sotho.1077.teens
Se ka ikgathatsa ka mosebetsi wa tsatsi le hlahlamang hobane o tla o etsa ha nako ya ona e fihla, ana e ka utlwahala e le mantswe a bohlale, empa nnete ke hore, ha re tlohela mosebetsi nako e telele, re ebe re ntse re o thatafatsa le ho feta. Ke ena tsela ya ho ipebofaletsa morwalo ka ho etsa mosebetsi
ka nako
TSA BATJHA
Etsa mosebetsi ka nako
O A e tseba taba ena. Dintho di qala hantle. Mosuwe wa hao o o neha mosebetsi o tlamehang ho o etsa - wena o bona seo e le bowatla feela. Ha ho lere lebe mona, ba o neha kgwedi ho etsa mosebetsi oo. Ke nako e ngata.
Ho na le batho ba nang le bokgoni ba ho iphapanyetsa dintho, ba "lebale" ka seo ba tlamehang ho se etsa.
Bongata ba rona re e re etse jwalo - empa letswalo le dutse le re kgalema, le re bolella hore nako e a tsamaya. Se makatsang ke hore le nako eo re e senyang ha re e thabele hobane letswalo la rona le ebe le le molato.
Ka nako e nngwe re e re nahane hore re botswa, ha re na bokgoni kapa re dihole hobane re hloleha ho qala mosebetsi.
Ka lebaka la maikutlo ana, ho ba boima haholo ho qala - kapa ho phethela - mosebetsi. Re e re itshireletse ka ntho e siyo!
Ke tsena dikeletso tsa ho qeta botswa bona:
MOHATO 1: Tseba mokgwa
Ha o theola boima ba mmele, o a tseba hore o tlameha ho qoba dijo tse itseng. Le tabeng ena ho jwalo feela: haeba re batla hore mosebetsi o fele, ho teng dintho kapa yona menahano eo re tlamehang ho e qoba. Ipotse dipotso tse latelang:
Ha ke iphapanyetsa mosebetsi, o tla tloha ka pela mahlo a ka?
Ekaba mosebetsi ona o bobebe ho feta ka moo ke o bonang, kapa ke nahana hore thuto ena ke e tseba ho feta ka moo ke nahanang ka teng? (Mohlala: haeba o e tseba thuto, ha o a tlameha ho ikgopotsa bakeng sa teko ya ka le hlahlamang).
Ke ntse ke etsa tsona ha ke hlwekisa kamore ya ka ke sa etse mosebetsi wa sekolo?
Ke e ke nahane dintho tse nyane? (Mohlala: ho shebella TV bakeng sa ho etsa mosebetsi wa sekolo. Ke ofe moputso wa hore o dule ka pela TV empa mosebetsi wa hao wa sekolo o sa fela?)
Ke tshwarelleha karolong e le nngwe feela ya mosebetsi? (Mona ke moo mohlomong o qetang nako e telele leqepheng la kantle la projeke ya hao, kapa o ntse o ngola o hlakolaka seratswana se le seng sa moqoqo o le mong, ho se tema e bonahalang.)
Ha re ka hlokomela ka moo re ithetsang ka teng ka masawana ana, re ka phakisa ho a qoba. O ka qala ka ho etsa dintho tseo o neng o sa di etse, le ho tlohela tse mpe tseo o neng o di etsa.
MOHATO 2: Tshepahala
Haeba o rata ho sebedisa nako e nyane kapa ho se ikgarametse haholo bakeng sa mosebetsi - se ka ikwahlaya ka seo.
Re ka etsa mohlala ka hore, haeba mosebetsi o na le matshwao a manyane, teng ho molemo ho sebedisa nako e ngata dithutong tse ding.
Ka ho le leng, ho ka etsahala hore eo e be thuto e o hlolang mme o batle ho fumana matshwao ao kaofela. Ka lebaka leo, e tla ba taba e utlwahalang ha o qeta nako e ngata mosebetsing oo.
Hopola. Fat Charlie o re tshepahala! Sena ha se o nehe monyetla wa hore o nke nako e telele mosebetsing o mong le o mong o o etsang.
MOHATO 3: Rera ka nepo
Tseba hantle se lebeletsweng ho wena mme o etse se tshwanetseng hore o qete mosebetsi oo. Sena se ka o thusa:
O arole. Ho nka mosebetsi kaofela ka nako e le nngwe, ho ka nna ha ba boima, empa ho o arola ho ka o bebofatsa.
Ha o se o entse jwalo, iphe nako e anetseng ya ho qeta karolo ka nngwe. O se ithetse o ipolelle hore o ka etsa se ka hodimo ho matla a hao.
Phomola, o iputse. Iphe nako ya ho phomola, sena se tla o kgothatsa se etse o thabele ho etsa mosebetsi o setseng.
Tseba ditshitiso. Hlokomela ditshitiso tseo re buileng ka tsona, tseba haeba o se o ithetsa.
Dumellana le maemo. Ho tiisa molao haholo le teng ho tla etsa o fellwe ke thahasello ya ho etsa mosebetsi. Dikarolo tse ding tsa mosebetsi di ka nna tsa o nka nako e nyane ho eo o neng o e lebeletse, ka hoo o ka nna wa tlameha ho tjhentjha lenaneo leo o sebetsang ka lona.
Ha re phethela
Ho ba molato. Letswalo. Ho utlwela. Re buile ka moputso wa ho iphapanyetsa mosebetsi, mme re a tshepa ke lona lebaka le betere la ho lwantsha bothata bona.
O lokoloha jwang ho ntse ho na le mosebetsi o o emetseng? Hobaneng o sa emisi dintho tsa hao, o qetele mosebetsi wa sekolo pele? [s]
