Legal (Maize)										 SESOTHO

Boemo ba semolao ba kgwebo ya hao

Instructions:

Folio Strap: Keketso ya Boleng

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Mokgwa o motle ka ho fetisisa wa ho rala kgwebo ya hao ya temo ke wa ho itshebetsa o le monga thepa ya ikemetseng a le mong – se ke wa ikenya kgwebong le batho ba bang. Kaofela ha rona re fapane – ba bang ke ba sebetsang ka matla, ba bang bona ha ba etse jwalo; ba bang ba rata tlhahiso ya mehlape, ba bang ba rata tlhahiso ya dijothollo; batho ba bang ba tshaba dikoloto, ha ba bang ba sa di tshabe; ba bang ba nka bolemi e le mosebetsi wa bona ka hohlehohle, mme ba bang ba nka bolemi e le feela mosebetsi wa tlatsetso.



Ha eba o sebetsa o le mong polasing, efela ke wena ya tshwereng marapo – sena ha se bolele hore ha o hloke dikeletso. O tlamehile maoto le matsoho ho fumana dikeletso bathong ba nang le boiphihlelo, empa ha eba o kgona ho laola dintho, o ka nna wa etsa diqeto le ho di kenya tshebetsong nakong e nepahetseng. Dikgwebo tse ngata di putlame ka ha diqeto di etswa ke sehlopha se itseng sa batho – ba bang ke ba sa tsebeng hantle, ba bang ha ba tsotelle, ba bang ha ba sebedisane le ba bang, ba bang ba tshaba ho itlama, ba bang ha ba tle dikopanong, mme ka baka lena, kopano ya sehlopha e sitwa ho fihlella palo e lebelletsweng (quorum) e ka dumellang sehlopha ho etsa diqeto. Bolemi ha se papadi, mme ha eba o iphumana o le mohaung wa diqeto tse etswang ke batho ba bang, o hle o tsebe hore kgwebo ya hao e se e ntse e le tseleng ya ho putlama.



Boemo ba semolao 

Mokgatlo ya Thepa ya Setjhaba (CPA)
 

 

 
E sebedisanang le ba bang
 

 

 
Trusete
 

 

 
Khamphane
 

 

 
Tshebedisano e kwetsweng
 

 

 
Kgwebo ya kemonosi
 

 

 
Boarolelani
 

 

 


Boemo ba semolao ba kgwebo ya hao bo na le ditlamorao tse nammeng haholo – mabapi le ho etsa diqeto, ho kenya tshebetsong, ditefo mabapi le mosebetsi o entsweng, karolelano ya phaello le lekgetho. Leka ho nolofatsa dintho.



Ha eba o itshebeletsa o le mong, ha ho letho le o thibelang ho ba setho se sebetsang le ba bang. Ha re kgothaletse hore o sebetse le ba bang. Itshebeletse wena ka bowena, mme o be setho se sebedisanang le ba bang (co-operative) ka sepheo sa ho reka o rekisa. Ha eba o setho se sebetsang mmoho le ba bang, le ka reka mmoho, mme la fumana poreisi tse ntlenyana ka ha le tla be le reka thepa e ngata. Jwalo ka setho se sebetsang le ba bang, le ka rekisa mmoho – sena se thusa bao ba sa hlahiseng ho lekaneng, hore ba kgone ho ithekisetsa bona ka bobona (dijothollo di hloka boholo bo itseng ba konteraka – 50 ditone kapa 100 ditone). O ka sebedisana le ba bang molemong wa bohle, empa ha ho motho ya lokelang ho kgina tswelopele ya hao.

