sotho.110.rain making
naheng ya Mofumahadi wa Pula
Badimo ha ba sa mamela
MMILA wa teng o matswedintsweke, o kenang Bolobedu, o setsing sa Khethakoni, Motseng wa Moreneng wa ha Modjadji. Ke hona mona moo Mofumahadi wa Pula wa setjhaba sa Balobedu a neng a hlola a phethile moetlo ona wa ho bitsa pula teng dilemong tse yang ho 200 tse fetileng.
Ho thwe le mehleng ya Morena Shaka ha komello e ne e haketse naheng ya Hazulu, morena o ne a etela Balobedu ho ya theha selekane sa kgotso le yena hore ba tsebe ho fumana pula.
Dithaba tsa Khethakoni di ne di dutse di aparetswe ke mohodi empa matsatsing ana o apohile, matlo a setjhaba sa Balobedu a ahilweng ka mobu o a bona hantle.
Ho a phethesela, setjhaba se iketsetsa mesebetsi ya letsatsi, bang ba eme meleng e melelele ya ho kga metsi. Ka Mphalane, ha lehlabula le thwasa, ke nako ya mokete wa pula.
Batjha le ba baholo, barui le bafutsana, ba tswang hole le haufi, ba ne ba kgobokana ho tla shebella ha malapa ana a Leloko la Moreneng la ha Modjadji - la ha Mathekga, Masopha, Morwatshehla, a kopana mmoho ho bitsa pula.
Selemong sena ho bile mokgelo, ke lekgetlo la pele mokete o etellwa pele ke monna.
Mahleu
Kgosana Mpapatla o bua le badimo ba habo ka nako eo ho ntseng ho tshelwa mahleu a teng a bitswang "mophapo," moo "Thokoleng" (sebakeng sa bona se halalelang).
A nweswa Mokgadi, kgomo e ntsho e rehellwang ka e mong wa ba leloko la moreneng.
Ka mora moo mophapo ona o nehwa lelapa kaofela hore le nwe - le alafehe mafung mme hape le be le mahlohonolo. Ka mora moo ebe nako ya nama, ho nowe jwala ba setho, ba ithokang ba ithoke.
Ka mora matsatsi a mmalwa, ho lebellwa pula...
"Pula e nkwa e le tlhohonolofatso setjhabeng sa habo rona," ho bolela Jones Modjadji, tau ya kgale eo e leng setho sa Komiti ya Moreneng. "Re dumela ho badimo mme re dumela le hore ba kgona ho buisana le rona ka mokete wa pula. Ke rona feela batho ba nang le matla a ho bua le badimo bakeng sa ho kopa pula."
Empa ba bang ha ba dumele jwalo mme moetlo ona ka 2007 o bile le diphehisano tse kgolo.
Lenaka
Mokotaba moketeng ona eba lenaka lena le makatsang leo e sa leng e le la Moreneng wa Modjadji ho tloha maqalong a dilemo tsa bo 1800.
Haufinyane ba ha Mokoto, bao le bona e leng ba leloko la boreneng ba ha Modjadji ba sa tswa tshosa setjhaba ha ba bolela hore ke bona dihlooho lelokong la boreneng ba ha Balobedu ba ha Modjadji.
Ba bile ba bolela hore lenaka leo ba ha Modjadji ba bitsang pula ka lona, hantlentle ke la bona. Ba re ba ne ba le nehwe ke baholo ba habo bona, ke ka hona mehleng ya boholoholo pele ba ha Modjadji ba ne ba ka etsa mokete wa pula kapa o mong feela wa badimo ba ne ba qala ka ho buisana le ba ha Mokoto.
Ebe ke ka hona ho seng pula e ntle dilemong tse"
E, ka mora lefu la Mofumahadi wa Pula, Makobo Caroline Modjadji VI, dilemong tse mmalwa tse fetileng, baahi ba bang ba motse ba ne ba nahane hore ho tla nka nakwana pele badimo ba ka boela ba hlohonolofatsa setjhaba ka pula.
"Nako e telele pula e sa ne mme ha ke sa kgolwa le hore dipalenyana tsena tsa hore ho na le batho ba tsebang ho kopa pula e fela e le nnete kapa tjhe," ho bolela Joe Shoroma, eo re kopaneng le yena boithabisong mohla mokete oo wa pula.
Kgodumodumo
Joe o dilemo di 29 mme ke e mong wa moloko wa kajeno wa diselefoune. O phela bophelo ba sejwalejwale ba ho shebella di-DVD, ho mamela mmino wa hip-hop, e hle nnake, wa ho sebedisa le dikgohlopo hobane lefu la EITSI le haketse.
Mehleng ena ho yena ha o bua ka mokete wa ho nesa pula ho tshwana le ho mo etsetsa tshomo feela ya kgodumodumo le madimo, a jang setjhaba kaofela, tse ding tsa dipale tseo a neng a di qetele poraemari.
Empa le tau tsa kgale tse kang ntate Derrick Mmapeule (82) ba bonahala ba lahlile tshepo ka pula le setjhaba sa Balobedu.
"Mehleng ya pele, pula e ne e le ngata," o boletse jwalo a bile a sheba lehlakoreng la dithaba ekare ho ne ho ena le noka e
kgolo feela moo e neng e tsholla metsi hang feela ha ba a hlokahala.
"Ha ke bone ekare re sa ntse re ena le matla a ho nesa pula. Mehleng ya boholoholo, ke nnete sena se ne se phethahala. Ebe le mehleng ena ho sa ntse ho le jwalo""
Ha o mamedisisa mantswe a hae o hlokomela tshabo e kgolo
ya mathata ao motse wa moreneng o tobaneng le ona mme ka nako eo BONA e neng e furalla motse ona, ho ne ho se le leru feela le tshepisang hore pula e ka nna
ya na. [s]
BONA SESOTHO - December 2007
Malapa a ikgethang a kopanela moreneng ho tla kopa pula ho badimo empa ha ho nka ho tswa lemina. Ebe badimo ha ba sa mamela setjhaba sa Balobedu"
pale le ditshwnatsho ka NGWAKO WAGA MODJADJI
Mokete ona haesale o phethwa ho tloha maqalong a dilemong tsa bo 1800.
KA HODIMO: Mofu Mofumahadi wa Pula, Makobo Caroline Modjadji VI.
KA HODIMODIMO: Mahleu a moetlo a bitswang "mophapo," a tshelwa sebakeng se halalelang se bitswang "Thokoleng."
BONA SESOTHO - December 2007
