sotho.1098.trivia
E a makatsa! E a qabola! Dintlha le marangrang a bana ba dilemo tsohle!
DISTRICT Six e ne e thehwe ka 1867 ya eba "Masepala wa bo tshelela wa Setereke mane Kapa." Mafelong a selemokgolo, ho ne ho se ho na le batho moo makgoba a neng a fumane bolokolohi, dibetli, borakgwebo le ba tswang dinaheng tsa kantle. Ka dilemo tsa bo 1940, District Six, e ne e se e tumme ho yona ho dula diroki, dibini, batjeki le ba mesebetsi ya matsoho.
Mmuso wa kgenthollo o ne o e nke e le sebaka sa bonokwane, dipapadi tsa ditjhelete le sa diotswa. Ha ba a ka ba bolela hore District Six e ne e le haufi le setsi sa toropo, Thaba ya Tafole, kou hore e tle e be sebaka se bitsang!
Mohla la 11 Hlakola 1966 District Six e ne e phatlalatswe jwalo ka sebaka sa makgowa feela mme batho ba tlwoswa dilemong tse pedi tse latelang. Ka 1982, batho ba ka bang 60 000 ba ne ba thothelwe makeisheneng a kang Cape Flats sebaka se bohole ba 25km.
Kgatello ya matjhaba e ne e etse ho be boima ho ntlafatsa sebaka sena mme sa sala ho se motho ho sona ka mora ho dihuwa ha matlo.
Dipapadi tsa mefutafuta
TSA BANA
Bontsha tsebo ya puo ya heno. Setshwantsho ke mohlala wa seo o se bonang.
Lebitso lena le bolela ho "hlwekisa" kapa ho "hlweka," February (Hlakola) ke yona feela kgwedi e matsatsi a ka tlase ho 30.
Hangata, e ba le matsatsi a 28, empa selemong sa bone, e ba le a 29 mme seo se bitswe selemo se "Hlotsang" hobane matsatsi a kgwedi ena a ebe a sa lekane le a tlwaelehileng.
Se latelang se tla ba ka 2012.
KGWEDI ENA AFRIKA BORWA
1960
February 3: Tonakgolo ya Brithani Harold Macmillan o ne a tshetlehe puo "Wind Of Change" palamenteng, Kapa.
1982
February 5: Moetapele wa mekgatlo ya basebetsi Neil Aggett o ne a hlokahalle diseleng tsa mapolesa
1990
February 2: Mopresidente FW de Klerk o ne a qete kgenthollo mme a re Nelson Mandela a lokollwe, ANC, PAC Mokgatlo wa Makomanisi, di bulwe melomo.
February 11: Nelson Mandela o ne a lokollwe tjhankaneng ya Victor Verster
1996
February 3: Bafana Bafana e ne e hlole Tunisia ka 2-0 e hapa Mohope wa Afrika ka 1996 Soccer City, Joburg
2000
February 22: Sefefo se bitswang Eline se ne se hlasele lebopo la Beira, Mozambique, sebaka se ka leboya se ne se se thefulwe ke dikgohola. Moya o ne o foka ka lebelo la 260km/h. Sesole sa Afrika Borwa se ne se thusetse ka difofane tsa dirwalankgwana.
2005
February 20: Dalene Matthee, sengodi sa buka - Fiela Se Kind le tse ding, se ne se hlokahale.
ke sebaka se fe se tjhesang ho feta lefatsheng?
HLAKOLA Thekong? Ka kgwedi ena Thekong e tshwana le sebaka se tjhesang ho feta lefatsheng, mme motjheso wa teng o ballwa ho 30oC, empa ha e nke letho ho... Libya!
Mohla la 13 Loetse 1922, sebakeng se bitswang El Azizia, motjheso o ne o finyelle ho 58oC - motjheso o phahameng o kileng wa ba teng.
Se batang? Mohatsela o kileng wa utlwahala lefatsheng ke wa -89oC mane Vostok, Antarctica, mohla la 21 Phupu, 1983.
Metsi a phororo ya Angel mane Venezuela a lepella sebaka sa 979m mme ena ke yona phororo e kgolo lefatsheng.
Marangrang a ditshwantsho
Setshwantsho ka seng ke mohlala wa seo o tlamehang ho se ngola masakaneng.
LETSATSI LA VALENTINE
Kaofela re a le tseba, ha ho jwalo? Tse ding tsa "tsatsi lena la lerato:"
1 Ha re tsebe hore le reheletswe ka Valentine o feng hobane o ne a se mong Mohalaledi ya neng a na le lebitso lena.
2 Letsatsi la pele la amanya letsatsi lena le lerato le bile ka 1382. Ke kgale haholo!
3 Dilemong tsa bo 1400, mane Paris, ho ne ho ba le "Lekgotla la Dinywe tsa Marato" ka la 14 Hlakola selemo le selemo, ho dinthong tse kang bohlola, merusu kgahlano le basadi le mathata a lenyalo. Baahlodi ba ne ba kgethwa ke basadi ka mora ho ba phafa.
4 Karete tsa tsatsi lena di ne di qale Englane ka 1800.
5 Kajeno, Hlakola 14 ke ya bobedi ka ho rekisa dikarete tsa ditakaletsos e latela Keresemese.
6 Melaetsa e 85 lekgolong ya Valentine e romelwang, e romelwa ke basadi.
MOHLODI: Encyclopedia Britannica, Big Book Of Strange Facts, Guinness World Records, Wikipedia, That's Amazing!
