Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Tekolo ya disampole tsa semmuso tsa peo
Kopo ya ditokelo tsa bamedisi ba dimela
Kopo ya ho lemoha mokga wa semela
Ditshebetso tsohle tse amanang le diphedi tse feto
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Diphemiti le dilaesense
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
O ka tlaleha tse ding ditletlebo tsa tekolo ya peo kapa ditsekisano tse amanang le boleng ba peo, empa pele o tshwanela ho hokahana le OSTS (sheba dintlha tsa dikgokahano) ho hlomamisa hore na bokgoni bo hlokwang mofuteng wa tekolo le/kapa peo bo a fumaneha na. Tshebeletso ena ho nehelanwa ka yona ho motho ofe kapa ofe, mokgatlo, setsi, khampani kapa molemi.
Hodimo
Mehato e latelwang
Ha o batla ho kenya tletlebo kapa tsekisano mabapi le boleng ba peo, romela lengolo mmoho le disampole tsa peo mme o bolele ka mokgwa o hlakileng tlhahisoleseding yohle mabapi le tletlebo kapa tsekisano. Kenyeletsa le dintlha tsa ditekolo tse entsweng ke ditlhophisetso tse ding tsa ho lekola peo.
O ka ntsha sampole ka bowena, empa sampole e ntshitsweng semolao ke mohlophisi wa dibuka ofising ya sedika ya Directorate SAAFQIS ke yona e lakatswang.
Romela disampole hore di yo lekolwa.
Ha tletlebo e tshwanelehile, ke hore, boleng ha bo tsamaelane le dipehelo tsa Molao wa Ntlafatso ya Dijalo, 1976, ha ho tefiso. Ha tletlebo e sa tshwanelehe, tefiso e dumelletsweng ke Kabo ya Ditjhelete tsa Mmuso e tshwanela ho lefshwa mme ho tla ntshuwa invoisi.
Tefo e ka etsuwa ka mokgwa wa elektroniki kapa khaontareng, empa ke ntlha ya bohlokwa hore nomoro ya invoisi e kenngwe hore tefo le invoisi e ntshitsweng di nyalane. Dintlha tsa banka ke tse latelang:
Ha tefo ya invoisi e ntshitswe ke ka nako eo feela moo diphetho tsa phuputso e sa amoheleheng di tlang ho fumaneha.
Hodimo
Molao o sebediswang
Hodimo
Maemo a tshebeletso
OSTS e beha pele tekolo ya disampole tsa peo bakeng sa tsekisano kapa tletlebo. Boholo ba tsekisano kapa tletlebo, ke hore, palo ya disampole, mefuta ya dijalo le mofuta wa ditlhahlobo tse tla etsuwa, di tla tshwaetsa nako e tla nkuwa bakeng sa phuputso e tla etsuwa. Ha ho tlhahisoleseding ya maemo a tshebetso e ka ntshuwang ka mokgwa oo. Botsa setsing sa tshebetso ka bosona (sheba dintlha tsa dikgokahano).
Hodimo
Ditjeo
Tshebeletso ke ya mahala ha tletlebo e amohelehile. Leha ho le jwalo, ha e sa amoheleha, ditefiso tse latelang tse amohetsweng tsa tekolo ya peo di a sebetsa ho boemo ka bong:
Ho hlahloba, ho etsa sampole le ho kiba
R230 ka hora
R90 ka nngwe
Ho hlopholla tlhweko ya jwang (jwang bo kang ditlhoka ha bo a kenyeletswa)
R205 ka nngwe
Ho hlopholla tlhweko ho jwang bo kang ditlhoka
R310 ka nngwe
Ho hlopholla tlhweko ho jwang bo kang ditlhoka
R270 ka nngwe
Ho hlahloba ho mela
R425 ka nngwe
R510 ka nngwe
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Ha ho diforomo tse tlatswang.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Dilinki tse nang le dikamano
Lefapha la Temo
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
