Livestock (Maize) 								SESOTHO



Mehlape le dijothollo – di nyalana hantle



Instructions:

Folio Strap: Keketso ya boleng

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Balemi ba bangata ba atlehileng ke ba kenyeleditseng mehlape bohwaing ba bona. Dikgomo le dinku hangata di sebedisetswa ho ja masalla a dijothollo hammoho le ho fula makgulong a polasi. Ke taba ya bohlokwa ka ho fetisisa ho sebedisa mobu o leng teng ka mokgwa o hlwahlwa – ha ho bonolo ho etsa phaello boleming, mme ka hoo, bonyane ba se ka kenang bo thusa haholo.



Naheng ya rona, hangata re bona ho fudiswa ho feta tekano. Re mohau haholo ka sena hobane ke se bakwang ke ho boloka dikgomo, dinku le dipodi tse ngata masimong, mme sena se qetella se bakile hore mobu o hlolehe ho fepa diphoofolo. Ho fudisa ho feta tekano ke ho shebela dintho haufi haholo, mme re tshwanetse ho leka ho nnetefatsa hore re be le diphoofolo tse lekanang karolo ka nngwe. Ha eba o se na bonnete hore masimo kapa naha ya hao e lokelwa ke diphoofolo tse kae, ikopanye le lefapha la hao la selehae la Temo; ke bona ba tla o etsetsa tekolo e phethahetseng. 



E nngwe ya dibaka tsa sehlooho tse tshwenyang ke mobu wa setjhaba. Bothata ha se mokgwa ya kgiro ya mobu – bothata hantlentle ke tsamaiso/tlhokomelo ya mokgwa o sebediswang. Mobu kaofela o tshwanetse ho hlokomelwa, mme mang kapa mang ya leng ka sehloohong o tlamehile ho etsa diqeto tse nepahetseng le hoja a ke ke a ratwa nakong e kgutshwane. Ha diphoofolo di le ngata ho feta tekano seratswaneng sa mobu, tse ding di ka mpa tsa rekiswa. Qala ka ho rekisa diphoofolo tse sa o tsweleng molemo.



Mehlape

Mehlape kjaofela e tshwanetse ho hlophiswa ho ya ka Diyunite tsa Mehlape e Meholo (Large Livestock Units, e leng LSU). Mokgwa wa ho fetolela sena o bontshwa theiboleng ya 1.

Hopola hore sepheo sa mosebetsi ona ke ho laola sekgahla sa mehlape polasing.



Theibole ya 1:

Mohlape
 

 
Palo
 
Phetolelo
 
LSU
 
Poreisi/LSU

Tekanyetso
 
Boleng
 

 
Mohlape o moholo
 
E meholo
 

 
1
 

 

 

 

 

 
Ya selemo
 

 
0,5
 

 

 

 

 

 
Pholo
 

 
1,2
 

 

 

 

 
Mohlape o monyane
 
E meholo
 

 
0,25
 

 

 

 

 

 
Dikonyana
 

 
0,1
 

 

 

 

 
Kaofela LSU
 

 

 

 

 

 

 


Se o etsang motho ya atlehileng ha se palo ya diphoofolo tsa hao, empa ke boemo ba diphoofolo hammoho le tlhahiso ya tsona. O tshwanetse ho fumana namane kgomong e nngwe le e nngwe selemo le selemo – ke hona o nang le kgwebo. Ke moo o ka etsang qeto hore ke phoofolo efe e tla rekiswa, mme ka ho etsa jwalo, tjhelete e a kena.

