sotho.1172.legal
O se leke le wena!
BOTHATA
Ke na le khampane e kobollang dikoloi mme ke neha bareki ba ka tiisetso ya kgwedi. Ke ne ke kobollele motho e mong koloi mme ka mora dikgwedi tse nne, o ne a kgutle a bolela hore e robehile gearbox, a re ke e lefe.
Nna ke otlolotse bonete le lemati feela, ha nka ba ka thetsa gearbox.
Ke fumane lengolo la leqwetha la monna enwa le bolelang hore ke nna ya robileng koloi ena mme le mpolella hore ha ke sa lefe le tla nthomella samane
Nka etsa jwang?
MB, Kapa
KELETSO YA SCORPION
Re a leboha ka ho re romella dikhophi tsa diresiti (tse re bontshang le dipehelo tsa tiisetso ya hao) eo o e nehileng monga koloi esitana le ena ya ho lokiswa ha gearbox. Tsena tsohle di tla re bebofaletsa mosebetsi. Ho qoswa ka phoso eo e seng ya hao, ke ntho e tlwaelehileng mosebetsing ona wa ho kobolla dikoloi. Ka lehlohonolo, molao o tla o sireletsa tabeng ena.
Seo ba ka o qosetsang sona, ke ha mohlomong wena o sebedisitse thepa e seng ya maemo mosebetsing wa hao kapa mohlomong e re nakong eo o kgannang koloi eo, e lemale.
Empa potso e kgolo ke hore, ke eng e bolaileng gearbox ena eo re buwang ka yona? Na gearbox ena e ka bolawa ke ho kgannwa dikgweding tse nne tse fetileng?
Resiti ya hao e a hlakisa hore tiisetso ya hao ke kgwedi feela mme le haeba phoso e le ya hao, ho se ho fetile dikgwedi tse tharo kaofela, ho bolelang hore e fetile nako eo.
Hore tletlebo ena e tle e utlwahale, monga koloi ena o tlameha ho hlakisa tse latelang...
o dumetse ho lokisa koloi le yena a dumela hore o tla o lefa;
ka bobedi le ile la utlwisisa hore nakong eo koloi e lokiswang, wena o tla ba hlokolosi o qobe ho senya eng kapa eng ho yona;
o sebedisitse thepa e seng maemong ho lokiseng koloi mme ka lebaka la seo, gearbox e bile le mathata kapa o ile wa kganna koloi bohlaswa mme ya robeha. Ha a ka kgona ho hlakisa dintlha tsena, a ka atleha boitsekong ba hae.
Re letseditse monga karatjhe e neng e lokisa gearbox. Re mmotsitse se bakileng mathata ho gearbox. Hore na e robilwe ke ho kgannwa feela?
Monga karatjhe o hlalositse ha ho senyehile dibolwana tse pedi ka hara gearbox, e leng se etsang hore dikiyare di se tjhentjhehe. O boletse hore ditshepe tsena di senyeha haeba di kgwesitswe ka tsela e fosahetseng kapa e se e le nako e telele di ne di qetele ho tjhentjhwa.
O boletse hape hore ho a bonala hape hore gearbox ha e soka e bulwa. Re ile ra mo kopa hore a etse lengolo la boikano (affidavit) hore yena jwalo ka setsebi sa mosebetsi ona, tlhahlobo ya hae e bontshitse hore gearbox ena e se e tsamaile sebaka se ka hodimo ho 200 000km mme ho a bonahala hore ha e so ka e bulwa, hape ha ho le matshwao a ho kgannwa bohlaswa ha yona.
Re a tshepa hore monga koloi a ke ke a kgona ho hlakisa dintlha tsena kaofela.
Ha jwale re ntse re lohotha ho romella leqwetha la motho enwa khophi ya lengolo lena la boikano mmoho le leo re mo ngoletseng lona.
Re a tshepa hore ha leqwetha lena le fumana mangolo ana, le tla eletsa motho wa lona hore a tlohele taba ena hobane ha bonahala a se na ho atleha mme ha re kgolwe ba sa tla o romella disamane [s]
BONA SESOTHO December 2008
KELETSO YA MOLAO
SE NKILWE KE DIBONTSHI
MONAHANO O MOTLE
Re leboha mobadi enwa ka ho boloka diresiti tsena ka bobedi. Ena ke ntho e tlamehang ho etswa. Matsatsing a kajeno, moo re sebedisang tegniki ya dikhomputara, ho bohlokwa haholo ho feta pele ho boloka ditokomane tsa kgwebo.
Kopa khophi kapa o e boloke ha o na le yona, ke bolela khopi ya ditokomane tsa bohlokwa! O se ithetse o nahane hore e "bolokehile" ha e le ho disk.
O se leke o nehelane ka tokomane o sa itshiela khophi!
O e tlisetswa ke ba ha BONA Legal Advice, Box 32083, Mobeni, 4060 - o ka fumana monyetla wa mahala wa ho bua le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohaleng kapa dikantorong tsa bona hohle naheng ena.
Re netefaditse hore dikeletso tsohle; tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe
ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa balaodi ba yona le BONA mmoho le baphatlalatsi ba yona, ba ke ke ba rwala boikarabello ha motho a hlotswe ke nyewe hobane a latetse dikeletso tsa rona.
BONA SESOTHO August 2008
