SOTHO.1015.10 questions
BONA SESOTHO September 2008
TSA DINALEDI
Babadi ba BONA ba buisana le dinaledi tsa bona tseo ba di ratang
Dipotso Tse 10 Tsa
CONNIE
FERGUSON
1. Lenyalo la Generations le tla hlahella haholo selemong sena. Empa manyalo a bohlokwa mona. Wena ke efe kgaolo o e ratang?
Nikiwe Ndlovu, Mdantsane
Jwalo ka Karabo, ke bile teng manyalong a mangata a Generations - la kgaitsedi ya ka Archie, Queen, Lumka le nna ka sebele le Ngaka Mandla. Ditshepiso tse ding tsa manyalo a Karabo di ne di nyope.
2. O kile wa ba moetsana bophelong ba hao ba nnete?
AK Vuyile, Kroonstad
E, hanngwe feela - lenyalong la motswallaka Mapaseka dilemong tsa bo 1990.
3. Na o rata manyalo?
NP Nel, Seapoint
Haholo bophelong ba ka ba nnete - ke rata moya wa lerato o moo. Le ka moo lenyalo le kopanyang malapa ka teng - le tshwana le Keresemese mme ho ba monate haholo ho feta ha batho ba kopana mafung. O bona le bao o neng o ba qetele kgale, ho phehwa ha monate le mmino o ba monate haholo, e ba thabo ka mahohle.
4. Ke nahana hore basadi ba bangata ba rata manyalo - empa ke sefe seo o sa se ratang ka ona?
MK Motlhasedi, Umlazi
Ke ha ho se ho nkwa nako e telele ho buuwa ntho e sa feleng. Batho ha ba thabela ba mamele dibui letsatsi lohle! Ba batla hore ho thwe qapoqapo, ho ntano ketekwa!
5. O ka reng ka lenyalo la hao?
John Khashane, Bloemfontein
Ke ne ke itlhophisetse lona, ke batla ebe le ikgethang ka ho fetisisa. Re ne re le ka hara dipalesa, ho tlile metswalle feela le ba lelapa. Ke ne ke sa hloke ho ba le baetsana - ke rata ho boloka nako. Le monnaka o na makale...
6. Manyalo a baka kgatello, ebe le baetsana ba ba tlasa kgatello - di ngata dintho tse tshosang. Ke eng eo o neng o e tshohile ho la hao?
Neliswa Mrenyuka, Khayelitsha
Le ne le fafatsa hoseng mme ke ne ke tshohile hobane re ne re tla tjhatela kantle! Empa ya amisa pele ke tswa lapeng - dithapelo tsa ka tsa arabelwa.
7. Banyalani ba bang ba tsoseletsa dikano tsa bona - wena o ikutlwa jwang ka seo?
Alfred Dyasi, Queenstown
Re hlophisitse ho tsosetsa tsa rona le rona ha re qeta dilemo tse 10. Empa Shona o se a batla re tsoseletse selemong sena. Ho tsoseletsa dikano ho fapane hole le letsatsi la lenyalo. Ha ho letho leo o seng o sa le tsebeng. Re tla be re ena le dilemo tse supileng mme ka nako eo re tla be re tseba hantle seo re ikanang ka sona.
8. O ka re bolellang ka monna wa hao?
ZA Makalla, Mount Fletcher
Shona ke e mong wa banna ba lokileng lefatsheng. Ke monna ya lerato ho feta bohle - ha ho ka thwe a tsoseletsa dikano selemo le selemo, a ke ke a kgathatseha ka letho. Le jwale ke sa ntse ke sehwa ke letswalo ha a hlaha. O dutse a mmakatsa.
9. Lerato le nnete le bolelang?
Nosibusiso Mpikwa, Seabe
Ke dumela hore ke ha o rata motho ka pelo yohle ya hao - ho se boiketsiso. Ke ntho e makatsang - e re ha o sheba motho o bone ekare o bona karolo ya hao, ke hore le a utlwana. Ke ntho e makatsang.
10. O reng ha o eletsa dibapadi tse ntjha?
MK Motlhabane, Bultfontein
Itshepe, fumana thupello e ntle, seo se bolela hore o phethe le dithuto tsa hao tsa sekolo - hape o sebetsa ka boinehelo! [s]
KE MONYETLA WA HAO!
Ona ke monyetla wa hao wa ho botsa Hlubi Mboya dipotso. Romela dipotso tsa hao, pele ho la 30 Phato, dikarabo di tla phatlalatswa kgatisong ya Pudungwane. Romela SMS ASK mme o botse potso ya hao (ka ditlhaku tse sa feteng ho 160) ho 35919. SMS e bitsa R3. Kapa o romele potso ya hao ka e-mail, o ngole lebitso la hao le la toropo: bona@dbn.caxton.co.za
BONA August 2008
