sotho.117.Shoprite Adv
Mesh back scrubber, R9,99
8 piece bath set in bag, R29,99
ya papatso
Ntlafatsa tjhebeho ya hao ha
Ho o thusa tlhokomelong ya letlalo la hao, Shoprite e o neha theolelo ya R2 dihlahisweng tsa ha Pond's
KAOFELA re a tseba hore re tlameha ho hlokomela letlalo la rona re latele molao, re 'hlape, re le tlole le hona ho le hlokomela'. Empa ba ba kae ho rona ba etsang seo" Ho bobebe le Shoprite. Shoprite e utlwisisa mosadi wa sejwalejwale e bile hape e a tseba hore o hloka ho hlokomela dintho tse ngata mmoho le sebele sa hae.
Moreki ya bokgabane o a tseba hore a ka fumana ditlolo tsohle tsa hae, tsa letlalo, moriri, manala, matsoho le mmele ka manane a tlase ha Shoprite. Ntle le seo, moreki ya bohlale a ke ke a dumela ho lefa ho feta lenane la ha Shoprite. Shoprite e tla o bebofaletsa dintho - jwalo ka mehato ena ya letsatsi le letsatsi tlhokomelong ya letlalo.
IPHOTLE Sebedisa sesepa se sa omeletseng se kgonang ho hlwekisa le hona ho tlosa tshila e letlalong la hao. Sena se bohlokwa jwalo ka ha letlalo la rona le dutse le le poyaneng ya ditshila.
Ha re bua ka cleanser, re bolela sesepa se se nang metswako ena e siyang letlalo la hao le omeletse le hulehile ha bohloko.
TONE Tlosa sesepa se saletseng mme o ntjhafatse letlalo la hao, o le nolofatse ka setlolo.
LE HLOKOMELE Re bolela o le Pudufatse, o le Nolofatse o be o le Hlokomele, ho tla ya ka mofuta wa letlalo la hao.
MONYA MAFURA Batho ba nang le mathata a letlalo jwalo ka le letlalo le mafura, ba hloka vanishing cream e tlang ho monya le hona ho laola mafura ao a letlalong
LE NOLOFATSE Letlalo le dutse le lahlehelwa ke metsi a bohlokwa mme le omelle, ho ka thibela seo, sebedisa senolofatsi ho thibela ho omella ha letlalo.
LE HLOKOMELE Hlokomela letlalo la hao o netefatse hore o sebedisa ditlolo tse le sireletsang kgafetsa mme ho tla ya ka mofuta wa letlalo la hao, ha le omeletse o tla tlameha ho sebedisa setlolo se nolofatsang bosiu. [s]
Shoprite
B3043/06 Setshwantsho: GREATSTOCK
