Dintlha  tsa  Phethahatso









Phethahatso ya SATI e ile ya tshwara kopano moraorao tjena ka la 12 Phupjane 2008. Ka tlase, ho latela kakaretso ya dintlha tsa sehlooho tse tshohlilweng.



Mohope wa Lefatshe wa Bolo ka 2010



Bohlakisi ba ditsebo boo SATI e bo nkileng ho hlophisa databeisi (pokello) ya ditoloko naha ka bophara, ka mora ho ikopanya le Lefapha la tsa Toka, bo hlahisitse dikarabo tse ngata, tse tswang bathong bao eseng ditho empa ba sebetsana le botoloko le ho tswa bathong ba sebetsang ka dipuo tse sa tlwaelehang. SATI e tla boela e kopana le Lefapha la Toka ka Phupu ho buisana ka mohato o latelang.



Patlisiso ya ditharifi



Patlisiso ya ditharifi e ntse e etswa mme Phethahatso e ile ya thaba ho lemoha hore, letsatsi ka mora hoba patlisiso e qalwe, ho ile ha bonahala hore dikarabo di bile hlwahlwa. Patlisiso e tla kwalwa ka la 30 Phupjane mme diphetho di tla fumantshwa setjhaba kapelepele ka mora moo.



Webosaete ya SATI



Mosebetsi wa hore Webosaete e fetolelwe dipuong tsohle tsa semolao, o tseleng. Ho dumellanwe ka hore karolo ya ditho-feela (hang feela ha e sebetsa) e tla shebana le tlotlontswe le phetholelo ya mehopolo e nehelanweng ke ditho. Hape ho tla ba le karolo ya ‘Mehlodi’ setsheng sa kakaretso sa lenane la didikshenare, jj.



Borupelli



Tlhophiso ya borupelli ha e sebetse ka moo ho lebeletsweng ka teng, moo mathata a ntseng a bonahala ho fumana ditho tse ithaopelang nako e hlokahalang ho fana ka borupelli. Phethiso e dumetse, leha ho le jwalo, hore sena ke ntho e hlokolotsi katlehisong ya profeshene mme ba tla bona hore ho ka etsahala hore ho atamelwe mohopolo ona ho tswa mahlakoreng a fapaneng. Tsela e nngwe e ka ba ho tshwara diwekeshopo kgafetsa naha ka bophara.



Kananelo



Dihlahlobo tsa kananelo tsa NAATI monongwaha di tla tshwarwa ka la 23 Phupu Johannesburg le Cape Town, mme diteko tsa ditoloko ka la 12 Phupu Potchefstroom le la 14 Phupu Johannesburg.



Botho



Dieijensi tse robedi ho fihla jwale di nkile botho ba khoporeiti ba SATI, mmoho le insitutshene e le nngwe ya thuto e bileng setho sa khoporeiti. Ho ile ha tshohlwa botho ba baithuti: ka moo ho ka hohelwang ditho mokgahlelong ona le ho etsa hore botho ba bona e be ba bohlokwa ruri.








FIT



Marion Boers o tla emela Institjhute Sebokeng sa FIT, Shangai ka Phato. Ditho tse ding tse tla ba moo le tsona di ka iketsa kgokanaphiri tlasa boromuwa ba SATI.



Seboka sa Kakaretso sa Selemo le seminare



Seboka sa Kakaretso sa Selemo se ile sa tshwarwa ka Laboraro 11 Phupjane, Pretoria. Ka mora seboka ho ile ha tshwarwa seminare tlasa mookotaba wa ITD 2008 wa ‘Terminology Matters’, mme ha ba le batho ba bangata.



Dintlha tse latelang di ile tsa tshohlwa nakong ya kopano:



Tabakgolo ke hore SATI e tswelepele ka moo ho ka hodiswang maqhama le bafetoledi le ditoloko tse sebetsang ka dipuo tsa Babatsho. Bongata ba ditho tse tswang meifong ena (haholoholo ditho tse ananetsweng) ke karolwana e nyenyane ya botho (membership) bohle ba rona mme hona ho baka ngongoreho ho SATI jwalo ka institjhute ya Afrika Borwa. Modulasetulo o ipileditse hore ho etswe ditshisinyo ka moo botho ba rona bo ka holang ka teng, ha ho nahanwa mathata ka bophara mabapi le hore mmuso o hlolehile ho kenya tshebetsong Leano la Puo la Naha mabapi le dipuo tsohle tsa semmuso. Ho ile ha lemohuwa hore SATI ha e eso kotjwe hore e ntshe maikutlo mabapi le sekamolao sa moraorao sa SA Language Practitioners’ Council.



Ho ile ha sisinngwa hore SATI e tsepamise maikutlo katlehisong ya Institjhute: ditshisinyo tse ding di kenyeleditse hore ho etswe puo dikoranteng, ka ho sebedisa baithuti ba Public Relations / Marketing ho bopa boikatelo ba mmaraka le ho ba le ditho tse ananetsweng ho bua le baithuti ba phetolelo diyunivesithing ho atlehisa boitshwaro mabapi le moifo o motjha wa mathapisana a diphetolelo le kananelo le botho ba SATI. Phethahatso e ka rata ho kgothaletsa ditho ho sisinya mehopolo e metjha ya ho phatlalatsa Institjhute le ho fana ka thuso ka ho kenngwa tshebetsong ha mehopolo eo.



Ho ile ha thabisa ho amohela maikutloa matle mabapi le ditoloko tsa Puo ya Matshwao ya Afrika Borwa (SASL) mmoho le tsela ya kananelo: ho lohothwa hore letshwao la maemo mabapi le ditho tsa SASL hore di ananelwe ke SATI mme ho bonahala hore, ka dilengwana di se kae, ho tla ba thata ho sebeletsa SASL ntle le kananelo ya SATI. Hona ke tlokola ka nnete ho SATI mme ho ile ha dumellanwa hore ho lohothwe ka moo ho ka atoloswang maikutlo ana a matle meifong ya diphetolelo le botoloki.



Ho etsahetse hore tlhophiso ya komiti e kentsweng tshebetsong ngwaholakola e ke ke ya sebetsa hantle ka mehla hobane dikomiti di ile tsa fosa mohopolo oo Phethahatso e neng e o kopa ho bona. Ho ile ha sisinggwa, ha ho le jwalo hore, dikomiti di fuwe monyetla





Diphepelo  tsa  kopano  ya  moraorao  tsa  Phethahatso
 
Vol.  3  No.  2
 

 

 

 
Phupjane  2008
 

 

 

 

 

 

 


wa ho tla tlalehela Phethahatso ka mokgwa o otlolohileng. Phethahatso e ile ya tshohla taba ena mme ya dumellana ka hore mokgwa o motle haholo wa ho etsa sena e ka ba ho memela baduladitulo ba dikomiti le makala ho tla kenela Seboka sa Selemo Phethahatsong e atolositsweng (letsatsi pele ho Seboka sa Selemo) ho tlaleha ka diketsahalo le ho sebetsa ka dikgokano mmoho le ho arolelana mehopolo le baduladitulo ba bang. Phethahatso le yona e tla etsa tshalomorao le baduladitulo ba dikomiti kgafetsa mabapi le tseo ba di etsang. Phethahatso e hopotsa ditho hore ba batlang ho ba ditho tsa komiti e itseng ba kgothaletswa ho tsebisa Phethahatso hore e tsebe hore mabitso a bona a ngolwe ho kenyeletswa dikgethong tse tla latela.


Phetolelo ya Seafrikanse: Elsie Fourie Phetolelo ya Sezulu: Lungile Zungu Phetolelo ya Sexhosa: Angelinah Dazela Phetolelo ya Setswana: Pauline More Phetolelo ya Sesotho: Abel Mphanya

