sotho.102.health
Tsa bophelo bo botle
KE NNETE:
Fedisa ho opelwa ke hlooho
Ha o opelwa ke hlooho, leka kalafo ena e se nang dithethefatsi hohang ho lwantsha mahloko - sidila peppermint phatleng. Mane UK dipatlisiso di bontshitse hore dipersente tse 95 tsa batho ba opelwang ke hlooho bonyane habedi ka beke ka lebaka la kgatello, ba re ba utlwa phapang ka metsotso e mebedi feela ba siditse - mme hlooho e nyamele hohang metsotsong e 30.
Motho e moholo o ntsha mathe a ka bang dilitara tse 40 000 bophelo bohle ba hae.
BONA SESOTHO - December 2006
Dula o phetse hantle, le Patricia McCracken
Phaka hanyenyane
O batla ho tswelapele le ho ja hanyenyane le ka nako ya Keresemese- Iphakele ka dijana tse nyenyane, eo ke keletso ya setsebi se seng sa dipatlisiso sa University of Illinois mane USA.
Ba hlokometse hore barati ba meketjana ba latella ho qeta dijo tseo ba di phaketsweng leha ba phaketswe dijaneng tse kgolo hantle jwalo ka ba phaketsweng ho tse nyenyane! Le dikgaba tse kgolo di etsa motho a je haholo, ka hoo, kgetha le dikgaba tse nyenyane.
Ebe ya tlhaho
Ekare batho ba bangata ba se ba kgetha ho beleha ka opereishe jwale - haholoholo dinaheng tsa matjhaba tse kang USA, moo karolo ya boraro ya masea a teng a belehwang ka mokgwa ona. Empa se bohloko ke hore ha baimana ba ikgethela ho beleha ka opereishene ba sa tlangwe ke maemo a bophelo, masea a bona a ba le menyetla e meholo ya ho feta pele a qeta kgwedi.
Kgetha Pink Lady
Ha o sa tsebe mofuta wa apole o ka o rekang kgetha e kang Starking kapa Pink Lady - lekgapetla la yona le lefubedu le na le metswako e ntjhafatsang mmeleng hape e na le polyphenols e molemo mmeleng.
Se DUMELE
Ditholwana di a o hlaphola
Ha batho ba hola, mathata a boqheku le ona a ja setsi mmeleng. Empa ka mora ho etsa dipatlisiso ho bakudi ba 2 000 dilemong tse 10, ditsebi tsena tsa Japan le tsa USA di fumane hore ba nwang seno sa ditholwana kapa sa meroho hararo ka beke ba ba le menyetla ya ho se be le mathata a kang ana ka dipersente tse 76 ho feta ba bang ba di nwang hang feela ka beke. Ba nahana hore ke hobane dino tsena di na le metswako ya tlhaho e thibelang botsofadi e fumanehang ditholwaneng le merohong.
. . . Kopa motswalle
kapa wa leloko ho o kgannela hoseng ha le hlahlamang mokete wa setletle. Ho kganna o ena le setlamatlama ho ka nna ha fokotsa bokgoni ba hao bo botle ba ho kganna ka dipersente tse ka hodimo ho tse 20.[s]
BONA - August 2005
