sotho.1026.hair
O tla shebahala hantle lehlabuleng lena ha o ka latela dikeletso tsa feshene ya BONA, re o tlisetsa ditaele tse tharo tsa moriri bakeng sa mekete e fapafapaneng. Pale ka Faith Seuoe, sebontshi Lizelle
MANYALONG le meketjaneng ya bosiu, o rata ho boheha hantle lehlabuleng lena... O batla ho boheha mme o ke se be motle ntle le hore o sebedise ditaele tsa moriri tse bontshwang dipontshong tsa feshene.
Ha ho tlhokeho ya hore o be le letswalo. Re rialo hobane re o tletse le ditaele tse mmalwa tsa moriri mane ho Joburg Fashion Week mme ra di fetola mona le mane molemong wa hao hore o tle o ithabise.
Etsa kgetho ya hao mme o di thabele . . .
Eba pabala ya monyaduwa
Ha o le monyaduwa ya maphathephathe, o lokisetsa letsatsi la mohla monene, o hlophisa ho tloha lenaneng la bamemuwa, dipalesa jwalo jwalo, se ka ikgathatsa ka ditaele tsa moriri.
Setaele sena se setle se bonolo, se tla o etsa o bohehe jwalo ka kgosatsana.
Kama mme o otlolle moriri, o o tshase hanyane ka moisturiser hore o benye. Bula tsela lehlakoreng kapa phatleng mme o be se o kamela morao ho etsa ponytail.
Ha o se o entse jwalo, o se o ka kenya (hairpiece) legoda, le dumellanang le pokotho ya hao - mona o tla hloka moriri o mongatanyana ha o hloka tjhebehe e ntle.
Kama legoda hantle hore le se ke la rarahana mme o le rokelle hore le se o kgathatse. Hore setaele sena se be setle, netefatsa hore o na le holding spray le dipelete tse tshwarang moriri.
Ho tloha bokatlaseng ba legoda, qotsa diqola tseo o kgonang ho di tshwara mme o di etse ntho e kang bolo. Nyanyatsa moriri o sa manamang ka holding spray mme o o robatse hantle ka kama, o qetelle ka oil sheen spray ho o bentsha.
O ka phethela sohle ka ho kgabisa ka seo o se ratang bakeng sa letsatsi.
E ba pabala
O a mengwa moketjaneng wa mosebetsing mme o kgathetse ke tjhebeho ya kamehla. Haeba moriri wa hao o se molelele ho lekana ho etsa setaele sena, ho molemo o sebedise di-extension tse kokobaneng.
Bula tsela e kgutshwane lehlakore ho bulela sefahleho sekgeo. Kopanya moriri o mong ka ho etsa pony e bonolo ka hodima tsebe, o o tlame hantle ka lebanta ho thibela ho fothoha.
Haeba o na le di-extension, o ka di kenya o sebedisa dipelete tsa teng. Qotsa diqola tse mmalwa tsa di-extension - kapa moriri wa hao - o etse se kang dipudulana moo o kentseng teng pony tail. Le tsona dipudulana tsena di tshwarise hantle ka dipelete tsa teng. O ka qetella ka ho nyanyatsa holding kapa oil sheen spray - jwale o tla be o le malala-a-laotswe bakeng sa moketjana oo wa bosiu.
O phahamise
Jwalo ka metswalle le a bontshana mme le qetella le dumellane ka ho ithabisa mmoho ka mafelo a beke. Setaele sena se etsang moriri e be pudulana se ka o lokela.
Qala ka moriri o hlwekileng, o tshasitsweng hanyane ka oli e le hore setaele se tle se be setle. Kamela moriri o otlolotsweng morao, qotsa moriri ona o hara hlooho mme o o phahamise hanyane.
Nyanyatsa moriri hanyane ka holding spry mme o o tlohele o ome. Ha o qeta, thethela moriri morao o sebedisa kama e meno a masesane o ntse o hlokometse ho bothetsa "pudulana" eo o e entseng mme o kamele moriri o mahlakoreng morao, o o kopanye ka sekotlong ka dipelete tsa teng.
Kama moriri o setseng ka sekotlong ka borashe. Haeba moriri wa hao o sa shebahale hantle, o nyanyatse hanyane ka oil sheen spray - dintho di tla be di lokile! [s]
BONA SESOTHO October 2008
TLHOKOMELO YA MORIRI
Ditaele tse NTLE
Eba pabala ya monyaduwa
Shebahala jwalo ka monyaduwa ka ditaele tsena tse ntle, tse bokgabane tse kang pudulana.
O phahamise
E ba pabala
O ka etsa ditaele tsena bakeng sa meketjana ya bosiu lehlabuleng lena.
Setaele sena se setle le sona se ka o tshwanela lehlabuleng lena.
BONA SESOTHO October 2008
