sotho.1158.generations
BONA SESOTHO - February 2006
Ke ya Hao ka Molao
O e tlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection
Ntlo e mongobo
Ka Pherekgong 2005, ke ne ke reke ntlo ka thuso ya khampane e nngwe e tsebisahalang thekisong ya matlo. Ka mora hore ntlo e ngolwe lebitsong la ka, ke ne ke qale ho hlokomela hore ho na le metsi a runyang ka hare. Ka mora dikgwedi tse tharo lebota kaofela la be le fopha metsi a neng a ka qetella a entse diphororo hoja ebe re ne re sa a hlakole nako le nako...
Ka kopa thuso khampaneng e lwantshang mongobo mme bao ba mpolella hore ntlo eo e ahilwe hodima sediba, ke mathata a yona a dilemo. Ba mpontsha ditshwantsho tsa ka moo monga yona wa pele a neng a dutse a kwala mapatso ho yona ka teng, a thiba metsi ka mona le ka mane - tsena tsohle ke ile ka di patelwa ke khampane e rekisang matlo.
Moahisane wa ka le yena ha ke bua le yena o ne a makale hore ha ke tsebe taba e kgolo hakaalo mme a mpolella hore ke mathata a ntlo eo a kgale, a re bohle ba a tseba ka yona. Ditjeho tsa mosebetsi oo ebile R20 000.
Ke nahana hore morekise wa ntlo mmoho le khampane e nthekiseditseng yona ba nketseditse bolotsana bo tshabehang hobane ba ne ba tseba ka taba ena empa ba mpatela. Ha se toka hore ebe ke kene ditshenyehelong tse kaalo ka mathata ao ba neng ba a tseba hantle. Ke etse jwang"
JW, Joburg
lMongobo ona wa ntlo o ne o patilwe mme hape ke mathata ao ho seng bonolo hore motho a a bone di tloha feela. E fela e le bolotsana ho rekisetsa motho ntho e nang le mathata a patilweng.Leha ho dumellanwe hore ntho o e rekella le mathata a yona empa bolotsana ha bo a amoheleha.
Leha ho le jwalo, wena moreki, o lokela ho hlahisa bopaki ba hore ntlo eo o e rekiseditswe e ena le mathata ao a mongobo, le metsi a kollang mme hape o tla hlahisa bopaki ba hore...
tMorekise o ne a etse eka ha ho mathata ntlong eo empa a le teng.
tMorekisi ke monga ntlo eo mme o tseba sohle ka yona.
tMorekise o ne a tseba ka mathata ao empa a o patela. Ho bonahala ekare tseo re di boletseng ka hodimo ke se etsahetseng ho wena. Re dumela hore o tseba ditshenyehelo tseo o keneng ho tsona kaofela tseo o lokelang ho di lefellwa ke khampane e rekisang matlo le morekise wa ntlo eo. Se lebale ditjeho tsa nyewe le tsa ho lokiswa ha ntlo. Athe ha o ile wa tlameha ho tswa ka tlung nakong eo e lokiswang, o lokela ho lefellwa le ditjeho tsa bodulo boo.
Hang ha o se o tseba hore o lahlehetswe ke bokae, o lokela ho ngolla khampane eo ya matlo le monga ntlo eo wa pele o ba laele ho o lefella ditshenyehelo tseo. Lengolong o tla ba bolella hore ba lefe ditshenyehelo tseo pele ho matsatsi a mararo mme o ba tsebise hore ha ba sa etse jwalo, o tla ba romella samane. Ha ba sa o lefe, o tla lokela ho ikopanya le mmuelli wa hao ya tla o thusa ho hlahlela nyewe ena lebitsong la hao.
Re na le tshepo e tiileng ya hore o tla kgona ho fumana tjhelete ya hao kaofela e o lahlehetseng o lokisa ntlo eo. [s]
Re entse matsapa ohle a ho netefatsa hore dikeletso tsa rona ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa ka tshwanelo mme ba ha Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa yona esitana le ba ha BONA mmoho le baphatlalatsi ba makasine ena, ba keke ba rwaka boikarabello ba ditshenyehelo tseo motho ya latetseng dikeletso ya bona ka mokgwa ofe kapa ofe a keneng ho tsona.
Romela mathata a hao ho: BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060. Scorpion e fa bohle ba re ngoletseng ka mathata a bona lengolo le ba dumellang ho buisana le mmuelli mahlomahlong metsotso e 30, a le kantorong e nngwe ya bona naheng ena kapa o bue le yena mohaleng.
CAMILLA WALDMAN o dutse a sebetsa ka thata hore a dule a makaditse babohi phirimaneng e nngwe le e nngwe hara beke. Ngwahola o ne a qete nako e telele le ba rekisang ka mmele mane Jozi, a etsa diphuputso ka karolo eo a neng a tla e bapala - mme e re ha a leba lapeng a sireletse manala a hae ka di-gloves.
"Kajeno wiki le manala ao a malelele ke tsona dintho tseo Anne a tsebisahalang ka tsona," ho rialo yena.
"O ne a qale a rekisa ka mmele moo diterateng mme a qetella e se e le monga sebaka sa ba rekisang ka mmele sebakeng se seng se pele kantle ho Joburg se neng se etelwa haholo ke borakgwebo.
"Ka mora moo, o ne a kopane le Tau (Rapulana Seiphemo), a tla le molao wa hae o motjha wa ho ratana le moreki wa hae."
Ke yona tsela eo Anne a neng a kene ka yona paleng ya Generations. O ne a mo rata Tau, empa a lahlehelwa ke yena ha a ne a ratana le mohaladitwe o Karabo (Connie Ferguson).
Ho tloha nakong eo, Anne a kenya bolotsana ba hae ba tsa thobalano kgwebong.
Kajeno ke mosadi ya mobe haholo paleng ena. Le basadi ba a mo tshaba: o ne a qetelle a fumane diabo khampaneng ya tsa kgatiso, Ezweni Publishing Group, ka ho qhekella Busi (Leleti Khumalo), mme a qetella e le mohlophisi wa makasine.
Haeba o nahana hore o feletse moo, o a ithetsa. Tsohle tseo o di boneng di etswa ke Anne, e sa le dinyane, dikgolo di sa tla - o rata ho iphetetsa ho abuti wa Busi, Sibusiso 'Ngamla' Dlomo (Menzi Ngubane).
Seo a ikemiseditseng ho se etsa, ke ho kena kgwebong ka mahahapa a maholo mme ke ka hona a ipatlang Ezweni.
Ngamla ke mohlola-o-dietsa mme ha a sa hopola sehloho seo a kileng a se etsa ho Anne dilemong tse fetileng. Kajeno eka molamu o tla boela sefateng.
Anne ke yena sebapadi se pele selemong sena sa 2006, ho rialo sengodi sa pale ena ya Generations, Tanya Tiedje.
"O tsebisahala haholo ho babohi mme ho re nkile nako e telele ho mmeha maemong ao a leng ona.
"Ho sa na le dikamatso tse ngata tseo re tla di bona ka yena."
Camilla o re mokgwa oo a ratang ho iphetetsa ka ona ho Ngamla, ke wa ho fumana tjhelete. "Ha ho seo a se tshabang. Ke molotsana ya tsebisahalang - o tseba hampe ho lopetsa banna mme a etse hore basadi bona ba nne ba mo utlwele bohloko."
Ha a tswafe ho ikaketsa, e be phiri e apereng letlalo la nku, a lohe maano a ho tshwasa diphofu tsa hae," ho rialo Camilla. "Empa bonneteng e be e se seo batho ba se bonang, e be e le diabolosi ka sebele ya ratang ho timetsa mang kapa mang ya emang tseleng ya hae."
Ho bapala karolo ya senokwane ke toro e pele paleng efe kapa efe ya marato. Generations e hapile babohi ba bangata dilemong tse fetileng ka dibapadi tse kang Ntsiki Lukele (Pam Nomvete), Julia Motene (Xolile Tshabalala) mme jwale ke Anne.
Sophie Ndaba, ke e mong wa dithatohatsi paleng ya Generations mme o se a bapetse karolo ya Queen Moroka dilemo tse ka hodimo ho tse leshome jwale.
"Sophie o ne a ntlhokomedise hore ke tla kopana le mathata a mangata karolong eo ya Anne de Villiers," ho rialo Camilla.
Empa leha ho le jwalo, ha a tshwane hohang le Anne bophelong ba hae ba nnete. "Ha ke rate ho tena batho," ke yena eo ka boswaswi. Ha ke se mosebetsing, lelapa la ka, ngwanaka le monnaka ke bona mohlodi wa thabo ya ka.
"Ha ke tswa mosebetsing ke rata ho leba lapeng ke yo phehela ba lelapa la ka.
"Setumo sa ho hlahella papading e tummeng jwalo ka ena, e se e le ntho a e tlwaetseng.
"Ha ke ne ke qala ho Generations, ngwahola, ke ne ke le motshwari wa ba rekisang ka mmele, ha ke ne ke kopana le banna mona diterateng, ba ne ba tlwaetse ho nkgaruma ba re: 'Hobaneng o etsa sena"'
"Empa banana bona ba ne ba nkgula ka mona le ka mona ba re, 'Re batla mosebetsi, Anne.'" [s]
O batla ho iphetetsa!
Thobalano, bolotsana le diketso tse mpe - ke tseo Anne de Villiers a tummeng ka tsona paleng ya Generations ho TV...
pale ka DOUG GORDON
BONA SESOTHO - February 2006
"Wiki eo e ntsho le manala a hae a malelele ke tsona dintho tseo Anne a tsebisahalang ka tsona," ke yena eo.
Manala a malelele le merero e mebe
