Kopo ya kenela ho tshwasa ditlhapi ka sepheo sa kgwebo (tokelo ya ho tshwasa ditlhapi)
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Tumello ya ho tsamaisa seahelo sa ho lokisa tlhapi ho tshwasa ditlhapi ka sepheo sa kgwebo ho tsamaisa kapa ho tshwara dijo ho tshwara le ho tsamaisa lebese
Kopo ya tokelo ya ho batla diraftjwa
Kopo ya phemiti ya ho rafa
Ho etsa kopo ya ho rafa
Kopo ya ngodiso ya ho sebedisa metsi
Tshebeletso ya poso e sa risefuwang
Laesense ya ho tsamaisa Tshebeletso e Risefuweng y
Laesense ya Tshebeletso ya Kgaso ya Kgwebo
Laesense ya tshebeletso ya kgaso ya radio ya motse
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Diphemiti le dilaesense
Ho etsa kopo ya phemiti hoba laesense ho tshwasa ditlhapi ka sepheo sa kgwebo
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Qala pele ka ho etsa kopo ya tumello ya ho tshwasa bakeng sa kgwebo pele o ka etsa kopo bakeng sa phemiti ya ho tshwasa dihlapi bakeng sa kgwebo. Phemiti e ntjhafatswa selemo le selemo, ebang o hloleha ho phethahatsa ditlhoko tsa phemiti, ho ka etsahala hore e emiswe, e fediswe kappa e thibelwe.
Ntle le phemiti ya ho tshwasa dihlapi, o tla lokela hoba le tumello ya teransepoto ya ho tsamaisa dihlapi.
Hodimo
Mehato e latelwang
Etsa kopo ya ho tshwasa dihlapi hang kamora hoba o mengwe ka memo e tla phatlalatswa Koranteng ya Mmuso.
Fumana foromo ya kopo lefapheng la ditaba tsa Tikoloho le bohahlaudi (DEA&T) kapa sebakeng sa polokelo se hlwailweng ke DEA&T.
Ka hloko bala, mme o netefatse hore o utlwisisa ditlhoko le dipehelo tse hlokwang bakeng sa kopo.
Tlatsa, o saene mme o nehelane ka foromo le ditokomane tsohle tse netefaditsweng tse tshehetsang, mmoho le tjhelete ya ngodiso e sa kgutlisweng sebakeng se hlwailweng ke lefapha kapa ofisi ya DEA&T haufi le wena.
Motjha wa tekolo ya dikopo o tla qala hang kamora hoba letsatsi la ho kwalwa ha dikopo le phatlalatswe mme sephetho se tla phatlalatswa ka lengolo ke lefapha la DEA&T.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Mofuta wa Tumello ya ho tshwasa:
Kopo e ka nka kgwedi ho isa ho tse tharo le ho feta, ho latela palo ya dikopo tse entsweng bakeng sa ho tshwasa dihlapi.
Mofuta wa Phemiti ya ho tshwasa:
Kopo e ka nka matsatsi a supileng a tshebetso kappa ho feta ho latela palo ya dikopo tse entsweng bakeng sa ho tshwasa dihlapi.
Hodimo
Ditjeo
Mofuta wa Tumello ya ho tshwasa
Ho tshwasa hlapi
E tla ba tjhelete e behwang ke Letona kappa mokgatlo o filweng tokelo mme o hlalositswe koranteng ya mmuso bakeng sa kopo ya ho tshwasa dihlapi.
Ho tshwasa hlapi ya mofuta wa oyster e sa fetang dikete tse 60 ( 60 000 )
R100 (e ka nna ya fetolwa)
R100 (e ka nna ya fetolwa)
R200 (e ka nna ya fetolwa)
Ho tshwasa mofuta wa hlapi ya abalone ya boika ba dikilogramo tse 850 kapa ka tlase.
Ho tshwasa mofuta wa hlapi ya lobster ya lebopo le ka bophirima ya boima ba tone le halofo kapa ka tlase.
R300 (e ka nna ya fetolwa)
Ho tshwasa dihlapi ka mokgwa wa ho lesika( wa kgale) o sebedisa batho ba sa feteng bone.
Mofuta wa Phemiti ya ho tshwasa
Ditjhelete tsa jwale
R665 mmoho le tjhelete ya kopo ya R125
Ho tshwasa dihlapi ke motho eo e seng moAfrika Borwa
R150 mmoho le tjhelete ya kopo ya R125
Ho romela hlapi ho tswa kantle ho naha
R150 mmoho le tjhelete ya kopo ya R125
Ho romela hlapi ho ya kantle ho naha
R150 mmoho le tjhelete ya kopo ya R75
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Diforomo di fuwa ka tsela ya PDF. Ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Provinse:
Toropo:
Mohala:
Fekese:
Aterese ya moaho:
Aterese ya poso:
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Dilinki tse nang le dikamano
Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
