sotho.1093.burton
BONA SESOTHO - April 2007
579
pale ka MARK GLEESON
ditshwantsho GETTY IMAGES/GALLO IMAGES
HO FELA ha selemo sa bolo, ho bolela ho fela ha diphehisano tse ngatangata tsa ho nahanela hore ke sehlopha se fe se bonahalang se tla nka sekola sa PSL.
Qetellong, sebapadi sena se dilemo di 38, se dihela dikgala mosebetsing wa sona wa bolo.
Burton o robile rekoto ya dipapadi tse 511 ho balwa tsa liki le tsa mehope tsa Neil Tovey mme ho bonahala ho ka nna ha hana hanyane feela hore a kopanye 600 mafelong a selemo sena sa bolo.
Mafelong a Hlakola, o ne a na le dipapadi tse 579, empa jwale o dutse a behwa kantle kgafetsa jwalo ka ha mokwetlisi, Roger de Sa, a rata ho pana thaka ena e tshesane.
Ho boima ho sebapadi sena sa morao sa Kapa hore se qothisane lehlokwa le thaka ena e tshesane, e seng hobane feela a se a atametse 40 ya dilemo, empa hobane o nyantsha mafahla, ke sebapadi ka ho le leng e be motsamaise ya ka sehloohong wa sehlopha.
Leha a bona hore le se le hlahlamela dithaba ha re bua ka papadi ya bolo ho yena, empa Burton o ntse a tsitlallela taba ya hore yena o ntse a le morolo.
"Mollo o ntse o tuka, mme ke ntse ke na le takatso ya papadi," ke yena eo ka mora ho bapala dilemo tse 17 tsa bolo bolong ya boemo bo hodimo.
BURTON o ne a qale ho bapalla Santos ho Federation Professional League. Ho tloha moo, Santons e ne e nyollelwe maemong a NSL moo Burton a neng a qale ho bapala ho yona ka 1992.
O ne a ye ho baahisane, Cape Town Spurs, ka 1994 moo a neng a dule dilemo tse pedi a ba thusa ho hapa liki ka 1995.
Ka nako eo, o ne a bapala le dibapadi tse kang Andre Arendse, Shaun Bartlett, David Modise le David Nyathi, ba bapadileng ho Bafana Bafana dilemolemo.
O ne a tle ho AmaZulu dilemo tse tharo pele a boela ho Santos ka 1998. Ka 2002, nakong eo e leng mokapotene, o ne a thuse sehlopha sa hae ho hapa liki tlasa bokwetlisi ba Gordon Igesund.
Maele a hae a bobebe: "Dibapadi ha di a tlameha ho thabela ho bapala feela motho a fumane moputso ha kgwedi e feela.
"O tlameha ho ba bohlale...o sebeletse ho atleha."
SANTOS e ne e qale ho beha Burton leihlo a le dilemo di 14 feela mme o ka bona hore e se e le nako e telele a le ho "People's Team."
Burton o kile a bapalla naha makgetlo a mabedi leha a bapadile lekgetlo ka leng ka mora dilemo tse hlano.
O ne a kgethwe ke Clive Barker tonamenteng ya Dinaha tse Nne mona Thekong ka 1996, o ne a bapale lekgetlo la pele kgahlano le Kenya moo Quinton Fortune le yena e ne e le lekgetlo la pele a bapalla Bafana Bafana.
Ka mora ho ho fela ha tumellano ya hae le sehlopha, ka mora hore Santos e hape liki ka 2002, Burton o ne a bitsetswe sehlopheng sa naha ke Jomo Sono moo ba neng ba bapale papading ya setswalle kgahlano le Ecuador mme ka nako eo o ne a le dilemo di 33.
Empa qetellong, Burton ha a ka a ba a bitswa ho ya Mohopeng wa Lefatshe o neng o le mane Korea Borwa le Japan leha a ne a bapadile ka bokgabane.
Hape o ne a phoqehe nakong eo a neng a le kwano Thekong sehlopheng sa AmaZulu moo sehlopha sena se neng se hlolehe ho hapa leha e le kgau e le nngwe feela.
"Leha ho ne ho ntse ho le teng dihlopha tsa Gauteng tse neng di ntse di mpatla, empa ke ne ke kgethe ho boela Kapa," ke yena eo.
O ne a sa itsebe hore na a boele ho Santos e neng e batle e ya hlatheng selemong seo kapa tjhe.
Empa ka mora ho fumana tiisetso ya sehlopha ya hore ba tla reka dibapadi tse ding, ke ha Burton a saena tumellano mme sehlopha seo sa fela sa qeta selemo seo se le bohareng ba loko.
"Ke ne ke thabele ho boela ke bapala le batho bao ke hotseng le bona," ho rialo Edries Burton. "Ha ke ikwahlaye ka ho boela ho Santos. Ha o bua ka Santos, se fihlang dikelellong tsa batho ke lebitso la Edries Burton."
Ha ho ba bangata ba ka o phehisang ho seo. [s]
ao ke makgetlo a seng a a bapetse liking
O bapallela
KATLEHO
Ha o bua ka Santos, batho ba nahana ka Edries Burton. Jwale mokaubere ona o beha meja fatshe - empa ha a tswe sedikadikweng sa bolo...
BONA SESOTHO - April 2007
LE LETSHEHADI: Leha a le dilemo di 39, empa Burton o ntse a itseka ha a le ka lebaleng.
u
102 BONA SESOTHO - April 2007
"Mollo o ntse o tuka, ke ntse ke na le tabatabelo," ho rialo Edries ka mora dilemo tse 17 a le bolong ya profeshenale.
t
Ke ne ke thabele monyetla wa ho kgutlela Kapa
"Ke ne ke be motlotlo ho bapala le metswalle, batho bao ke hotseng le bona," ho rialo Edries Burton wa Santos.
