











VIII / 3 (2008)



____________________________________________________________________________





SEBOKA SA SELEMO 2008 LE SEMINARE



Hopola hle hore mohla wa AGM le tulo ya kopanelo di ile tsa fetolwa. AGM e tla tshwarwa ka Laboraro 11 Phupjane Groenkloof, Pretoria. Tsebiso le lenane la tsamaiso di tla fuwa batho mmoho le ditokomane tse ding ha mmila o ntso puta. Sebakeng sa phepo, re ka thabela ha o ka re tsebisa hore o tla ba teng.

AGM e tla latelwa ke seminare ka mookotaba o latelang Words Matter. Hape, dintlha di se di rometswe bathong mme haeba ha o eso fumane khopi re tsebise hle. Ngodiso di kwallwa ka la 5 Phupjane.



Patlisiso ka tharifi



Patlisiso ya tharifi ya 2008 e se e batla e lokile mme o se o tla fumana memo e tswang ho rona hore o e kenele. Patlisiso e tla arolelanwa le ba nang le bokeno Diinthaneteng, jwalo ka ha e tshwarelwa Inthaneteng. Re etsa boipiletso ho ditho ho nka metsotswana pele ba tlatsa patlisiso, ena ke yona tsela feela eo re ka fumanang dintlha tse nepahetseng, tseo qetellong di tla netefatsa maemo a matle a tshebetso ho bohle. Hopola hore selemong sena patlisiso e tla utulla tjhabisetso (information) ka basebetsi ba malapeng mmoho le baikemedi.



Makala



Manzo Khulu o ntse a tsitlaletse ho bopa Lekala la Sekone Gauteng empa dikarabo tsa bathahaselli di a swabisa. Mang kapa mang ya tjhesehellang ho bona lekala le jwalo le qadilwe, a ikopanye le Manzo: (kayem@telkomsa.net kapa 011 693-7237).



Lekala la Boland le tlilo ba le diketsahalo tse latelang tse reretsweng selemo ho pota, ikopanye le Jan Vorster (021 439-5470) kapa janvorster1@mweb.co.za mabapi le dintlha tse keneletseng kapa ho kenela lekala:



31 Motsheanong: SATI Boland AGM, ho kenyeletswa le dipuisano ka ’Professional business practice: Providing and getting paid for a professional service’. 

13-17 Phupjane: Cape Town International Fair – SATI e arolelana sethala le PEG le McGillavray Linnegar Associates: baithaopi ba tla batleha. Dintlha di tla latela. 



20 Loetse: Letsatsi la Matjhaba la Diphetolelo – ho ntse ho lohothwa seminare ka sehlooho sena: 



Terminology: Words Matter, dintlha di tla latela. 



25 Mphalane: Wekeshopo mabapi le bohlophisi bo hatetseng pele le diphetolelo ka Amanda Lourens le Ilse Feinauer. 



22 Pudungwana: Moketjana wa mafelo a selemo: Dintlha di tla latela. 



Botho



Ditho tse ntjha: Belinda Bezuidenhout, Annatjie Blignault,




Reneé Bloem, Bohle Conference and Language Services (corporate member), Estanislau Chombossi, Berta Clase, Gisela Collins, Johan de Jager, Dilicom Language and Communication cc (corporate member), Thozamile Douws, Ary German, Michiel Heyns, Tambu Hwaramba, Michelle Jordaan, Evelyn Keere-Mswetsa, Lorna Keough, Beata Leszczynska, Susan Lombaard, Denys Lukusa, Thami Molale, Moloi Translators CC (corporate member), Lydia Moussonzo, Slindile Mtshali, Multilingua T/I Services (corporate member), Natalie Myburgh, Mpondomise Ncokazi, Constance Nkopo, Deli Nkosi, Mari-Leigh Pienaar, Hendrien Pieterse, Cindy Schoeman, Adri Theron, Aurélie Torres-Hastie, Inesa van Rooyen, Nolitha Vani, Wordworx (corporate member)



Boitokollo mosebetsing: Lande Botha, Liezel de Vries, Fabian Jaumain, Hester Mey, Annalene Schoeman, Corine Turkstra, Lanie van Kradenburg

Dinyehelo   tse   lebisitsweng   ho   Development   Fund:



Gretha Aalbers, Bas Angelis, Robbie Brizzolari, Irene Dippenaar, Michelle du Plessis, Basile Ezenge, Karen Garbers, Corrie Geldenhuys, Kerry-Anne Gilowey, Sybille Gussmann, Lorraine Hartman, Glynis Harvey, Joey Kok, Wilna Liebenberg, Lulu Mfazwe-Mojapelo, Magadi Mohasoa, Lucas More, Adelaide Morgado Grobbelaar, Bheki Ntuli, Silvia Pratten, Isabella Redelinghuijs, Sue Richardson, Tim Steward, Rita van Wyk, Alison Wright



Ditaba tse tswang ho FIT



Seboka sa Matjhaba sa XVIII sa FIT se tla tshwarwa Shangai, China, ho tloha 4 - 7 Phato 2008. Mookotaba e tla be le: Translation and Cultural Diversity. Ditho di eletswa hore di ingodise ka pele ka moo ho kgonehang. O se ke wa lebala hore Beijing Olympic Games di tlilo qala hanghang ka mora Seboka sena sa FIT mme se tla tshwaetsa ditjeo. Dintlha tsa boingodiso di a fumaneha Webosaeteng ya Seboka ho: http://www.fit2008.org/



Sa bohlokwa



Master of Advanced Studies (MAS) in interpreter training: lefapha la Botoloki: Ecole de traduction et d'interprétation (ETI), University of Geneva. Thuto ena ya dikerii (60 ECTS) e fanwa ka sebopeho sa letswaka (90% ngollano, 10% hona ETI) mme e qala ka la 1 Loetse 2008. boingodiso bo buletswe ho: https://virtualinstitute.eti. unige.ch/MAS/. Dibaka di mmalwa mme ho kwallwa boikopelo ka la 20 Phupjane 2008.



Diphatlalatso



Comics in Translation, e hlophisitswe ke Frederico Zanettin. Dikhomiki ke mofuta wa bonono mme di tletse hohle ebile ke karolo e hlokohalang ya sebopeho sa moetlo dinaheng tse ngata, empa ho honyenyane ho ngotsweng ka phetolelo ya dikhomiki. Comics in Translation e leka ho





SATI – E hokahanya  dipuo tse fapaneng



kwala sekgeo sena sa dingolwa le ho fana ka tsebo e batsi dinthong tse fapaneng tse mabapi le ditlwaelo tsa setjhaba tlasa lebitso lena la ‘dikhomiki’. ISBN 1 -905763-07-7 / 978-1-905763-07-8. Mabapi le tjhabisetso e keneletseng: http://www.stjerome.co.uk/page.php?id=514&doctype=StJ Books&section=3.



Translation as Reparation: Writing and Translation in Postcolonial Africa, e ngotsweng ke Paul Bandia, e bontsha Aforika ka mora bokolone ka ho fana ka dingolwa tsa dipuo tsa Aforika e le pontsho ya dithuto tsa phetolelo tsa ka mora bokolone, mme e iketa e le tjhebo e ntjha mabapi le tshekatsheko ya dingolwa tsa ka mora bokolone ka thuso ya diphetolelo, ISBN 978-1-1905763-06-1. Tjhabisetso e keneletseng e ka fumanwa ho: http://www.stjerome.co.uk/ page.php?id=512&doctype=StJBooks&section=3.



Translating Institutions: An Ethnographic Study of EU Translation, e ngotsweng ke Kaisa Koskinen, e rarolla moralo mabapi le diphuputso mabaleng a diinstitushene, ka ho sebedisa phetolelo ya mantlha ya Se-Finnish Khomishineng ya Yuropo e le pontsho ya diphuputso ISBN 978-1-1905763-08-5. Tjhabisetson e keneletseng ho: http://www.stjerome.co.uk/page.php?id=518&doctype=StJ Books&section=3.



Diketsahalo le pitso ya dipampiri



Wekeshopo ya Botoloki, Stellenbosch University: 27 – 29 Motsheanong 2008. Wekeshopo ena ya matsatsi a mararo, e tla kenyeletsa botoloki le tshebetso, e raletswe ditoloko tsa Seafrikanse, Sexhosa le Senyesemane ka pele hoba ba sebetse ka puo mme ba lakatsa ho ntlafatsa tsebo esitana le ho kena dikgokanong le ditoloko tse ding, esitana le ba batlang ho utlwisisa ditlhoko tsa botoloki boemong ba tsamaiso. Mabapi le tjhabisetso ikopanye le Ngaka Amanda Lourens mohaleng wa 021 880 1985 kapa ho alou@iafrica.com kapa alourens@sun.ac.za .



Ngollano le E-Mail boemong ba hao ba ofisi: wekeshopo ya letsheare lohle e tla tshwarwa Stellenbosch University Language Centre, 25 Phupjane 2008. Tjhabisetso e keneletseng ho: www.sun.ac.za/taalsentrum/EVD kapa ikopanye le Maretha Joyce nomorong ena 021 808 2167 kapa mjoyce@sun.ac.za .



WALTIC – Writers’ and Literary Translators’ Inter-national Congress: Kopano ya matjhaba mabapi le bangodi le bafetoledi ba dingolwa, Stockholm, Sweden, 29 Phupjane – 2 Phupu 2008. Seboka se buletswe bangodi, bafetoledi ba dingolwa, baitseki, baemedi ba di-NGO, boradipolitiki, bafuputsi le baitsebedi mabaleng a moetlo. Tjhabisetso e keneletseng ho: www.waltic.com kapa laolla tjhabisetso webosaeteng ena: www.congrexnetwork.com/ dbs/waltic/files/PDF/waltic_information.pdf



Third IATI Summer School “SummerTrans III: Translation meets Management”, University of Vienna, Austria, 1-11 Phupu 2008. Dithuto di tla tshwarwa ka Sejeremane le Senyesemane. Mabapi le mananeo le boingodiso etela: http://www.termnet.info/english/events/sumtrans2008.php


kapa ikopanye le Blanca Nájera ho bnajera@termnet.org mabapi le tjhabisetso e keneletseng.



First International CTIS Postgraduate Conference: Translation Frames: Gateways and Gatekeeping, University of Manchester, UK, 30 Phupjane–1 Phupu 2008. Tjhabisetso e keneletseng ho: hulme.hall@manchester.ac.uk.



Localization Forum at tcworld 2008: GALA e tshwarahana le tekom ho hlophisa Localization Forum ka 2008 tekom seboka sa selemo le lemulwana la kgwebo (tcworld) Wiesbaden, Germany, 5-7 Pudungwana 2008. mananeo a tla kenyeletsa tsamaiso e hodimo, ditshebediso le ditaba tsa lebatowa mapatlelong a diphetolelo le boselehae. Tjhabisetso e keneletseng ho: info@gala-global.org kapa http://www.gala-global.org.



World Congress on Specialized Translation: Languages and Intercultural Dialogue in a Globalizing World,

Havana, Cuba, 8-13 Tshitwe 2008. Tjhabisetso e keneletseng: http://dtil.unilat.org/cmte2008.



Korean Association of Translation Studies (KATS) International Conference: Translation and Globalization , Sookmyung Women’s University, Seoul, Korea, 30-31 Mphalane 2009. Boikopelo ba ho bala dipampiri, tse sa feteng mantswe a 400 hape e ena le sehlooho le tsa bophelo ba sebui ka bokgutshwanyane, ekakgona di nehelanwe komiting e hlophisang ka e-mail ho kats09_seoul@ yahoo.com. Dipampiri di kwallwa ka 31 Mphalane 2008. netefatso ya kamohelo: 31 Tshitwe 2008. Dipampiri di kwallwa 31 Mphalane 2008.. boingodiso bo potlakileng: 1 Pherekgong 2009. Tjhabisetso e keneletseng ho: http://www.kats.or.kr.



Third Conference of the International Association for Translation and Intercultural Studies (IATIS), Monash University, Melbourne, Australia, 8-10 Phupu 2009. Ho mengwa dipampiri mabapi le seboka sa kakaretso (http://www.foxevents.com.au/Current-Events/2009-Events/IATIS-Conference/Call-for-Panels/Call-for-Papers.asp) le meifo e ikgethang (http://www.foxevents.com.au/Current-Events/2009-Events/IATIS-Conference/Call-for-Panels/Panel-Descriptions.asp). Bakenedi ba ikemiseditseng ba romelle di-abstract tsa dipampiri tsa boikopelo ( puo e tla ba metsotso e 20 le dipuisano ka metsotso e 10). Etela webosaete ya seboka mabapi le dintlha ka moo o ka nehelanang ka abstract le ho laolla foromo ya nehelano: http://www.foxevents.com.au/Current-Events/2009-Events/IATIS-Conference/Default.asp. letsatsi la nehelano la ho qetela ke: 17 Loetse 2008.



Phetolelo ya Seafrikanse: Gretha Aalbers le Wilna Liebenberg Phetolelo ya Sesotho: Abel Mphanya

ya Sexhosa: Angelinah Dazela Phetolelo ya Sezulu: Lungile Zungu le Manzo Khulu





__________________________________________________________________________________________________________________



Contacts at the Institute: Marion Boers. Tel: 011 803-2681. Fax: 0866 199 133. E-mail: publications@translators.org.za Irene Dippenaar. Tel: 079 492 9359. Fax: 086 511 4971. E-mail: sati@intekom.co.za







SATI – E hokahanya  dipuo tse fapaneng

