Mistakes (329)

O ithutile eng sehleng se fetileng?



Instructions:

Folio Strap: Tlhahiso

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA



Ha eba o ilo etsa diphoso lemong se tlang, etsa diphoso tse ntjha! Dula o hopotse tse latelang mabapi le sehla se tlang:

Ke taba e bonolo, ha pula e sa ne (jwalo ka ha ho etsahetse bakeng tse ngata lemong se fetileng), ha ho kotolo ya letho. Le ha ho le jwalo, ha pula e na, o na le monyetla o motle wa ho fumana dijothollo.

Ho se tebe ha mobu ho kgema mmoho le kotsi e shebaneng le sehwai sa dijothollo.

Balemi ba sebetsanang le masimo a bona ka nepo nakong ya sehla sa mariha le pele ho nako ya ho jala, ba monyetleng o motle wa ho fumana dijothollo tse ntle. 

Ha o nka disampole tsa mobu ka nepo, le ho kenya manyolo ka nepo, o tla fumana dijothollo tse ntle.

Mahola ke thohako ho molemi ruri – mahola a nka mongobo, menontsha, kganya le moya, e leng tse tshwanetseng ho sebediswa ke dijothollo tsa hao – laola mahola ha eba o batla ho ba molemi wa makgonthe.

A ne a fete kgale matsatsi ane a ‘kgwaphokgwapo, ebe o se o jala’ – tse tshwanetseng ho sebediswa masimong, di phahame ka theko, mme ha ho motho ya ratang ho kena temong ka mekgwa e fokolang ya temo.

Mmaraka o nepahetseng wa dijothollo ke taba ya bohlokwa – ha o fumana keletso e ntle, le tsona diporeisi tseo o tla di fumana di tla phahama jwalo feela. Ha ho kgonahale hore motho e ka ba setsebihadi nthong tsohle- Se senye nako, batla keletso mabapi le mmaraka.

Hopola – hore o fumane phaello, o tshwanetse ho kenya lehetla tshebetsong ya masimo a hao, ho reka tse sebediswang, tse kang manyolo, ho jala dimela, ho batalatsa mobu o ka hodimo (hangata) ho laola mahola le dikokwanyana tse tshwenyang, ho inshora dijothollo le yona kotulo. Ke taba e hlokolosi ho etsa ditekanyetso tse nepahetseng – Ke taba e se nang kelello ho jala dimela masimong a fetang matla a ho a sebetsa. Ebile ho molemo ka ho fetisisa ho jala masimo a manyane ao motho a ka a sebetsang ka ho phethahala. 

Ho adima tjhelete ho a thusa, empa re nne re hopole hore tjhelete eo e tshwanetse ho boela e kgutliswa hape. Ho molemo ho sebetsana le polasi e nyane eo o tsebang hore ke ya hao, ho ena le ho sebetsana le polasi e kgolohadi eo o e sebetsang ka tjhelete eo e seng ya hao, ka dikoloto! Hopola hore phaello e a bolaya!

