sotho.1079.Cup of Nations
Ke ntho e swabisang...
Phaphama Afrika Borwa!
Naha ena e bile tshehisa Mohopeng wa Dinaha tsa Afrika, empa he ekaba seo e bile thuto ho balaodi ba habo rona ba bolo" Jwale ke se fe se ka etswang jwalo ka ha 2010 e ntse e atamela"
BONA SESOTHO - April 2006
HO BAPALA ka mokgwa o sa jeseng ditheohelang ha Bafana Bafana Mohopeng wa Dinaha tsa Afrika mane Ekgepeta e ne e be tlhokomediso e kgolo ho Afrika Borwa jwalo ka ha e ne e le nyakallo feela dinaheng tse ka leboya ho kontinente ena.
Afrika Borwa e entse pale hore e kgutlele lapeng ho tswa Alexandria ntle le ntlha le ha e le nngwe haesale tonamente ena e ne e fetolelwe dihlopheng tse 16 dilemong tse leshome tse fetileng.
Mohlolo ke hore dilemong tse leshome tse fetileng, Afrika Borwa e ne e hape mohope ona lekgetlo la pele e qala ho o kenela.
Ho tloha nakong eo, naha ena e ne e ntse e theoha hanyane hanyane ho fihlela selemong sena re fetoha tshehisa matjhabeng.
Empa mahlatso ana a makana a ka lebiswa ho Ted Dumitru ka ho iponahatsa hore ha a na bokgoni bolong ya matjhaba.
O ne a tlohe mona ho leba Ekgepeta moya o le hodimo a tshepisa ho hapa Mohope ona wa Afrika, empa ba ne ba kgutle ba qatile matjhoba, batshehetsi ba ba hlabehetse yena le dibapadi tsa hae.
Naha ena ha e so ka e theohela maemong a bo 50 lefatsheng - ena ke ntho e swabisang haholo jwalo ka ha Mohope wa Lefatshe wa 2010 o tla be o tshwaretswe kwano.
Balaodi ba bolo naheng ena ba shebane le phephetso e kgolo ya ho fumana mokwetlisi ya tla tseba ho aha sehlopha se tla kgona ho qothisana lehlokwa le dinaha tsa matjhaba tonamenteng e tla be e tshwaretswe kwano.
Ho hong ho tsamaile hantle
Maemo a tonamente ena ya Dinaha tsa Afrika mane Ekgepeta a ne a ntlafetse haholo ha ho bapiswa le dilemong tse fetileng.
Bolo ya Afrika e bonahetse hore e maemong, dipapadi tsohle tsa tonamente ena mane Ekgepeta kaofela di ne di thabisa.
Dibapadi tsa Afrika tse bapalang Yuropa le tsona di bile le seabo maemong a bolo ya Afrika dipapading tsa tlhekelo esitana le ho tsona tsa mohope ona.
Ekgepeta e ne e ntse e lwana ho tloha e qala dipapadi tsena ho fihlela lehlohonolo le ba ka ho bona ba qetella ba hapile mohope ona lekgetlo la bohlano.
Ka ho etsa jwalo, bona e bile naha ya boraro dilemong tse leshome hore e hape tonamente ena e bapallwa naheng ya habo bona.
Ho makgaolakgang naha ya Ekgepeta e ne e hlole ya Cote d'Ivoire dipeneneng - e leng lekgetlo la boraro ho latelana ho sebediswa dipenene ho ka fumana bompodi ba Afrika.
Ba ne ba bapale makgaolakgang ntle le forose ya bona e bohale Ahmed 'Mido' Hossam ya neng a lwantshwe mokwetlise wa hae Hassan Shehata, nakong eo a neng a mo tjhentjha papading ya sekamakgaolakgang kgahlano le Senegal.
Ekgepeta ke yona e neng e hlabe dintlha tse ngata ho feta dinaha tsohle tonamenteng eo, athe le morao e ne e hlile e tiile haholo.
Sethibathibane sa Ekgepeta, Essam Al Hadari, se ne se bontshe bokgoni bo boholo dipapading tseo tse tsheletseng tsa sehlopha.
Ekgepeta e ne e thuswe ke ho fosa ntlha le penale ha Didier Drogba ho makgaolakgang esitana le nakong eo molaolapapadi wa Cameroon a ne a tima Senegal penale e neng e hlakile metsotsong ya ho qetela ya papading moo Ekgepeta e neng e hlole teng ka 2-1.
Drogba, haesale a eteletse naha ya Cote d'Ivoire pele ka papadi e bokgabane ho fihlela a fosa ntlha esitana le penale papading ya bona ya makgaolakgang e leng se neng se ntshe naha ya habo mejo ka hanong.
Empa he leha ho le jwalo, naha eo ya Ivory Coast e ne e iponahatse bokgoni ba yona haholo hakakang jwalo ka ha e le yona feela naheng tse hlano tsa Afrika tse kenetseng Mohope wa Lefatshe e fihletseng maemo ao.
Ho etsahalang ka SA"
Temana ya meputso ya dibapadi le ho se fumane nako e anetseng ya ho itlhophisa ho bolelwa ha e le tsona dintho tse bakileng hore Bafana Bafana e se atlehe. Empa ke bofokodi ba dibapadi bo entseng hore sehlopha sa rona se hlolwe ke dinaha tseo re neng re sa tshepe hore di ka re hlola.
Ho hlolwa ha banna ba 23 ke dihlopha tse kang Guinea, Tunisia le Zambia ho bontshitse hantle hore Mohope oo o ne o le boima bakeng sa naha ya habo rona.
Sehlopha sa Ted Dumitru se ne se ipone hore se ne se pota ho tloha qalong. Ho ne ho hlakile hore ba ne ba ke ke ba o besa o tuke dinaheng tseo tse neng di itokiseleditse dipapadi tsena.
Afrika Borwa ke yona feela naha e neng e ilo hlahloba dibapadi tsa yona tonamenteng ena mme ho kengwa ha dibapadi tse supileng tseo di neng di so ka di bapala maemong a naha, ho ne ho bontshe ho se ikemisetse ha naha ena.
Le dibapadi di ne di kgethwe ka mokgwa o sa bonahaleng jwalo ka ha Dumitru a ne a tjhentjhe dibapadi a kenya dibapadi tseo a neng a so ka a di kwetlisa a neng a ikwetlise ha nngwe le tsona kgahlano le Premier Soccer League XI mona Thekong.
Ho na le diketsahalo tse ding tse makatsang tse kang ho kengwa ha mokaubere o bapalang morao Pierre Issa, ya neng a sa bapale sehlopheng sa hae dikgweding tse tsheletseng pele ho tonamente eo esitana le ho itokolla ha mokapotene Aaron Mokoena sehlopheng.
Ke ona mathata ao Afrika Borwa e neng e ye le ona Ekgepeta. Ba ne ba ke ke ba o bese o tuke le mathata a mofuta ona.
Dinaha tse ding tse 15 di bonahetse di tlile di hlomme di feletse moo Tonamente ya bo 25 ya Dinaha tsa Afrika, se pakang seo e ne e be bo teng ba dikakapa tse kang Samuel Eto'o, Didier Drogba le Stephen Appiah.
Maemo a bona a bontshitse ha hlaka hore Mohope wa Afrika ke ntho e tlamehang ho shejwa ka mahlo a mang - e leng seo Bafana Bafana e sa kang ya se elellwa. [s]
pale ka MARK GLEESON
SE SEHOLO: Re bo mampodi... Maekgepeta a keteka tlholo.
KA TLASE HO LE LETSHEHADI: Ke eo potso... o tlameha ho nyatswa ho le ho kae Dumitru ka papadi e mpe ya Bafana Bafana"
KA HODIMO: Ho tlohela monyetla le penene ha... Didier Drogba (le letshehadi) ho ne ho "thuse" Maekgepeta ho fihlela tlholo.
KA TLASE LE LETONA: Ya se nang sekaja mmae a tele... Ferdinand Coly wa Senegal le Stephen Appiah wa Ghana ba tsekisana bolo.
BONA SESOTHO - April 2006
