SATI Seboka sa Selemo 2010
Ho bile monate ho amohela ditho tse ngata hakaalo tse nang le tjantjello di bile di le morolo.Sebokeng sa Selemo sa bo-54 ka la 26 Tlhakola. Bongata ba ditho di ne di etswa hole – Cape Town, Bloemfonten, Potchefstroom, Qwaqwa le KZN. Hape ho ne ho le teng presidente wa SATI ka tlhompho, Ngaka Jan Picard, le mohatsae Julie, mmoho le mokwetliswa wa Dikamano wa SATI, Gisela Mendes. Ditho tse 54 di ne di tlile Sebokeng, ba 30 ba boemong ke ba atlehileng ditekong tsa accreditation, mme ba etsa khoramo.
  Ditho kaofela di amohetse khopi ya tlaleho ya selemo ya Setheo 2009. Boholo ba kopano bo ile ba sebedisetswa ho lekola tlaleho le ho supa dintlha tsa sehloho. Modulasetulo wa SATI, Anne-Marie Beukes o ile a bolela hore lekgotla le letjha ekaba dikgwedi ts robong le le tshebetsong mme le sebetsa ka thata ho ntlafatsa tshebeletso ho ditho. O ile a tiisa hore ditho tsa lekgotla di sebetsa ka boithaopo, mme ke molaodi-phethiso le bathusi ba tsamaiso ba leshwang. Diteboho tse ikgethang di ile tsa lebiswa ho ditho tse ithaopang ho fetolela Lesedinyana le ntho tse ding; sena ke sa bohlokwa ruri setheong le boikitlaetso ba sona ho ntshetsapele ditemengata. Setho sa Lekgotla Manzo Khulu o ile a mema ditho tse ngata ho kenela setheo mme di pepese dipuo tse patehileng.
  Ha sehloho sa boitshwaro se ipetsa, ho bile le tshekatsheko e batsi hore boitshwaro bo sebetsa ka tsela tse pedi le hore ka nako e nngwe ditho di fuwa tshebeletso ya boitshwaro bo bobe, mohlala, ditho tse sa lefeng ka nako (kapa ho hang!). Ho ile ha lohothwa hore ho hlophiswe melawana ya tshebetso e hlwahlwa mme e fuwe ditho. Marion Boers o ile a hlalosa hore International Federation of Translators e sebetsana le projeke ya ho ntshetsapele sena. Ditho di ile tsa etsa ditshisinyo ka moo bothata bona bo ka rarollwang, mohlala, ho senya mabitso a balefi ba sa ikamahanyeng le dipehelo. Ho na le diwebosaete moo sena se ka etswang) le hore ho leshwe dipositi pele mosebetsi o qalwa.
  Dikopano tse fapaneng tse ileng tsa tshwarwa ke SATI ka 2009 di ile tsa sekasekwa, haholo Meputso e Ipabotseng Diphetholelo tsa Didikshenare. Pots e ile ya ipetsa hore meputso ena e kenyeletse botoloko. Maikutlo a kakaretso e bile hore meputso ena e ntse e hlwa matsatsa – di tsheheditswe hantle ke baphatlalatsi, bahlodi le bona ba kgotsofetse mme le media o phatlalatsa meputso. Sena se ile sa isa puisanong ya hore Setheo se fuwe pepeso e eketsehileng. Lena ke lebaka leo SATI e hirileng mokwetliswa wa diphatlalatso ho tswa TUT monongwaha, ho thusa ho hlophisa diketsahalo le ho phahamisa sefahleho sa Setheo.
  Ho atleha ditekong tsa puo e bile sehloho se seng se tshohlilweng. Ditho di ile tsa utlwisisa hore mohlomong ke nako ya ho phatlalatsa ditlhophiso le ho isa diteko setjhabeng le boemong ba profeshenale. Lekgotla le ile la laelwa ho fuputsa. Potso e nngwe e mabapi le diteko tsa nepahalo  mabapi le ditho tse sebetsang ka dipuo tse sa phatlallang hore na di ka phatlalatswa sejwang.
  Ditho tsa Lekala la Boland di tsebisitse hore di tla keteka selemo sa bo-20 selemong sena mme ba tla mema ditho ho keteka le bona ka letoto la diketsahalo tse isang Letsatsing la Matjhaba la Diphetolelo. Mme ho na le tshepo ya hore mokete wa sehloho wa SATI ITD o ka tshwarwa ho kenyeletswa le wa lekala lena monongwaha.
  Tshisinyo e entsweng kopanong mabapi le ditefello tsa selemo sa 2011  hore ho nkuwe qeto ka vouto ya lektroniki ha morao monongwaha e ile ya amohelwa ka matsoho a mabedi, ka tshehetso ya ho eketswa ha ditefello ho tsamaelanang le infoleishene.
  Ho kwaleng, Anne-Marie Beukes o lebohie ditho ka tshehetso ya tsona, mmoho le Waltons ka tshehetso ya ditjhelete seminareng e ileng ya latela Seboka. Ngaka Picard a leboha Anne-Marie le lekgotla ka mosebetsi o tswileng matsoho o entsweng le ho hlwa matsatsa ha setheo.
  Metsotso ya Seboka sa Selemo e tla romellwa ditho dikgweding tse latelang tse pedi.
Mokwetliswa wa rona
SATI ya amohela Gizela Mendes e le karolo ya sehlopha ofisisng ya setheo dikgweding tse latelang tse robong. Gizela o tla thusa SATI ho fihlella e meng ya meralo ya lekgotla ho phahamisa phadimeho le ntshetsopele ya Setheo mmoho le ho hlophisetsa ditho   dikopano/diketsahalo.   Mme
yena o tla fumana boiphihlelo bo hlokehang ho qetela lengolo la National Diploma la International Communi-cation.
  Gizela o tswa Angola, leha a phetse bophelo ba hae Pretoria. O wela hantle moetlong wa SATI, hobane o bua Senyesemane, Sepotoketsi le Seafrikanse ka bokgabane mmoho le Sepanise boemong ba puisano. O thabela ho bala, ho hahlaula, thenese le mmino. O ikemiseditse ka mosebetsi wa hae ho SATI mme o shebile pele ho teana le dikarolo tse fapaneng tsa mosebetsi le ho fumana boitsebelo ho ya jwalo le selemo.
Seminare ya boitshwaro
Seminare ya boitshwaro e ileng ya latela Seboka sa Selemo e bile e fahlollang ebile e babatseha. Johan Blaaw o qadile ka ho qhaqholla hobaneng ha motho a ena la khouto ya boitshwaro le hore mefuta e fapaneng e ka botjwa jwang. Hantlentle, khouto efe kapa efe e hloka tataiso ho netefatsa boprofeshenale ba bao e ba busang mmoho le khouto ya kgalemo le mekgwa ya ho sebetsa le batho ba sa ikamahanyeng le yona. Seo SATI e ikemiseditseng sona ke khouto e akaretsang e kenyang makala ohle a diprofeshene le dikarolo tsohle ka kananelo, melawana e behilweng e hlalosa kapa ho hlakisa khouto, mmoho le tsela ya kgalemo.
  Ditho di ile tsa nehelana ka diphuputso tsa dietsahala tse kenyang dipotso tsa boitshwaro mme tsena di ile tsa lekolwa ha ba ha buisanwa ka tsona. Ketsahalo e nngwe e bile  e mabapi le ho konkolla dikhastamara tsa mosebetsimmoho e mong.  Sena se ile sa hlahlela e le ho hloka boitshwaro (mme e fapana le phehisano e tlwaelehileng ka tsela ya bokgukguni ba tjhabisetso ka dikhastamara tse ileng tsa fumanwa), mme e tla senya dikamano dipakeng tsa basebetsimmoho mme sena se ka boella motho ya amehang ho hlahisa mosebetsi wa boleng bo tshwanang. Ho ile ha sutjwa hore ho na le kutlwano e sa ngollwang hore basebetsimmoho ba se ke ba nkelana dikhastamara.ha mosebetsimmoho a fetisetsa mosebetsi ho wena mme khastamara e tla ho wena ka kotloloho, motho ekakgona a hlahlobe hore na sena se a amoheleha ho mofetoledi wa sethatho pele o ka amohela mosebetsi.
  Ketsahalo e nngwe e bile mabapi le ha tlhahlobo ya phetholelo e etsahalang ka lebaka la sesebediswa sa CAT. Diphetholelo tsena ke mosebetsi wa mokgahlelo o ikgethang wa mosebetsi mme o tshwanetse ho etswa ka tsela e ikgethang le mabaka a ikgethang. Ka lebaka leo, ha ho amohelehe hore mofetoledi a sebedise disebediswa tsa CAT mofuteg ona wa mosebetsi, empa haeba ho bohlokwa hore khastamara e hlakise hore mosebetsi ke “back translation” mme melawana e itseng ekakgona e latelwe.
  Ketsahalo ya boraro e kenya diejensi tse pedi tse sebedisang bafetoledi ba tshwanang mme e mong a ipelaetsa ha mofetoledi (ya tsebisitsweng ejensi ya bobedi) a sa kgona ho ba etsetsa mosebetsi hobane ba patisehile ka mosebetsi wa ejensi ya bobedi. Ho ile ha dumellanwa hore sena se bonwa e le ho konkolla ntle leha mofetoledi a ena le tumellano e ikgethang le ejensi
  Ketsahalo ya bone eo ho buisanweng ka yona ke ya mofetoledi ya qosetswang phoso ka leqephe la sehloho sa buka e leng karolo ya lethatama. Mofetoledi o ne a sa fetolela leqephe la sehloho, jwalo ka ha e ile ya qetellwa konterakeng ya pejana, empa khastamara e dumela hore e ile ya etsa ‘fomatting’ kapa moralo pele ho kgatiso. Leha khastamara e beha molato ho mofetoledi, ha ho na phoso ka lehlakoreng la hae mme menyenyetsi e ne e ke ke ya atleha. Ketsahalo e bontshitse tlhokeho ya ho fumana ditaelo di ngotswe, leha, tshalomorao ya dipuisano tsa molomo e hatella se ngotsweng, hore ho be le mohlala wa pampiri ha ho tluwa diqosong tsa semolao.
  Dipuisano tsa ho qetela karolong ena di mabapi le hore, ho molaong ho etsa phetolelo tlasa kano ka fekese kapa tokomane ya khopi ya lektroniki. Mabakeng a mang ha ho na tsela ya ho fumana khopi ya tokomane mme mabakeng a jwalo mofetoledi o tshwanetse ho ba sedi ho kgetholla hantle hore o ne a fepelwa ka eng: bontsha hore phetolelo e entswe ka tokomane e romeletsweng ka lektroniki mme a bolele lebitso  la motho moo e tswang. Ho ho khastamara ho etswa qeto hore hona ho a amoheleha. Empa, ho sebetsa ka tokomane e rometsweng ka fekese kapa lektroniki ho tshwanetse ho ba mokgelo eseng tlwaelo mme mofetoledi wa kano o tlamehile ka mehla ho leka ho fumana tokomane ya sethatho.
  Qetello ya karolo ena ya seminare e ile ya sisinya hore kholomo e tlwaelehileng e phatlalatswe jenaleng ya Muratho ditabeng tsa semolao/boitshwaro.
  Ka mora lantjhe, ramolao Marc de Bruyn o ile a tsebisa barumuwa ba Molao wa Tshireletso ya Bareki, oo dikarolo tsa wona di tlilo kenywa tshebetsong ka la 1 Mmesa. Molao ona o reretswe ho sireletsa bareki kapa dikhastamara mabapi le ditshebeletso tse fokolang. Phetholelo ke mosebetsi wa kelello, mme sena se etsa hore e be thata ho hlaloswa. Ke tshebeletso e lebeletsweng ho ba le ditlamorao tsa yona. Hape ho na le tlhokeho ya diketellapele diketsahalong tse kenyang bafetoledi, mme Marc o ne a tshetlehile mehopolo ya hae mehlaleng ya lekala la bohlakisi (auditing).
  Ho hlakile ho tswa Molaong hore mofetoledi o na le mosebetsi oo a tshwanelang ho o hlokomela. Bohlaswa le/kapa phetholelo e fokolang e ka bang le ditlamorao tse kotsi ho khastamara mme e ka etsa hore mofetoledi a qoswe. Mofetoledi ekakgona a sebedise teko ya ‘mofetoledi ya bohlale’ – ke mohato ofe oo mofetoledi ya bohlale a ka o nkang mabapi le potso ena? Mofetoledi a ka lebellwa ho ela hloko ka nako tsohle ho netefatsa tlhahiso e kgabane e hlokang ditlamorao tse mpe, ntle leha di tlameha ho etsahala ho tswa konterakeng mme di se ke tsa feta moo.
  Le hoja Molao o reretswe ho sireletsa bareki, o ka nna wa eba le ditlamorao tse mpe ho bafetoledi, hobane ditheko di ka phahamiswa ka leaka la bafani ba ditshebeletso ba nkang mehato le ditleleime tsa boqhekanyetsi. Ho feta moo, difeme tse nnyane di hloka ho kopana le tse ding, hore di be le tshireletso e toma.
  Bafetoledi ba tlwaelehileng ba ka sireletseha jwang? Ba hloka ho utlwisisa boleng ba tlhophiso eo Molao o thehilweng hodima yona mme ba nke mehato e hlokehang. Bala Molao, mme o tsebe se lebeletsweng ho wena.
Botho
Ditho tse ntjha: David A-Souop Wafo, Stefano Azzali, Nathan Barnes, Gina Brazier, Antoine Caradonna, Albie de Beer, Herman du Toit, Xany du Toit, Fuma Dyubhele, Catherine Garson, Jennifer Goldrick, Jeanie Goodrum, Alan Gray, Wilmarie Hagan, Henry Janse van Rensburg, Tilla Jansen van Vuuren, Ma'k Keetile, Ziggie Keil, Kirstin Kilian, Sarah Kirton, Mathilda le Roux, Celeste Litkie, Nicole Lombard, Kai Lossgott, Annarita Louw, Mteteleli Mangcunyana, Theresa Marx, Lebohang Mathibela, Emma Matubatuba, Aquilina Mawadsa, Vuyokazi Mbele-Ludidi, Hannelien Meyer, Robert Mojela, Tshedi Mokaeane, Mapule Moswane, Kefuwe Motsie, Jane Murray, Denis Ngcangca, Mkhululi Ngxumza, Thandani Nqunqutha, Sophy Shai, Suzaan Schültz, Sanet Steyn, Tim Stones, Diana Strydom, Wilmie van Schalkwyk, Ernie Venter, Simone Wilcock, Arina Wilson, Celeste Wood, Charles You
Ba itokolotseng: Martins Bauwens, Andrea Bongiorni, Christopher Browne, Susan Fraser Cesati, Jean René Derché, Jacques de Villiers, Carla Frontini, Erika Frouws, Zani Kemp, Win Phillips, Sara-Jane Portmann, Hester Smith, Kobus van Rensburg, Karma van Wyk, Heidi von Platen
Ba pasitseng diteko tsa Accreditation: Yvonne Smuts English-Afrikaans translation
Tsa bohlokwa
Language Portal of Canada e hlophisitswe ke Translation Bureau of the Government of Canada mme sena se tlisa mehlodi ya tsa dipuo tsohle mmoho setsheng se le seng. Ka motjha ona o ka kenya ntle le tefo kapa TERMIUM Plus, mareo, polokelo ya data ya puo, data ya Mmuso wa Khanada, e nang le mareo a 3 900 000, ho kenyeletsa a 200 000 a Sepanishe. Motjha ona hape ke kgoro mehloding e meng e motjheng e online. Dikateng tsa Portal di ntjhafatswa ka beke le beke ke ditsebi tsa puo mme di shebane le dikatlehiso tse ntjha puong. O ka ya ho  www.ourlanguages.gc.ca
Diphatlalatso 
Ba ha IATIS, kapa International Association for Translation and Intercultural Studies, ba tsebistse diphatlalatso tse motjheng (online) tsa kgatiso ya bohlano ya New Voices in Translation Studies, e nang le diatikele tse hlano tsa baphatlalatsi ba batjha le di-abstract tsa dithesise tse nehelanweng tsa di-PhD. Bangodi ba bahlano ba buisana ka dihloho tse batsi, mme ba botsa ka dipharadaeme tse teng mmoho le ho sisinya dikgopolo tse ntjha. Diphetholelo tsa dingolwa tsa borapedi di arolelanwa ke ntlha ya bohlokwa, le botho ba mofetoledi ka mong. Jenale ena ya mahala e bulehileng e fumaneha webosaeteng ya IATIS www.iatis.org, at 
www.iatis.org/newvoices/contents2009.php.
The Interpreter and Translator Trainer Vol. 4 No. 1 2010 e fumaneha ho baingodisi online www.stjerome.co.uk/ periodicals/journal.php?j=107&v=719&i=720. Phatlalatso e kenyeletsa atikele ya setho sa SATI, Dr Kobus Marais.
Diketsahalo le dimemo tsa dipampiri
5th International Maastricht-Łódź Duo Colloquium on Translation and Meaning 2010: Maastricht session: Maastricht School of International Communication, The Netherlands, 19–22 Motsheanong 2010. Sepheo sa pokano ke ho fana foramo ya matjhaba mabapi le dipuisano dipakeng tsa basebedisi ba phetolelo/botoloko ditabeng tsa moelelo phetolelong le botolokong. Tshebetso ya Maastricht e tla tadimana le tsa phethahatso. Tjhabisetso e batsi: Ngaka Marcel Thelen (m.m.g.j.thelen@hszuyd.nl) or www.translation-and-meaning.nl
International Terminology Summer School 2010 (TSS 2010): University of Vienna, Austria, 24–28 Motsheanong 2010, ka kopanelo ba hlophisitse TermNet (International Network for Terminology) le ba Centre for Translation Studies. TSS ke kgoso e sekametseng phethisong nakong ya beke e le nngwe tsamaisong ya boithuti ba mareo. Mabapi le tjhabisetso e batsi:  
www.termnet.org/english/events/tss_2010/index.phphttp://www.termnet.org/english/events/tss_2010/registration.php
International Technical Translation Conference: Universidade Nova, Lisbon, Portugal, 28-29 Motsheanon 2010. e hlophisitswe ke Tradulingua le baporofehenale ba bang ba phetolelo ya tegniki. Khonferense e tla nka matsatsi a mabedi a dithuto tsa kwetliso ya bophethisi – diwekeshopo tsa phetolelo le mareo (ka Sepotoketsi, Senyesemane le Sepanishe, dipuo tse ding di ka nna tsa kenngwa) – sebakeng sa dithuto tsa tegniki tsa mofetoledi le toloko, boenjinere, tsa saense le indaseteri. Tjhabisetso e batsi ho: http://www.tradulinguas.com/conf-tech/ 
7th International Conference on Translation: The paratextual elements in translation le 1st International Symposium for Young Researchers in Translation, Interpreting and Intercultural Studies: Autonomous University of Barcelona, Spain, 21-23 Phupjane 2010. khonferense e tla khabara dihloho mabapi le paratextual polyhedron dithutong tsa bofetoledi mme simphosiamo e tla fana ka monyetla ho bafuputsi ba batjha ba qalang tshebetso ya boakhademi ho etsa pehelo ka mosebetsi wa bona. Sebakeng sa tjhabisetso: http://www.fti.uab.es/departament/ congres-simposi/international-conference-on-translation/ index.htm
Critical Link 2010 Conference: Interpreting in a changing landscape, Aston University, Birmingham, UK, 26-30 Phupu 2010. sepheo sa khonferense ke ho lekola tsa sepolotiki, semolao, ditokelo tsa botho, tsa matjaba, tsa moruo, tsa moetlo le botjhaba le dikarolo tsa sociolinguisteki, tsa ditshebeletso tsa setjhaba / botoloko ba setjhaba. Porokeramo ya moralo e tla fumaneha ka la 1 Motsheanong 2010. sebakeng sa tjhabisetso e batsi etela Critical Link 6 website ho http://www.aston.ac.uk/CL2010 kapa ikopanye le Prof. Christina Schaffner ho c.schaeffner@aston.ac.uk. 
TKE (Terminology and Knowledge Engineering) Conference 2010: Dublin University, Ireland, 12-13 Phato 2010. khonferense e mabapi le ntshetsopele ya  phetisetso ya tsebo le thekenoloji mabapi le neanotaba ka puo e ikgethang ka mekgwa ya mareo le data. Ho tla tsepamiswa maikutlo ka ho ikgetha mokotabeng wa wa pehelo a mareo le tsebo ya mehlodi ya boenjinere ka motjha wa inthanete. Tjhabisetso e batsi: 
http://www.dcu.ie/fiontar/conference/home_baile.shtml
Society for Editors and Proofreaders (SfEP) AGM and 21st annual conference: University of Strathclyde, Glasgow, UK, 4–6 Loetse 2010. Khonferense e tla kenya le dihloho tse kang typesetter-copy-editor interface, tshebediso setjhabeng ya inthanete sebakeng sa neteweke ya boporofeshenale; boitshwaro le boshodu dingolweng le diwekeshopo tse ding. Dingodiso di kwallwa ka 9 Phupu 2010. Tjhabisetso e batsi: http://www.sfep.org.uk/pub/ confs/conf10/conf2010_advance.asp 
 
5th International Maastricht- Łódź Duo Colloquium on Translation and Meaning: Łódź, Poland, 16–19 Phato 2010. Sepheo sa pokano ke ho fana foramo ya matjhaba mabapi le dipuisano dipakeng tsa basebedisi ba phetolelo/botoloko ditabeng tsa moelelo phetolelong le botolokong.Sepheo sa kopano ke ho fana ka foramo ya dipuisano tsa. Tjhabisetso e batsi: www.duo-lodz.pl/.
 
TM-Europe 2010 International Translation Management Conference: Kraków, Poland, 30 Loetser–1 Mphalane, 2010. Project and Technology Management, le Business Optimisation mabapi le Indasteri ya Phetolelo le Tshwano. Diwekeshopo tse eteletseng pele ka la 29 Loetse 2010. Boikopelo ba ho etsa pehelo, diphanele le diwekeshopo di a mengwa. Letsatsi la ho kwal: 7 Motsheanong 2010. Sebakeng sa tjhabisetso e batsi: http://www.tm-europe.org.
16th International Congress of the Names Society of Southern Africa (NSA): Homo Nominans – Mankind, the namer: Club Mykonos, Western Cape, 26–28 Mphalane 2010. Khonferense e tla lekola lefatshe la ho reha le tjhantjello e matla ya ho reha dintho mabitso. Tjhabisetso e batsi, ikopanye le Bertie Neethling ho bneethling@ uwc.ac.za.
Cologne Conference on Specialised Translation: Cologne University of Applied Sciences, Germany, 21–22 Mphalane 2010. ho hola ha nepahalo ya bofetoledi bo ikgethang makaleng a tshebediso a dithuto tsa bofetoledi moo ho tlileng nkelohlohong ya botebo ba bofetoledi bo ikgethang makaleng a tsebo / makala a tlhaloso a botsebi bona. Khonferense ena e tla tsepama mekgweng e metjha e ikgethang ya phetolelo. Tjhabisetso e batsi ho: 
http://www.f03.fh-koeln.de/fakultaet/itmk/fachgebiete/ konferenzen/00558/index.html 
Eighth National Conference and International Forum on Interpreting in China: Sichuan University, Chengdu, 15-16 Mphalane 2010. Mookotaba: Interpreting in the Age of Globalization. Tjhabisetso e batsi: www.kouyi8.org, www.flc.scu.edu.cn, www.tac-online.org.cn or www.fltrp.com. 
International Postgraduate Conference in Translation and Interpreting (IPCITI) 2010: From Reflection to Refraction – New perspectives, new settings and new impacts: University of Manchester, UK, 29–31 Mphalane 2010. ena ke khonferense ya botshelela letotong lena, e ikemiseditseng ho fa bafuputsi ba batjha monyetla ho arolelana diphuputso tsa bona le ho kenela ketsahalo ena ya matjhaba ka bohlokolotsi. Di-abatracts di tla kwallwa ka la 30 Tlhakubele 2010. Dipotsiso di ka lebiswa ho: ipciti2010@manchester.ac.uk. Tjhabisetso e batsi: http://www.ipciti.org.uk/ 
SCREENIT 2010: The changing face of screen translation: University of Bologna, Italy, 20–22 Mphalane 2010. Boikopelo sebakeng sa dipehelo le diphousetara difahlehong kaofela phetolelo ya sekerine diromellwe ka la 15 Mmesa 2010 ho screenit2010@sslmit.unibo.it. Webosaete ya khonferense e ntse e hahuwa.
Translation and Interpretation in a Multilingual Context: International Conference on Translation and Interpretation: Bangkok, Thailand, 1–3 Pudungwana 2010. Mabapi le tjhabisetso e batsi: http://www.ictithailand.com/.
FIT 6th Asian Translators' Forum: Translation and Intercultural Communication: Past, Present and Future: Macao, China, 6–8 Pudungwana 2010. Mabapi le tjhabisetso e batsi: www.umac.mo/fsh/de/atf/index.htm
Translating Multimodalities: University of Portsmouth, UK, 6 Pudungwana 2010. Hangata bofetoledi bo tsamaelana le lentswe le hatisitsweng, empa kajeno bafetoledi ba kajeno ba thulana le tikoloho e mekgwamengata mme keakgona ba hlokomele dintlha tse tshwailweng (ditshwantsho tse emeng le tse tsamayang, didayakeramo, mmino, tlhophiso ya leqephe). Dinyehelo di a mengwa ka diphephetso tse tliswang ho bafetoldi mekgwamengateng ena. Boikopelo kapa di-abstract tsa mantswe a 300 di ka romelwa ho Carol O’Sullivan ho carol.osullivan@port.ac.uk by 30 Phupjane 2010. Tjhabisetso e batsi:  www.port.ac.uk/translationconference.    
Travelling Languages: Culture, Communication and Translation in a Mobile World: Leeds Metropolitan University, UK, 3–5 Tshitwe 2010. Di-abstract tsa Khonferense ya bo-10 ya Selemo ya International Association of Languages le Intercultural Communication di ka romelwa ho Jane Wilkinson ho IALIC2010@ leeds.ac.uk ka la 1 Phupu 2010. tjhabisetso e batsi: www.leeds.ac.uk/german/ialic_conference_2010.htm 
Writing past each other? Literary translation and community: International Conference on Literary Translation,  Wellington, New Zealand, 11-13 Tshitwe  2010. Tjhabisetso e batsi ho: 
www.victoria.ac.nz/victoria-conferences/default.aspx. 
Sheba khalendara ya diketsahalo tsa FIT  mabapi le dintlha tsa diketsahalo (http://members.fit-ift.org/calendar).
Phetolelo ya Seafrikanse: Mariènne Botha, Anne-Marie Mischke, Anne-Marie Beukes
Phetolelo ya Sesotho: Abel Mphanya
Phetolelo ya Sexhosa: Sonwabile Cotiyana
Phetolelo ya Sezulu: Lungile Zungu, Manzo Khulu
__________________________________________________________________________________________________________________
Dintlha tsa go ikgolaganya le Setheo:
     Marion Boers. Mogala: 011 803-2681. Fekese: 0866 199 133. Imeili: office@translators.org.za
     Irene Dippenaar. Mogala: 079 492 9359. Fekese: 086 511 4971. Imeili: registrar@translators.org.za
