Harvest										Sesotho



Dikeletso mabapi le tsamaiso ya kotulo



Instructions:

Folio Strap: Metjhine

Byline: Tlhahisoleseding e nkilwe Thutong ya Grain SA ya Terekere le Tlhokomelo ya Disebediswa tsa Polasing



E batla e le nako jwale ya ho kotula le ya metjhine e meholo e kotulang, e nang le dikarolo tse sebetsang, tse hlokang ho behwa leihlo – di-bearings, di-seal, mabanta a V-belt le diketane. Ha eba o hlile o hlokometse dikarolwana tsena, o tla ba le mathata a manyane nakong ya sehla sa kotulo.



Ho tlotswa ka oli ha di-bearing

Mofuta wa di-bearing o kgahlanong le ho hohlana ha ditshepe, ka tlwaelo ha o fele feela ha bonolo – mofuta ona o hloleha feela ka baka la mokgathala. Ho hatelleha, boima ba merwalo le motjheso, ke dintho tse bakang hore tshepe e lahlehelwe ke matla. Ke nnete, di-bearing tsa mofuta ona o lwantshanang le kgohlano, o tla fela ha eba o sa hlokomelwe hantle ka oli.

Oli e tlamehile ho etsa mesebetsi ena e meraro:

Ka nako tsohle ho be teng olinyana pakeng tsa dikarolwana tsa tshepe e le ho thibela ho hohlana;

Ho fokotsa kgohlano pakeng tsa dibolo kapa dirolara le se bitswang “separators”;

Ho thibela mafoome ka ho tlotsa dikarolwana kaofela ka oli sepheo e le ho di tshireletsa.

Ntle le ho sebedisa grease gun ‘kerise gun’ dikarolwaneng tse kang di-bearing, mekgwa ya ho pakella le ho rothisa, le yona ke e meng. Hopola hore sepheo le tshebediso ya di-bearing ke tsona tse laolang mofuta wa setlotsi (lubricant) se lokelang ho sebediswa le hore se sebediswa kgafetsa hakae. Di-bearing tse ding, jwalo ka di-bearing tsa mabidi, di hloka ho tlotswa ka mora nako e teletsana. Di-bearing tsena hangata di hloka ho pakellwa ka kerise, e leng moo ho ka sebediswang sesebediswa sa pakellang kapa motho a ka etsa jwalo ka letsoho. Hopola hore tshebediso e ngata haholo ya kerise (grease) e ntse e le kotsi feela jwalo ka e nyane haholo. Ha ho sebediswa kerise a ngata haholo, ho matha ka matla ha bearing ho baka kgohlano le motjheso, e leng se kgannelang ho putlameng ha bearing pele ho nako ya yona. Hape, latela ditaelo tsa baetsi ba di-bearing.



Re ka re ka kakaretso, tlatsa ka halofo mofuta ona wa di-bearing tse lwantshanang le ho hohlana. Tlosa kerise e ngata haholo, e sa hlokahaleng. Ka di-bearing tsa mofuta wa bolo le mofuta o bidikang (roller), tlatsa mahlakore ohle ka kerise, ebe o bidikisa makgetlo a mmalwa hore kerise e sa hlokahaleng e tlohe.



Pele o ka kenya di-bearing moo di tshwanetseng ho kenngwa teng, tlotsa pele ka kerise. Se ke wa topela kerise e ngata haholo – sena se tla etsa hore kerise e futhumale, mme e qetelle e tswile ka hara bearing. Sena he, ke sona se bakang ho kgathala le ho senyeha ha bearing.



Tlhokomelo ya mabanta a V-belt 

V-belts ke mabanta a sebetsang haholo matsatsing ana a kajeno, mme ka baka lena, tabakgolo eo re batlang ho e tshohla mabapi le tlhokomelo, ke ya mabanta ana. 



Ditshitiso metjhineng

O mong wa melemo ya sehlooho ya mabanta a V-belt ke bonolo ba ho a hlahloba. Ka ho sheba feela le ho mamela, matshwao a ho fela kapa kgohlano e tlwaelehileng, a kgona ho bonwa. Lebanta le seng le otla kaekae ho e nngwe ya ditshepe kapa masenke, le etsa modumo o itseng, o supang ntle le pelaelo hore phoso e teng. Kgohlano ena e ka nna ya potlakisa ho fela ha lebanta, haholo mabanta a phuthetsweng, mme sena se ka fokotsa bolelele ba nako ya ho sebetsa ha lebanta. Moo lerata la tshepe e nngwe le etsang hore lerata le leng le se ke la utlwahala, ho bohlokwa hore ho dulwe ho hlahlojwa ka mahlo kgafetsa, ho shejwa mabidi ao ho kentsweng di-bearing ho ona, ao lebanta la V-belt le mathang ho lona. Ho thwanetse ho shejwa hantle hore moo lebanta le mathang teng ha ho a senyeha kapa ho kobeha. Ee, ke nnete, lebanta le ka nna la fediswa ke ho foforeha kapa ho eboha – e leng letshwao le leng la ho hohlana.



Ho se nepane hantle ha di-pulley ke e nngwe ya dintho tse tshwanetseng ho shejwa nakong ya ho hlahloba metjhine ya hao. Le hoja ho se nepane hantle ho feteleditswe ho ya ka setshwantsho sa 1, ho bontsha sesosa se seng se atileng sa bophelo bo bokgutshwane ba lebanta. Di-pulley hangata ha di eeme ka nepo hobane drive le di-shaft tse tsamaiswang di sa nepana hantle. Setshwantsho se bontsha mefuta e tlwaelehileng haholo ya ho tswa nepahalong (alignment) – e leng hore tsohle di bakwa ke di-shaft tse sekameng, tse sa bapang ka nepo e feletseng. 



Mohlomong mokgwa o motle ka ho fetisisa wa ho etsa hore nepahalo e be teng ke wa ho sebedisa ntlha e otlolohileng pakeng tsa mahlakore a mabidi (pulleys) (Setshwantsho sa 2). Ntlha e otlolohileng e tshwanetse ho thetsa mabidi metsung e mene. Ebe o bidikolosa pulley ka nngwe le ho ela hloko hore ha ho moo ho thetsana le ntlha e otloloholeng, ho fetohang teng na. Ha eba ho le jwalo, sena se bolela hore ase e kobehile kapa pulley e sekame.



Mokgwa o mong ke ho sheba ntlha ya pulley hore e nepane ka nepo le lebanta. Phoso ya ho se nepahale e tla bontsha hore ho kobeha ho teng lebanteng moo le kenang kapa le tswang ho pulley. Mabanta a V-belt hobane a tenyetseha, a kgona ho dumella monyetla wa ho se nepane (misalignment) ho feta mefuta e meng e sebedisang matla. Empa le ha ho le jwalo, moedi o teng o sa tshwaneleng ho tlolwa ha eba di-pulley tsena di tshwanetse ho phetha mosebetsi wa tsona.



Ho sa nyalane ha mabanta 

Metjhineng e sebedisang pulley tse ngata, mabanta a tshwanetse ho nepana hantle e le hore boima bo jarwe ka ho lekana pakeng tsa mabanta. Ha eba boima bo sa jarwe ka ho lekana, mabanta a makgutshwane ke ona a tla etsa mosebetsi a le mang.



Setshwantsho sa 3 se bontsha mabanta a sa nyalanang hantle. Ase ena e na le mabanta a supileng a matjha, empa le leng (sheba motsu) le bontsha hore le itsamaela feela. Le hoja mabanta a le matjha, lebanta le ka ntle lona ho hlakile hore le leleletsana, mme ka hoo ha le etse mosebetsi wa lona wa ho jara boima. Nakong eo o shebanang le ho se nepane ho ka nnang ha etsahala, sheba ho nyehla ha mabanta lehlakoreng le tiileng la ase – lehlakoreng leo ho lona mabanta a atametseng motjhine (motor). Ha eba mabanta a lekana ka lehlakoreng lena (le hoja a sa lekane hakaalo lehlakoreng le nyehlileng), mabanta a jere hantle boima ba ona. Ho etsa bonnete ba ho nyalanya mabanta, mabanta ana a V-belt a tshwailwe ka dinomoro ho ya ka boholo ba mabanta.



Mabanta a kgathetseng

Mabanta kaofela a na le ho fela ho itseng ha a ntse a sebetsa. Ha a fela, a kenella hare ka hara diforo tsa mabidi a di-pulley. Ka baka la ho kenella hare hona, lebanta le fetseng le qetella le le ‘lelelele’ ho feta le letjha. (Lebanta le fetseng le bile le a saroloha ha nako e ntse e eya). Ho bohlokwa he, ho ntjhafatsa mabanta kaofela le ha eba ke le le leng feela le fetseng. Ha eba ho kengwa lebanta le le leng feela, seo se baka hore lebanta leo le be lekgutshwanyane ho feta a mang.



Setshwantshong sa 4 ke lebanta feela le fetseng leo ho kentsweng le letjha bakeng sa lona. Ka hobane mabanta a tsofetseng a fedile, mme a bile a sarolohile, lebanta le letjha le hula ka falese hobane le jere boholo ba boima. Hape, ka ha mabanta a supileng, ho hlakile hore a a hlokahala ho fihlella ditlhoko tsa matla (horsepower) a tshebetso, mojaro o fetang tekano (overload) ruri o tla kgutsufatsa nako ya tshebetso ya lebanta le letjha. 



Setshwantshong sa 5, seteng ya mabanta kaofela ho kentswe a matjha, mme lebanta ka leng le jere boima bo le tshwanelang ka ho lekana. Ha mabanta a hula ka ho lekana tjena, a tla fana ka tshebetso e ntle e lebelletsweng ho ona. Ditjeo ha di a phahama hakaalo mabapi le ho kenya mabanta a matjha bakeng sa a kgale, moo e leng lebanta le le leng feela le seng le kgathetse. Ke tiisetso kgahlanong le ho putlama hara nako hammoho le tlhahiso e ka lahlehang. 



Ho tiya ha lebanta

Ho tiya ho fokolang ho baka ho thella kapa ho tshwara-ho-tlohela, e leng se bakang ho kgaoha ha lebanta. Ha eba lebanta le sa kgaohe, ho thella ho tla baka tshenyo e kgolo, dibaka tse hlepholehileng, le hona ho tjhesa ho fetang tekano (overheating). Ho tiya ho fetang tekano le hona ho baka ho tjhesa ha lebanta le ho saroloha ho fetang tekano hammoho le tshenyo ya dikarolwana tse kang di-shaft. Ho tiya ho fetisang ho boetse ho beha di-bearing bothateng bo boholo.



Hopola hore V-belts di tshwanetse ho matha mahlakoreng a di-pulley tse tlwaelehileng, eseng diforong tse ka tlase. Ho tiya lebanteng le letjha ho tshwanetse ho behwa leihlo nakong ya dihora tsa pele tse 24 tsa tshebetso. Mona ke moo tekanyo e nepahetseng e etswang teng le moo ho saroloha ha pele ho simollang teng.



Ho thella ha lebanta

Le hoja mabanta a kgwehlang a atisa ho thella, sesosa e ka nna ya ba mojaro o fetang tekano (overload). Ha eba ho tiya ha lebanta ho lekane hantle, empa lebanta le ntse le thella, mojaro o fetang tekano e ka lona lebaka. Le ka mohla, ha o lokisa phoso ya ho thella, se ke wa pitlahanya sekatana kapa eng kapa eng hore lebanta le tiye. Moo o lekang ho fokotsa ho thella, dikatana tseo di ka nna tsa nolofala, mme V-belt ya senyeha le ho feta.



Lerata la lebanta (ho tsetsela) 

Modumo o mosesane o ba teng nakong eo motjhine o dumelang fatshe (idling speed). Modumo o tshwana le wa nonyana kapa wa bearing e ommeng, mme o atile haholo ha ho sebediswa di-pulley tsa tshepe tse hatelletsweng. Modumo ona ha o fumanehe feela moetsong o itseng kapa mefuteng e itseng ya mabanta, empa o atisa ho ba teng nakong tsa hoseng ha ho bata, ho le mongobo kapa tlasa maemo a marole. Modumo ona ka boona ha o kotsi, empa phoso ke hore hangata o nkuwa jwalo ka ho thella ha lebanta. Ke ka hoo, mabanta hangata a tiiswang hoo ona kapa di-bearings di qetellang di lemaditswe ha bohloko. O se ke wa kenya dikatana kapa oli e le ho leka ho fedisa modumo ona. 



Lerata le lelelele la lebanta

Ho teng lerata la modumo o molelele o kang wa ho tsetsela, le bang teng nakong eo motjhine o eketsang lebelo la ho matha kapa ha lebanta le hula ka thata ho feta tekano. Ke bopaki bo feletseng hore lebanta le a thella, mme sena se tshwanetse ho batlisiswa. Sesosa hangata ke maemo a ho tiya ha lebanta. Ha lerata lena le ntse le tswela pele le ha mabanta a se a lokisitswe le ho tiiswa hantle, (drive) tshepe e sothehang ka boyona e tshwanetse ho hlahlojwa hore e se be e hula ka thata ho feta tekano. Hape, le ka mohla o se ke wa sebedisa dikatana kapa eng kapa eng eo o nahanang hore e ka thusa ho tiisa lebanta.

Tlhokomediso: Ka nako tsohle, tsohle tse tshireletsang mabanta di dule di le teng.



Diketane

Ho hlepha ha diketane

Ho hlepha ho nepahetseng ho hlokolosi mabapi le tshebetso e nepahetseng ya diketane. Ho fapana le mabanta, diketane ha di hloke ho tiiswa ho etswang kgetlong la pele, mme ha di a lokela ho tiiswa pela meno (sprockets). Dikarolo tse tsamaisang motjhine (drives), tse tiisitsweng ka nepo (Setshwantsho sa 6) di tshwanetse ho dumella ho hlepha ho itseng ka letsoho, e leng ho ka etsang 2% karolong e mahareng.



Diketane tse tiisitsweng haholo 

Ha ketane e tiile haholo (Setshwantsho sa 7) dikarolo tse sebetsang di jara ha boima ho feta ka moo ho lokelang, mme di sebetsa haholwanyane le ho feta, empa di sa fane ka tshebetso e tswileng matsoho ho feta ketane e tiilsitsweng ka tshwanelo. Sena se baka ho fela ho potlakileng ha ketane ka baka la kgatello e eketsehileng dikgokahanong (joins). Ho phaella tabeng ena, sena se baka boima bo fetang tekano le ho fela ho potlakileng ha di-shaft bearing.



Diketane tse hlephileng haholo 

Ho hlepha ho fetang tekano le hona ho kotsi (Setshwantsho sa 8). Haholoholo disenthareng tse telele haholo (moo mabidi a arohaneng haholo), ho hlepha ho hoholo haholo ho baka ho thothomela le lerata la ketane, e leng se tla fokotsa ho tshwarella ha ketane. Disenthareng tsena tse telele, ho hlepha ho tshwanetse ho thibelwa ka ho tshehetswa kapa ka ho kenya mabidinyana a nang le meno, a ka thusang hore ketane e se hlephe haholo kapa hona ho kenya ‘guides’ tse tla laola moo ketane e tsamayang teng. Masenke kapa tshepe tse sehilweng (strips) e mpa e le tshehetso ya ketane hore e se hlephe ho feta tekano.



Ka moo diketane di hulehang/sarolohang ka teng 

Ho huleha kapa ho saroloha ho bang teng ketaneng ha e ntse e sebetsa ho bakwa ke ho fela moo ketane e hokahantsweng teng, ebe sena se baka ho senyeha ha karolo e ka ntle ya bearing. Ka mora nako e itseng ya tshebetso, ho hlepha ho tshwanetse ho fediswa e le ho qoba taba ya ho qhoma ha ketane menong ao e tsamayang ho ona. 



Ka moo o ka lokisang boemo ba ketane ka teng (Setshwantsho sa 9)

Beha rulara ka hodima sebaka moo ketane e hlephileng teng, ebe o hulela fatshe karolo e bohareng ba bolelele ba ketane. Metha hore ho hlepha ho teng ke ho hokae ho tloha karolong e ka hodimo ya ketane ho ya tlase. Ha ho hlokahala, etsa phetoho di-aseng tsa mabidi hore di atamelane kapa di arohane e le hore o fihlelle ho hlepha ho lokelang.



Ela hloko: Mabiding a mangata – haholoholo tshepeng e thata – meno a ka nna a se lekane ka ho phethahala dikarolong kaofela tsa ona. Ka baka lena, etsa bonnete hore o sotha lebidi makgetlo a mangatanyana ho hlahloba ho hlepha dikarolong kaofela tsa lebidi. Diketeneng tse telele, tse tsamaisang thepa e boima kapa di-eleveithara (elevators), ho hlepha hangata ho laolwa ka ho hula ketane karolong e hare ya yona, moo ho nang le sekala ka lehlakoreng le le leng, ebe ho methwa ho hlepha ho ya ka dikilokeramo tse kgothaletswang tsa ho hula.

Tlhokomediso: O se ke wa leka ho lokisa ho hlepha ha ketane nakong eo e ntseng e sebetsa ka yona.



Tlhwekiso ya diketane

Tlhwekiso e etswang ka nako tse lokelang ke ho baballa ditshenyeheo, le ha eba maemo a tshebetso e le a ntseng a lokile. Latela mehato ena:

Mohato wa 1: Ntsha ketane menong a lebidi;

Mohato wa 2: Hlatswa ketane mafureng a diesel;

Mohato wa 3: Qhala diesel, ebe o inela ketane ka hara oli;

Mohato wa 4: Aneha ketane hore oli/diesel e fophe;

Mohato wa 5: Kgutlisetsa/kenya ketane.



Ho tlotswa ha ketane

Mabaka a mane a qobellang hore diketane di tlotswe ka oli:

Phokotseho ya ho kgathala/fela;

Tshireletso kgahlanong le mafoome, ho senyeha le motjheso;

Thibelo ya ho mamarelana;

Ho beha ketane boemong ba ho jara kgatello mona le mane nakong ya tshebetso.

Ho tlotswa ka oli mohlomong ke ntlha e bohlokwa ka ho fetisisa tshebetsong e telele ya ketane. Diketane tse sebediswang di omme, ke taba e tsejwang hore di kgathala nakong e ka tlase ho hora tse 200. Ho tlotswa ho iketsetswang ka matsoho ho ka nna ha eketsa tshebetso ya ketane makgetlo a mararo ho isa ho a leshome ho feta moo oli e sa sebedisweng teng.



Oli e dutlang ka ntle ketaneng e ka nna ya eba e sa lekanang. Oli e tshwanetse ho fihlella dikarolo tsa bohlokwa tse ka ntle tsa bearing, tse bontshitsweng Setshwantshong sa 10. Ho fihlella sena, oli e tshwanetse ho kenella dikgeong tse pakeng tsa dipoleiti tse ka hare le ka ntle tsa diketane tse bidikolohang (roller chains). Sena se ka thuswa ke ho kenya oli ketaneng nakong eo e futhumetseng ka yona, ebe e mathiswa nako e nyane.



Diketane tse pakellang ditshila le lerole le tsona di tshwanetse ho fumantshwa oli kgafetsa. ‘Lekgapetla’ la oli le ditshila le lona le kgathala butle ho feta ditshila tse ommeng tse pakellaneng ka hara dikgokahano (joins) tsa ketane.



Mekgwa ya ho sebedisa oli diketaneng

 Mekgwa eo ke ena:

Ka matsoho (Kane ya oli, borashe kapa pressure)

Mohato o mahareng a ho iketsa (semi-automatic) (komiki eo e rothelang ho yona)

Ho iketsa (automatic) (bate ya oli, diski ya oli kapa letsha la oli)

Ela hloko hore mosebetsi o etswang ka matsoho o lekane mabapi le boholo ba ditsamaisathepa (conveyors), dieleveithara le dikarolwana tse tsamaisang (simple drives), ha tse rarahaneng haholo, tse sebetsang ka lebelo le phahameng le ho jara boima bo boholo, di hloka oli e ngatanyana – tse ding di bile di sebedisa metjhine e itsamaisang.



Hopola dintlha tsena tse tsheletseng mabapi le ho tlotsa ketane ka oli:

Tlotsa ka oli kgafetsa ka mora nako tse itseng, tse beilweng – le ha eba ketane e nka/bokella nditshila kappa lerole;

Moo metjhine e sebetsang ka lebelo le phahameng, tlotsa kgafetsa ho feta;

Tlosa ditshila tse ngata le lerole le lengata pele o tlotsa ketane ka oli;

Oli e tshwanetse ho kenella manonyeletsong a ketane;

Tshireletsa ketane ka hohle ka moo ho kgonehang ho tse ka e senyang;

Latela ditaelo tsa baetsi ba ketane mabapi le hore ketane e tlotswa jwang.



 







