Tekolo ya disampole tsa semmuso tsa peo
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Tekolo ya disampole tsa semmuso tsa peo
Kopo ya ditokelo tsa bamedisi ba dimela
Kopo ya ho lemoha mokga wa semela
Ditshebetso tsohle tse amanang le diphedi tse feto
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Diphemiti le dilaesense
Tekolo ya disampole tsa semmuso tsa peo
Tekolo ya disampole tsa semmuso tsa peo
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Lefapha la Temo le lekola disampole tsa semmuso tsa peo ho etsa bonnete ba hore ho ba le sebopeho se hlakileng, peo ya mela mme e ya hola e tswele pele.
Ke feela mefuta ya peo e phatlaladitsweng ka ho ya ka Molao wa Ntlafatso ya Dimela e leng Plant Improvement Act, 1976, di etswang disampole tsa semmuso mme di lekolwa ho bona boleng ba tsona. Disampole tsa semmuso di lekolwa ka maiteko a ho etsa bonnete ba hore ke feela ngatana ya peo e latelang dipehelo tsa Molao wa Ntlafatso ya Dimela, wa 1996, mme tse kentsweng dileibole ka nepo hape ka mokgwa wa nnete, ho fanwang ka tsona hore di rekiswe.
Hodimo
Mehato e latelwang
Bahlakisi ba diofising tsa mabatowa tsa Lefapha la Temo ba nka disampole ka tsela e sa hlophiswang ho tswa taolong ya kgwebo (trade control) (TC) le peo e tswang dinaheng tsa ka ntle (imported seed) (IS) ho tswa bathong, ke hore, mekgatlong, di-institjhuteng, dikhampaning, dikoporasing le baleming, ba rekisang peo.
Ngatana yohle e leng teng ya peo, eo e leng ya kgwebo hape le e tiiseditsweng, e elwa hloko.
Ngatana ya peo e etswang disampole e kgethwa ka mokgwa o latelang:
o kgetho e sa hlophiswang ya ngatana ya peo o ngatana e belaelwang ya peo o mefuta e nang le mathata ya dimela.
Disampole di lekolwa ho bona hore na di latela dipehelo tsa Molao wa Ntlafatso ya Dimela bakeng sa bohlweki le ho mela kapa ho hola di tswele pele.
Bahlakisi ba tsebiswa ka diphetho.
Ha diphetho di supa hore peo ha e latele Molao, e ka ntshiwa thekisong kapa ya kengwa leibole e nngwe.
Jwalo ka ha tshebeletso ya tekolo ya peo ho fanwa ka yona ka ho ya ka melao ya naha, ha ho na tjhelete ya tshebeletso e lefiswang. Le ha ho le jwalo, ha motho eo ho nkuweng sampole ho yena a kopa sephetho sa tekolo ka mokgwa wa Tlaleho ya Hlophollo ya Peo, tefiso e ananetsweng ke lekala la ditjhelete la mmuso e lokelwa ho leshwa bakeng sa tekolo ya peo. Ho tla fanwa ka tshupamolato. Dintlha tsa banka ke tsena:
Khoutu ya Lekala: 01-08-45
Nomoro ya Akhaonte: 011244887
Hopola ho kenyelletsa nomoro ya tshupamolato hore e tle e bapiswe le tshupamolato eo ho fanweng ka yona.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Seteishene sa Diteko tsa Peo ya Semmuso di sebedisa mokgwa o tsejwang ka priority system (mokgwa o etsang dintho ka hore ke dife tse lokelang ho tla pele) bakeng sa ho lekola. Jwalo ka ha mefuta e fapaneng ya dimela e na le maemo a fapaneng a tekolo, nako ya tekolo e ka fapana ho tloha matsatsing a mmalwa ho ya dibekeng tse mmalwa. O ka etsa dipatlisiso sebakeng seo ka bosona (sheba dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona).
Hodimo
Ditjeo
Tshebeletso ena ke mahala.
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Ha ho na diforomo tse tlatswang.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
