Ho tlaleha bonokwane Tshebeletsong
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Ho tlaleha bonokwane Tshebeletsong
Ho tlaleha motho ya lahlehileng
Ho sotlwa ha leqheku
Kopo ya ho kenya tletlebo ka ho hlokahala
Tefiso ya 419 e tlang pele ya boqhekanyetsi ba bom
Thibelo ya Botlokotsebe 08600 10 111
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa batho
Ho shebana le molao
Ho tlaleha botlokotsebe
Ho tlaleha bonokwane Tshebeletsong
Ho tlaleha bonokwane Tshebeletsong ya Sepolesa sa Afrika Borwa
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Tshebeletso ena e fuwa motho ofe kapa ofe ya leng lehlatsipa la bonokwane.
Hodimo
Mehato e latelwang
Ha motho a bile lehlatsipa la bonokwane, yena a ka iteanya le mapolesa ka ho letsetsa nomorong ena 10111 kapa ka ho ya seteisheneng se haufi sa mapolesa (sheba dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona) ho ya tlaleha bonokwane.
Ha lepolesa le fihla sebakeng seo bonokwane bo etsahetseng ho sona, le tla nka setatemente ho motletlebi le ho dipaki ha ho kgoneha.
Motletlebi o lokela ho etsa bonnete ba hore o boloka nomoro ena ya CAS jwalo ka referense ya dipatlisiso tsa nakong e tlang tse mabapi le nyewe ya bonokwane.
Ha motletlebi a ya seteisheneng s sebaka sa maponesa ho ya tlaleha bonokwane, yena o tla thuswa ke lepolesa ho Community Service Centre (Setsi sa Tshebeletso ya Setjhaba).
Lepolesa le tla qala ka ho buisana le motletlebi e be le nka setatemente ho tswa ho yena, e be le rejistara bonokwane boo bo tlalehuwang ho CAS.
Motletlebi o tla nehwa nomoro ya CAS e lokelwang ho sebediswa bakeng sa dipatlisiso tsohle tse mabapi le nyewe ya bonokwane e tlalehuweng.
Dokete ya nyewe e tlatsitsweng e nehwa lefokisi le tla fuputsa ka yona. Dipotso tsohle di lokelwa ho lebiswa ho lona lefokisi lena.
Lefokisi le tshwereng nyewe e itseng le tla phetha diphuputso e be le fana ka dokete lekgotleng le tshwanetseng la dinyewe bakeng sa qoso.
Lefokisi le tla tsebisa motletlebi hore o tshwanetse ho tla neng lekgotleng la dinyewe bakeng sa mamelo ya nyewe.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
O tla thuswa ka potlako.
Hodimo
Ditjeo
Tshebeletso ena ke mahala.
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Lepolesa le nkang setatemente sa hao le tla tlatsa foromo.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
