
Kopo ya ho romela kantle ho naha diphoofolo, di-embriyo, di-ova le lero la botona
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Tumello ya ho romela kantle ho naha e tswang ho Registrar of Animal Improvement  e a hlokahala pele o ka romela kantle ho naha diphoofolo kapa dintho tsa lefutso tse kang di-embriyo, di-ova kapa lero la botona ho tswa Afrika Borwa. Mokgatlo wa batswadisi o tshwanelehang kapa bolaodi bo ngodisang o tlameha ho kgothaletsa ho romela kantle ho naha.

Kopo e tlameha ho nehelwa ho Mongodisi nakong ya matsatsi a 30 pele ho thomelo kantle ho naha.

Hodimo

Mehato e latelwang

Laolla foromo ya kopo ho inthanethe mme o e tlatse ka botlalo. Foromo hape e ka kotjwa ho Registrar of Animal Improvement .
Dikopo tse sa tlatswang ka botlalo di tla kgutlisetswa ho mokopi.
Hokela mananeo a bontshang tlhahisoleseding ka bafani ba di-embryo, di-ova kapa lero la botona kapa diphoofolo tse tla ba ditswantle jwalo ka karolong ya C ya foromo ya kopo.
Tefello e nepahetseng e tlameha ho felehetsa kopo ka nngwe. Etsa tjheke kapa otoro ya poso e lefuwang ho: The Director-General: Agriculture. Dintlha tsa banka ke:
Standard Bank
Lekala: Arcadia
Nomoro ya Akhaonte: 011219556
Khoutu ya lekala: 000845/010845
Romela dikopo ho mokgatlo o tshwanelehileng wa batswadisi kapa bolaodi bo ngodisang bakeng sa kgothaletso.
Romela kopo ho:
The Registrar of Animal Improvement
Private Bag X138
Pretoria
0001

Hodimo

Molao o sebediswang



Animal Improvement Act, 1998  
Animal Disease Act, 1984   with amendments

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo e tla amohelwa nakong ya matsatsi a 30.

Hodimo

Ditjeo

R79

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application to export animals/embryos/ova/seme 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


