sotho.1081.triviaug
Sekepehadi!
Fumana lentswe
Maqephe a boithabiso a BONA
BONA SESOTHO - August 2006
Lenaneo le pele la bana la thuto lefatsheng ke Sesame Street, leo o ka le fumanang dinaheng tse fetang 180. Sena se kopanyetsa le Afrika Borwa (le BONA!), moo le bitswang Takalani Sesame.
Fumana mantswe ka ho bala o lebisa pele, morao, hodimo, tlase kapa o tshekalle. Bala o sa tlole tlhaku. Etsa sedikadikwe lentsweng leo o le fumaneng mme o le hlakole lenaneng le ka thoko.
Baywatch ke yona e tshwereng rekoto ya ho ba le lenaneo la TV le nang le babohi ba bangata ba ka bang 1,1 bilion ka lebaka la setumo sa yona.
Sekepe sa ntwa sa Amerika, American Nimitz se sebetsang ka matla a nuclear ke sona se seholo ho feta lefatsheng.
Sekepe ka seng se bolelele ba 333m, bophara ba 76,8m, mme se ka kgona ho rwala difofane tse 85.
Lebelo la sona le lekanyetswa ho 30 knots, kapa 50km/h.
Se bitsa $4,5 billion le $160 million ho se sebedisa ka selemo. Se na le basebeletsi ba 3 200, mmoho le ba bang ba 2 480 ba shebaneng le difofane.
Dipapadi tsa mefutafuta
Pale e pele ya marato ho TV: Dallas e bohwa dinaheng tse 90 lefatsheng
BMW
BMW ke kgutsufatso ya Bayerische Motoren Werke - Bavarian Motor Works.
Khampane ena ya Jeremane e ne e thehwe ke Karl Friedrich Rapp ka Mphalane 1913, e ne e thehwe e le e hlahisang di-enjine tsa difofane.
Mmala o bolou le bosweu o letshwaong la ha BMW o ntse o bontsha mebala ya folakga ya Bavaria mme hape e bontsha le letshwao la bona la enjine e tshweu mmaleng o bolou.
Ka 1919, BMW e ne e akanye enjine ya pele ya sethuthuthu. Sethuthuthu sa bona sa pele ke R32 seo ba neng ba se ahe ka 1923.
BMW 3/15 ke koloi ya pele ya ho ahwa ke khampane ka 1927. Ka 1933, e ne e qale ho hlahise tse ding tsa dikoloi tse pele lefatsheng.
Khampane ena e ne e hule ka thata ka mora Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, jwalo ka ha dikoloi tsa yona di ne di tura haholo. Ba ne ba etse matsapa a ho rekisetsa ba Mercedes khampane eo.
Herbert Quandt ya neng a na le diabo tse ngata kgwebong eo, o ne a dumellane le qeto eo, empa a fetola mawa ka motsotso wa ho qetela ka lebaka la kgatello ya basebetsi mmoho le mokgatlo wa basebetsi esitana le keletso ya modulasetulo wa boto ya balaodi, Kurt Golda. Seo Quandt a neng a se etse, ke ho atisa diabo tsa hae mme a etsa diphetoho khampaneng ya BMW.
Mane dipontshong tsa Frankfurt ka 1961, BMW ya hlahisa mofuta o matla wa 1500, o neng o na le di-disc brakes mabiding a ka pele mme mabidi a teng bone ba ona a ikemetse. Mofuta ona ke ona o neng o etse khampane ena e tume haholo.
Bohareng ba dilemo tsa bo 1990, ya bula lekala la yona, Rosslyn, la dikoloi tse pele ka R1 billion mona Afrika Borwa. Lekala lena jwale le romela dikoloi tse 50 000 tsa mofuta wa 3 series dinaheng tse kang USA, Japan, Australia le Middle East.
Bontsha tsebo ya puo ya hao. Setshwantsho ke mohlala, ke eng lebitso la seo o se bonang?
BONA SESOTHO - August 2006
Thatolla
BONA SESOTHO - August 2006
Maqephe a boithabiso a BONA
Sohle ka...
Statue Of Liberty
E fumaneha mane Liberty Island nokeng ya Hudson - ha o kena New York - lebitso la nnete la sehopotso sena sa koporo ke "Liberty Enlightening The World."
Sehopotso sena se ne se bulwe semmuso mohla 28 Mphalane 1886 e le mpho e tswang Fora mme se ne se bitswa Frederic Bartholdi.
Setshwantsho sena se bontsha Lady Liberty a tshwere thotjhe ka ho le letona le letlapa ho le letshehadi. Letlapa ke sehopotso sa letsatsi la tokoloho "JULY IV MDCCLXXVI," kapa Phupu 4, 1776. Le leng la maoto a hae le eme hodima ketane e leng se bontshang tokoloho. Mahlasedi a supileng a katibeng ya hae a bontsha mawatle a supileng kapa tsona dikontinente tse supileng.
Bophahamo ho tloha fatshe ho ya thotjheng ke 93m, ho tloha thotjheng ho ya hodimo teng ke 46m.
Ka 1903, thothokiso ya Emma Lazarus, The New Colossus e ne e ngolwe moo maotong a sehopotso seo. Seratswana sa yona sa ho qetela se baleha jwana:
Give me your tired, your poor,
Your huddled masses yearning to breathe free,
The wretched refuse of your teeming shore.
Send these, the homeless, tempest-tost to me,
I lift my lamp beside the golden door!
A QHOMA KA KATLEHO! Ka 2:45pm Hlakola 2, 1912, Frederick Law o ne a etse dipontsho tsa ho sebedisa diparatjhuti a tloha thotjheng e mane ho Liberty. Tumello ya ho etsa seo o ne a fumane ho moetapele wa sesole sa sehlekehleke seo. The New York Times e ne e tlalehe hore "Law o ne a qhome ho tloha sebakeng se ka bang 75ft, a bonahala a tshwana le motho ya seng a shwele pele a fihla fatshe, empa a fihla a wa hantle leha a ne a hlotsahlotse hanyane.
Hlahlamanya mantswe ao ka nepo
Basadi ba panya makgetlo a mabedi ho feta banna
NA O NE O TSEBA?
Marangrang a ditshwantsho
Masea a hlaha a se na thelledi.
Ho silafala ha moya wa ka tlung ho kotsi ha 10 ho feta wa kantle.
Ka kakaretso, mantsoho a phela dilemo tse robong ho feta manqele.
Mmele wa motho o na le mafura a ka etsang disepa tse supileng.
Diphoofolo tse makatsang
Phoofolo ena e kang noko ke e nngwe ya diphoofolo tse behelang mahe! Mofuta ona o fumaneha mane Australia.
Setshwantsho ka seng ke mohlala wa seo o tlamehang ho se ngola dikgeong
BONA SESOTHO - August 2006
