sotho.1072.ellen
Ellen Kuzwayo
ka ISAAC KWELA
NTATAEMOHOLO, setswalammae, Jeremiah Makgothi, e ne e le molemi hape e le mmoledi wa Wesele, tlasa moruti wa mose, Ngaka Robert Moffat, ba thusana ho fetolela Bibele Setswaneng. Hape e le mongodi wa South African Native National Congress, ebile e le moetapele wa African National Congress, mane Foreisitata.
Nnoseng Ellen Kate Kuzwayo o ne a hlahele polasing, seterekeng sa Thaba Nchu mane Foreisitata mohla la 29 Phupjane, 1914. A kena sekolo hona moo polasing, sekolong se neng se ahilwe ke ntataemoholo Makgothi. Ka 1937 a phetha dithuto tsa botitjhere sekolong sa thupelo sa Adams mane Amanzimtoti.
Ntatae, Philip Merafe, e ne e le setho se hlwahlwa sa ANC mme Kuzwayo o hopola hantle a mo felehetsa ho ya dikopanong a mo tshwarele mokotla wa dibuka.
"Ke qadile ho tseba ka ANC ho tloha bongwaneng," o boletse jwalo dipuisanong tse ding. Ha ke le dilemo di ka bang 22, ke ne ke ye kopanong e nngwe ya ANC e neng e le Bloemfontein, leha Mina Soga a ne a hlahisa National Council Of African Women semmuso ke ne ke le teng."
Ka 1944, Kuzwayo e ne e le yena feela mosadi ya neng a le maphathephathe ka ditaba tsa ANC Youth League, e neng e thehwe ke dikakapa tse kang Oliver Tambo, Walter Sisulu, Nelson Mandela le batjha ba bang ba mehleng eo.
KUZWAYO o ne a rute ho fihlela ka 1952. "Ke ne ke tlamehe ho tlohela ho ruta ka mora ho hlahiswa ha leano la thuto la Bantu Education Act," o ne a hlalose jwalo.
"Ke ne ke nyahama pelo hampe ha ke lokela ho ruta bana ba setjhaba sa heso thuto eo ke e bonang hantle hore ke tjhefo e tla ba senya dikelello." A tjhentjhela mosebetsing wa tsa kahisano ka mora ho kena ho Young Women's Christian Association mme a ntshetsapele dithuto tsa hae Jan Hofmeyer School Of Social Work, moo a neng a kopane teng le Winnie Madikizela-Mandela.
Kuzwayo a kgetha ho sebeletsa mekgatlo a ikemetseng ho ena le ya mmuso. "Ke ne ke fumana moputso o monyenyane haholo empa ke ne ke ena le tokoloho ya ho sebetsa le batjha le basadi ba setjhaba sa heso, ke ba thusa ho ntlafatsa maphelo a bona le ho ikahela bokamoso bo botle," o boletse jwalo. "Moya wa ka o ne o kgotsofetse leha ke ne ke fumana moputso o monyenyane."
KA NAKO eo a neng a kopilwe ke TRC ho bua ka boiphihlelo ba hae moketeng wa sehopotso sa letsatsi la la 16 Phupjane 1976, Kuzwayo o ne a bolele hore o ne a ilo reka dijo tsa motsheare ha a tla bona ditlaleho tsa dikoranta tsa letsatsi leo - ka bona hore ho senyehile Soweto.
O ne a sebetsa University Of The Witwatersrand ka nako eo mme a kgutlela kantorong a nka tsa hae, a fela mahlong. "Ka kopana le basadi ba bang ba neng ba hlwekisa hona moo Yunivesithing. Le bona ba tla ba potlakile koloing ya ka mme ba kena, ba sa kopa le ho kopa," ke yena eo a hopola tsa letsatsi leo.
"Ka bona hore ha ho letho leo nka le botsang. Ke bomme ba Soweto ba batla ho kgutlela hae baneng ba bona."
"Ho ne ho kubella mosi hohle. Dikoloi di tuka malakabe. Kgalefo e tshabehang difahlehong tsa bashanyana ba neng ba tletse moo mebileng e totobetse. Ho ne ho se letho leo o ka le buang le bona ba le utlwe.
"Seo o neng o ka se etsa feela ke ho phahamisa letsoho o ba tiisetse hore o na le bona ka moya le ka nama ntle ho moo, ho ne ho nkgile. O ne o ka mpa wa ba aka feela ho ba tshedisa empa nako ya seo e ne e le siyo hobane ba ne ba etelletse ntwa e mahlo a mafubedu pele.
"Pelo ya ka e sa ntse e le bohloko hobane mmuso wa Manashenale o ne o sa nke bana ba rona jwalo ka bana. Ka nako e nngwe nke ke nahane hore nka ba tshwarela ka seo ba neng ba se etse ho rona batho ba baholo," o ne a bolele jwalo ho Komeshene ya Nnete le Poelano, "empa tsela eo ba neng ba tshware bana ba rona ka yona, e ne e senye maphelo a bona hohang.
"Nkile ka hloka koloi mme ke ne ke paroletsa le seteisheneng sa Orlando ka maoto ho se ho le lefifi, ha ke bona bahlankana ke ne ke ba bitsa ke ba laela hore ba mphelehetse ho ya lapeng. Leha ba ne ba ka korotla, ba ne ba qetela ka dipelong empa ba tseba hore ba tlameha ho mphelehetsa hobane ke moholo, ba hlonepha.
"O ke ke wa se etsa seo batjheng ba kajeno, ha ke tshepe le bona bana ba haufi le nna ba lokela ho ntlhokomela, seo sohle se entswe ke mmuso wa Afrika Borwa wa mehleng. Ba entse hore bana ba rona ba be le pelo tse thata. Ha ke bone hore ke tla ba tshwarela."
HANG ka mora 16 Phupjane, Kuzwayo a kgethwa hore ebe setho sa komiti ya Ditho tse Leshome tse neng di tla thusa ho shebisisa ka moo dintho di ka tsamaiswang ka teng Soweto ka mora hore Soweto Urban Bantu Council e nyope. E le yena feela mosadi komiting eo. Ka 1977, a tshwarwa mme a kwallwa dikgwedi tse hlano. Eitse ha a etswa tjhankaneng, a thusa thehong ya Zamani Soweto Sister Council mme hape a sebetsa ka thata hore ho bulwe Zamani Soweto Skills Training Centre ka Hlakubele 1987.
Maikemisetso a mokgatlo e le ho theha mesebetsi setjhabeng ka ho ruta batho ho iketsetsa dintho. Kuzwayo o ne a ena le diploma ya dithuto tsa kahisano eo a neng a e fumane Wits ka 1983. Selemong se latelang seo ya eba mosadi wa pele wa motho e motsho Afrika Borwa wa ho hlonetjhwa ka lengolo la bongaka la thuto.
A kgethelwa ho ba setho sa ANC sa palamenteng ka 1994 a kena lefapheng la tsa kahisano, polokeho le tshireletso le komiting ya tsa ntshetsopele.
Eitse ha Ellen Kuzwayo a nka penshene ka 1999, Mopresidente wa mehleng Nelson Mandela a mo neha Kgau ya Tlotla ka Mosebetsi wa hae.
BUKA ya hae eo a buang ho yona ka bophelo ba hae, eo hape e neng e hape kgau, Call Me A Woman e ne e phatlalatswe ka 1986. Monna wa pele wa Kuzwayo o ne a mo hlorisa mmeleng le kelellong mme bukeng ena o totobaditse ka moo a neng a hane ka teng ho ba lehlatsipa la tlhekefetso ya monna kapa yona ya mmuso wa makgowa.
Ka 1996, a phatlalatsa Sit Down And Listen: Stories From South Africa, a batla ho boloka moetlo ona wa Seafrika wa ho phetelana dipale. Kuzwayo o ne a hlokahale ka mohla la 19 Mmesa 2006, ka mora ho tshwarwa ke lefu la tswekere dilemo.
"Ho Ellen Kuzwayo Afrika Borwa e ne e hlahise kakapa ya mosadi," o ne a bolele jwalo e mong ha a ne a pheta tsa bophelo ba hae. "Ke mosadi ya sebete, ya tsebang ho tshehetsa, eo re tla dulang re mo hopola." [s]
BONA SESOTHO - March 2007
Ke kakapa
O lwanetse tokoloho, ke sengodi, hape ke thatohatsi e tla dula a hopoleha
BONA SESOTHO - March 2007
