soothoooooo.217.soil
Se sa tlwaelehang
Eka re boswaswi - bathong ba jang le ba o rekisang - ba beha maphelo a bona kotsing...
Thuli Mercy Mohale, wa Orlando East, Soweto, o ne a kgutle ntlheng ya lebitla, o re o bakile. Ngwanana enwa ya dilemo di 19 o na le sekaqa ka mpeng se mo kudisitseng dikgwedi. Nakong eo a neng a etswa opereishene mane sepetleleng sa Chris Hani Baragwanath, dingaka di ne di fumane sekaqa sa mobu se kwahetsweng ke madi.
Mathata a na a ne a qale ka hore a honyele. Popelo ya Thuli ya qala ho tswa madi. A se ke a tseba ho ema le ho tsamaya.
"Ha mathata ana a qala, ke ne ke sa tsebe hore sesosa ke mobu ona oo ke o jang," ho rialo Thuli.
"Ke ne ke o rata mobu, ke ne ke tsoha le hara kgitla ke o je. Ke ne ke o ja hararo ka letsatsi.
"O ne o nkgela ha monate, ho sa dumele ke o tlohele. Ke motswalle wa ka wa moimana ya neng a ntlwaetse ho o ja." O ne a o reka barekiseng ba mebileng ka R1 pakethe ka nngwe. Ho na le o mosweu le o sootho, nna ke rata ona o mosweu.
Ka bomadimabe, mobu ona ha o fumanehe mona Soweto, o fumaneha Ekuthuleni.
Mobu o a pipitlela. "Mmele wa ka o ba bohloko kaofela, hape ke ikutlwa ke na le modikwadikwane. Ka theoha mmeleng ka 15kg kaofela," ho hopola Thuli.
"Ke ne ke ye dingakeng tsa setho tse neng di mpolelle hore ke se ye sepetlele hobane di re ha nka ka etswa opereishene ke tla shwa.
"Ba ne ba nnehe moriana wa ho nwa - empa ho se bobetere."
Qetellong ka mora selemo kaofela, Thuli a etswa opereishene. Ba ne ba qale ba mpolella hore ba tlameha ho suthisa popelo ya ka pele, empa ha morao ba boela ba ho phema hoo.
Bophelo ba hao ka kakaretso bo ne bo le jwang" "Ho ne ho eme ntho e nngwe le e nngwe. Ke apolwa ke apeswa. Ke babatswa ho fokola, ho rialo Thuli.
"Bang ba ne ba re ke na le EITSI.
"Opereishene e mpholositse!"
Thuli jwale o pholohile, mme o lemohisa bao ba sa ntseng ba ja mobu.
"O tloheleng!" ke yena eo. "Ha o a loka hohang. Mohlomong o ke ke wa ba lehlohonolo jwalo ka nna."
Ba o rekisang bona"
"Bang ba a o pata, ha ba bang ba o rekisa pepene. Batho ba tlameha ho hanelwa ho rekisa mobu ka molao," ho rialo Thuli. "E ka ke boswaswi - bathong ba jang le ba rekisang mobu - ha se ntho e ntle, batho ba beha maphelo a bona kotsing."
Sebui sa sepetleleng sa Chris Hani Baragwanath, Hester van den Heever, o re batho ba ja mobu hobane ba o lakatsa.
"Takatso ena e bakwa ke ho hloka iron mading.
"Thuli yena o ne a tswe madi - ka hoo a fellwa ke iron mme a lakatsa mobu le ho feta."
"Mobu o a pipitlela, ho rialo Matron Linda Hlatshwayo wa Tjakastad Clinic mane Mpumalanga. "E bile hape e baka le mathata a lela la sebono.
"Mobu o ruruhisa methapo kapa lona lelana - motho o a ruruha, ho be boima ho ya ntle. "Takatso ya mobu e bakwa ke monko wa lerole, haholoholo ha le qeta ho fafatsa o tla utlwa ho nkga lerole ha monate."
"Basadi ba a o rata mobu," ho rialo, Sipho Magagula wa lekeishene la Tsakane mane Brakpan. "Ke reka lebokose la ona ka R35 mane Daveyton, Benoni mme ke etsa dipakana tseo ke di bitsang R1 pakana ka nngwe.
"Ba bang ba o jella ho thibella kemaro, ha ba bang ba o jella monate." [s]
Tjhe bo, ha se dijo!
pale le ditshwantsho ka FORCE KHASHANE
ditshwantsho ka CLIVE THOMPSON
BONA SESOTHO - June 2006
u
t
BONA SESOTHO - June 2006
KE mohaladitwe, o motle, ke serutehi sa yunivesithing. Ekaba ba kgona jwang ho emelana le maemo ao kaofela"
Ho tsitsipana"
Ba kgona jwang"
Tsuba kwae!
"Ke dutse ke tshwarwa ke hlooho," ho hlalosa Nqobi (eo re sa sebedisang lebitso la hae la nnete), o dilemo di 32, empa o bonahala e ntse e le pabala "dingaka di ne di mpolelle hore ke tlohele dipidisi tsena tsa mahloko. Kwae e ne e nthuse."
Empa ha a e qoqe taba ena metswalleng ya hae.
"Ha ba bua, ba nyefola kwae, ke e ke ithulele ke re tu," ho rialo yena.
Ha a mong tabeng ena. Thoko ya dilemo di 25, le yena o tsuba kwae ya dinko, o sebetsa lebenkeleng la fenishara e pele mme le yena ha a rate ho bonwa a tsuba kwae. "Ke e tsuba boinotsing ba ka.
O qeta ditsubelo tse pedi ka letsatsi. "Ha ke se ke tsuba, ke e ke lebale le ho ja. Monate wa yona o etsa ho keleketle meokgo marameng."
Christine le yena ke e mong wa banana ba rutehileng, o dilemo di 30 mme le yena o tsuba kwae ya dinko. O ne a e qale a sa le sekolong.
"Hlooho ke yona e neng e ntsubise kwae," ho hlalosa yena.
Christine yena o bile o a porompa.
"Ha ke e tsuba ka dinko, ke tswa mokola," ke yena eo.
O tsuba hararo ka letsatsi - hoseng, motsheare le mantsiboya pele a robala.
"Ke dula hora ka mora ho tsuba pele ke itsukunya." Meno a hae a ntse a le masweu le ka mora dilemo tse kaalo a qadile kwae.
""Ha ke kgathale hore mang o reng ka ho tsuba ha ka," ho rialo Christine.
"Metswalle ya ka e dutse e mpona ke ntse ke tsuba."
O re tsela eo e seng e mo kene mading ka yona, ha a sa e fumana, a ka tima bana le dijo.
Ho bolelang hore dikhampane tsa kwae di se di tla kgona ho ba le bareki ba bangata jwalo ka bana ba etsang dipampiri tsa ho ya matlwaneng.
Ha se ya bonkgono feela!
