sotho.1009.hair
BONA July 2008
SEPHIRI SA KELLY KHUMALO TLHOKOMELONG YA MORIRI
Ona ke mohlala wa setaele sa moriri o lohilweng pele ho kengwa weave ka hodimo. Se molemo ka sena ke hobane moriri wa hao o sireletsehile haholoholo ha o le naledi jwalo ka Kelly Khumalo, o tlameha ho fetofetola ditaele tsa moriri kgafetsa.
"Sena se ntswela molemo hobane moriri wa ka o a sireletseha," ho rialo Kelly. Ke tsena dikeletso tsa hae tse tharo:
Eba le motho ya tla o lokisa moriri: "Ke na le morwetsana ya ntokisang salune le mohlankana ya ntokisang bakeng sa pale ya Rhythm City, ba se ba tseba moriri wa ka."
Kgetha dihlahiswa: "Ke sebedisa shampoo le hair food tse nepahetseng. Ke rata haholo tsa ha Mizani."
Tseba bofokodi ba hao: "Letlalo la ka le boi, ka hoo, ke dutse ke le hlokometse haholo ha ke loha."
Kgetha
tse nepahetseng
Ho kgetha di-extension tse nepahetseng, ho ka o neha monyetla wa ho etsa ditaele tse fapafapaneng moriring wa hao, ho bolela setsebi sa moriri Faith Seuoe
KE tlwaetse ho sebedisa lepetjo le reng, "O lebatse ho fihlela o kgona ho o hola" - ka seo ke bolela hore haeba o na le moriri o monyane, mme o bona o hola butle, sebedisa di-extension.
Fumana setaele sa hao
Ha o loha di-extension, netefatsa hore di nyalana le mmala, mofuta le bolele ba moriri wa hao. Ha re tla ditaeleng - o ka kgetha hore o a di rokella, o a di kgorametsa ka sekgorametsi, o sebedisa weave kapa o a di lohella.
Empa hlokomela, batho ba bangata ba etsa phoso e kgolo ka ho kgetha batho ba sele ba ba lohang di-extension. Ke rialo hobane ba bang ba e ba pukutle weave ka sekere hobane ba batla ho etsa setaele se itseng, hlokomela seo.
Mefuta ya di-extension
Weave ke mofuta wa di-extension o ratwang haholo, e ba telele hantle mme e boheha jwalo ka moriri wa sebele. Haeba moriri wa hao o o lohile hantle ditsela tse tshesane, mme o rata ho loha di-extension, ha ho tlhokeho ya hore o reke di-extension tse tshwanang le moriri wa hao. Sena ke seo o ka se etsang haeba o rata ho nka kgefutso tabeng ya ditaele tse ngata tsa moriri, esitana le dikhemikhaleng empa o rata ho ba le tjhebeho ya moriri o molelele o motle.
Haeba moriri wa hao o sa tlo o loha kaofela, ho tla ba le karolo e hlahellang, o tlameha ho kgetha di-extension tse tshwanang le ona hantle.
Ntle le di-single kapa tsona di-cornrows, ke ena e meng mekgwa ya ho kenya moriri wa maiketsetso:
Sekgorametsi: Ena ke tharollo ya nakwana. Ha ho kgathaletswe hore o e boloke nako e telele hobane e ka senya moriri wa hao.
Microbonding: Ona ke mokgwa o bitsang haholo, o etswang disaluneng tse pele.
Tlhokomelo ya human hair
Haeba o tla hlatswetsa di-extension tsa hao lapeng, ho molemo o qale o fumane keletso ho setsebi hore o ka sebedisa disebediswa tsa mofuta ofe jwalo ka borashe shampoo esitana le yona conditioner.
Kama moriri ka borashe pele o ka tlotsa shampoo mme o o kame hape ka kama e meno a qadikaneng o sa ntsa ne o kentse conditioner.
Thapisa moriri wa tlhaho hanyane ho qoba ho fothoha. Se sebedise oli kapa moisturiser ho di-extension hobane di tla nyehla.
Bakeng sa di-extension tse kokobaneng, sebedisa leave-in conditioner kapa alcohol-free mousse habedi kapa hararo ka beke. Di-extension tsa hao di tlameha ho ba mongobo pele o ka di tlotsa. Ka matsatsi a mang, fafatsa feela ka metsi mme o o kame mme o tla kokobana hantle.
Netefatsa hore moriri o oma ka ho feletseng ka mora ho o hlatswa ho thibela lephoka le lebe hloohong.
Reka hairdrier e nepahetseng flat-iron kapa hot-brush.
Tlhokomelo ya di-extension
Tsena tsona o ka di hlatswa lapeng ntle le haeba e le mofuta o hlokang tlhokomelo e ikgethang jwalo ka ona o kokobaneng kapa tsa ha kinky haholoholo ha di lohilwe tsa etswa ma-single. Ho molemo o di hlatswe salune hobane di ka qhaqheha ka bonolo.
Mofuta ona o ka nna wa o tlotsa ka senolofatsi kapa spray ho o boloka o boheha, o le bonolo o bile o phetse hantle. [s]
Setshwantsho: Ivan Naude; moriri le mokgabiso wa sefahleho; Faith Seuoe; setaele: Marina Walsh
BONA SESOTHO July 2008 69
TLHOKOMELO YA MORIRI
3
O ka sebedisa bokae?
Sheba hore o ka sebedisa bokae bakeng sa di-extension mmoho le tlhokomelo ya tsona.
O tla qeta nako e kae o lokisa moriri wa hao ho tloha hoseng ho ya mantsiboya?
Haeba o le maphathephathe, kgetha setaele se se nang ho hloka nako e ngata ya ho lokisa moriri.
O na le mofuta o fe wa di-extension?
Human hair e a bitsa empa e a tshwarella mme hape o ka nna wa e etsa ditaele tseo o di ratang hantle feela jwalo ka moriri wa hao. Ha o e reka, kopa keletso ya setsebi hore o tle o kgone ho reka mofuta o nepahetseng.
Mefuteng ena ya maiketsetso, o ka reka mefuta e fapafapaneng ya di-hairpieces (amagoda) mme o netefatse hore moriri wa hao ha o benye haholo hobane seo se tla senya tjhebeho ya hao.
Disalune le mabenkele a mangata ha a e rekise human hair ka lebaka la ho bitsa ha yona - tsena tsa maiketsetso tsona di fumaneha hohle hobane ha di bitse.
70 BONA SESOTHO July 2008
DIPOTSO TSEO O TLAMEHANG HO DI ARABA
Bakeng sa di-extension tsa ka pele, o ka kamela moriri wa hao morao, o o tlame, o be se o kgwesa hair piece (igoda) mme ka mora moo, o tla ba le tjhebeho e babatsehang.
BONA July 2008 71
