BONA ke makasine e ratwang haholo Afrika Borwa ho ya ka dipatlisiso.
Lefatsheng ka bophara letshwao le pele ke la Google, eo e leng website e sebediswang haholo ho fuputsa dintlha mme e bitsa tjhelete e ka bang R800 billion.
Haeba o hlile o rata matshwao, o na le selefounu e nang le Internet, fumana dintlha ho:
www.worldtopbrands.com
DIPOTSO TSA HAO
Na ho na le dipotso tseo e sa leng o ipotsa tsona? O batla ho tseba hore ntho e itseng e etsahetse jwang, neng le hona kae? Ke mona moo o ka fumanang tse ding tsa dikarabo tseo e sa leng o di batla.
KE KGAHLILWE KE MONNA ENWA YA MOHOLWANYANE HO NNA, SEXTON. MOTSWALLAKA O RE LEBITSO LENA LE NA LE MOELELO WA LEFU! NA HO JWALO, NNA KE LE UTLWA LE LE MONATE?
Katlego Mashatile, Thokoza
Katlego, motswalle wa hao o tiisitse, Sexton ke motho ya hirilweng ke kereke ho e hlokomela le ho hlokomela mabitla! O boele a tjheke ona mabitla, a letse tshepe jwalo jwalo.
Ho a makatsa hobaneng motho a kgetha lebitso lena. Nakong eo bana ba neng ba qobellwa ho sebedisa mabitso a Senyesemane, mabitso a kang sexpo kapa sex machine a ne a utlwahala a le moante.
TSA DINALEDI
mPHO E KGOLO
Pele sebohodi sena sa mananeo a dipuisano se tuma, se ne se tle ho Aretha Franklin sa bolela ha se sa natswe. Aretha o ne a nehe Oprah R800. Oprah o ne a sebedisetse tjhelete eo ho dula hoteleng. [s]
NNETE
Kgauta e mawatleng e ngata ho feta e seng e rashuwe lefatsheng
RE BOTSE: Na o na le dipotso tseo o ka di botsang? Ngolla ho: Miss Know-all, Box 32083, Mobeni, 4060.
