sotho.100.beauty
Ho sebedisa ditlolo tse feletseng tsa tlhokomelo ya letlalo ho thusa ho sireletsa letlalo hore le se be le metheba
BATHO ba bangata ba dumela hore menyama e bakelwa ke ho nona, mohlomong ba tiisitse. Striae gravidarum, ho ya ka moo ditsebi di e bitsang ka teng, ba re e bakelwa ke ho saroloha ho fetelletseng ha letlalo.
Letlalo la rona le ahilwe ka dikarolo tse tharo: karolo e ka hodimo, e bitswa 'epidermis', e hare 'dermis' le e ka harehare 'subcutaneous stratum'. Menyama e mela ho ena e bitswang dermis, eo e leng yona e sarolohang, e tsebang ho boloka letlalo le le sebopehong sa lona se setle. Leha ho le jwalo, ka mora nako, letlalo le fellwa ke ho saroloha hona hobane di-fibre tse le tshwereng di fellwa ke matla mme matheba ana a sale a totobetse.
Ho ya ka ditsebi tsa letlalo, menyama e matla haholo ha motho a imme empa e boetse e a hlaha ha motho a fokola mmeleng kapa a nona ka potlako ha re etsa mohlala, ka nako eo a kenang borwetsaneng kapa ha mmele o qala ho hola ka matla.
Ka nako e nngwe e bakelwa ke di-hormone jwalo ka ha maemo a oestrogen a ama kgolo ya di-cells mmeleng esitana le tjhebeho yohle ya letlalo. Ho ya ka mmala wa letlalo la motho la tlhaho, menyama ha e qala e ba mmala o mopinki bo bofubedu, bofubedu bo bosoothwana kapa bosotho bo lefifi mme ha nako e tswella e kganye e boele hape e fiifale - empa e ntse e kganya ho feta mmala wa letlalo wa tlhaho. Hangata e mela dikarolong tsa mmele tse mafura - jwalo ka matsweleng, thekeng le dibonong.
Boimana
Dipersente tse 50 ho ya ho tse 90 tsa baimana di mela menyama, hangata dibekeng tsa ho qetela tsa boimana. Ho ba le menyama hape ho tsamaisana le lefutso - hore letlalo la hao le saroloha ho le hokae.
Mabaka a mang a bakelang menyama
n Ha mmao kapa ngwaneno a ena le yona, le wena o ka nna wa ba le yona.
n Ho nona ka pele kapa ho theola boima ba mmele le hona ke sesosa.
n Letlalo le mongobo hantle le le phetseng hantle le saroloha ka bonolo.
n Mmala wa letlalo - basadi ba letlalo le lefifi ba ratwa ke menyama haholo.
n Ha o kile wa ba le yona boimaneng, e tla boela mela hape ha o imme.
Ho e thibela
Boipaballo bo molemo ho feta setlhare. Ke ena mehato e mmalwa e ka o thusang hore letlalo la hao le se ke la senngwa ke menyama.
n Netefatsa hore letlalo le se omelle. Bonyane enwa dilitara tse pedi tsa metsi ka letsatsi - o a nwe ho feta moo ha o enwa jwala kapa o rata dino tse nang le caffeine.
n Eja dijo tse nang le phepo e phethahetseng hape le tse molemo letlalong jwalo ka tse nang le Vitamins C, E, zinc le silica e ngata.
n Ikwetlise kgafetsa (ho ntlafatsa phallo ya mekedikedi ya mmele).
n Sidila letlalo ka borashe - kapa ka glove - ho ntlafatsa phallo ya madi.
n Boloka letlalo le le mongobo mme o le tlotse ka setlolo sa mongobo letsatsi le letsatsi.
Kalafo
Ka bomadimabe ha ho letho le matla leo o ka le etsang ho thibela menyama. Menyama ha e fele mme leha o ke ke wa e tlosa empa o ka etsa hore e se totobale haholo ha o ka e alafa hang feela ha e qala ho mela. Ha e se e fiifetse ha e sa tla bonahala haholo.
Ho na le ditlolo tsa mongobo tse sebetsang hantle tse rekiswang mabenkeleng tse nang le Vitamins E le A, kapa tretinoin cream, kapa dietswa tse nang le glycolic acid kapa onion extract, di se di kile tsa thusa batho ba bang haholo. Empa ha di kgone ho kenella karolong ya bobedi ya letlalo ya dermis, e thusang ho nolofatsa letlalo hore menyana e se totobale haholo.
'Microdermabrasion' le 'laser resurfacing' ke tse ding tsa mefuta ya kalafo ya menyama empa tse bitsang haholo. Ho boetse hape ho na le di-tissue oil tse ka thusang letlalo hore le dule le tiile hantle haholoholo nakong ya boimana tse thusanang le matsapa a ho theola boima ba mmeleng ha moinama.
AHA creams (alpha hydroxy acids) di entswe ka dimela le ditholwana tse thusang ho qeta matheba a letlalo. Di thusa ho matlafatsa ho aheha ha di-cell ka ho bolaya tse ka hodima letlalo hore ho tsebe ho mela tse ding tse ntjha tse foreshe. Sephetho ebe hore phopholeho ya letlalo le mmala wa lona di a ntlafala. Letlalo le ka nna la shebahala le le mahwashe le bile le omelletse ha di-cell tsena di tloha empa ka mora dibeke tse mmalwa feela le a ntjhafala hape, le be bonojwala mme le be boreletsana.
Buisana le ngaka ya hao hore o tsebe hore setlolo sena sa Retin-A (kapa tretinoin) kapa AHA o se tlotsa neng le hona jwang. Ditlolo tsa Retin-A leha ho le jwalo ha di sebediswe ke baimana kapa ke batho ba hlokomelang bakudi mme hape motho o eletswa ho se nwe dipidisi tse nang le Vitamin A ka nako eo a sebedisang ditlolo tsa mofuta ona hobane dintho di ka nna tsa senyeha ho feta. [s]
BONA SESOTHO - March 2007
Ka moo o ka fedisang menyama
tsa botle
LE LETONA: Ditlolo tse ding tsa mongobo tse rekiswang mabenkeleng a maholo di se di thutsitse batho ba bang.
ka CHRISTINE HAMMANN
ditshwantsho ka SALLY BLACKMAN
sebontshi ANCHEN wa Models International
BONA SESOTHO - March 2007
