Farmer



O le molemi – ponelopele ya hao ke efe?



Instructions:

Folio Strap: Tlhahiso

Byline: Tlhahisoleseding e nkilwe Thutong e phahameng ya Grain SA 



Mabatoweng a mangata a tlhahiso ya poone Afrika Borwa, sehla se fetileng sa hlabula e bile se setle – pula e lekaneng e neleng nakong e nepahetseng le mofuthu o lekaneng ho thusa sejotholla ho hola hantle.



Nnete ke hore, tlhahiso ya poone e bile ntho e bonahetseng e le bonolo, le yona theko e bile ntle, mme batho ba bangata bat la etsa phaello e kgolwanyane lemong sena. Le ha ho le jwalo, ha se selemo se seng le se seng se leng bonolo. O tshwanetse ho nahana hore o hokae wena jwalo ka molemi nakong ena, le hore morero wa hao ke ofe ho fihlella sepheo sa hao jwalo ka molemi.



Ke batho ba bangata Afrika Borwa, haholoholo Mpumalanga, Limpopo, KwaZulu-Natala le Kapa e ka Botjhabela, ba sebetsang tsa temo ya bona bakeng tse nyane tsa masimo, ba hlahisang poone kapa koro e sebedisetswang malapa a bona. Boholo ba balemi bana ke bo ntseng bo sebetsa masimo a bona ka matsoho – ho jala le ho hlaola mahola ka matsoho. Re rata ho thusa balemi mothating ona ho ntlafatsa mekgwa ya bona ya tshebetso e le ho nnetefatsa hore ba na tshireletsehile tabeng ya dijo.



Re se re lemohile hore balemipotlana ba shebane le mathata ana a latelang:

Mobu le tlelaemete e sa lokelang tlhahiso ya poone

Ho bohlokwa ka ho fetisisa ho sheba taba ya botebo ba mobu o loketseng tlhahiso ya dijothollo – ha mobu o sa teba, le yona pula e fokola, poone e ke ke ya hola hantle, mme ho ka ba molemo ho jala mofuta o mong wa dijothollo, le ho reka phofo ya poone.



Re tlamehile ho hopola hore ho sebetsana le masimo ho kgema mmoho le ditshenyehelo tsa tjhelete le boikitlaetso. Ka nako e nngwe re tshwanetse ho shebisisa ditshenyehelo tsena le ho leka ho phopholetsa mekgwa e meng ya bohwai e le ho fihlella kuno e phahameng ka tshebetso e nyane. Leka ho fumana hore na ekaba ke mefuta efe e meng ya dijothollo e ka jalwang lebatoweng la hao, e ka o kenyetsang tjhelete betere.

Ho phetholwa ho lekaneng le botebo bo nepahetseng ba mobu 

Ena ke ntlha e hlokolosi tlhahisong ya poone – mobu o tshwanetse ho sebetswa hantle e le hore metso e kgone ho kenella mobung le ho fumana mongobo mobung. Hopola hore ha eba ka mehla botebo bo dula bo sa fetohe, mohlala, ba 20 cm - 30 cm, mobu o tla ba le lekgapetla le thata kapa pane ya mohoma le tla sitisa metso ho kenella mobung. 

Ho jala peo e nepahetseng le ho sebedisa manyolo a lokelang

Ho sa le teng balemi ba bangata ba ipokellelang peo e ileng ya sala kotulong. Ena hantlentle ha se tlwaelo e ntle. Re kgothaletsa balemi ho reka peo e ntle, e tiiseditsweng, selemo le selemo. Ntlafatso tse kgolo di se di entswe mefuteng e fapaneng ya poone, mme ha eba molemi a sebedisa peo e nepahetseng, o tla kgona ho ntlafatsa kuno ya hae haholo.



Manyolo ke ntlha ya bohlokwa haholo – mobu o sitwa ho tswela pele ho fana ka menontsha yohle e hlokwang ke dimela – ke mosebetsi le boikarabelo ba rona hore re etse makgobonthithi ohle hore dimela di fumana menontsha e hlokahalang – ntle le hore re etse tjena, tlhahiso ya rona e ke ke ya tshwarella, mme re tla be re lematsa mobu o tshwanetseng ho sebediswa ke meloko e tlang.

Taolo ya mahola

Taolo ya mahola ke e nngwe ya dintlha temong ya dijothollo, eo e leng sesosa se seholohadi tlhahisong – dibeke tsa pele tse tharo bophelong ba semela sa poone di bohlokwa ka ho fetisisa. Ha ho a tshwanela ho ba teng tlhodisano le mahola nakong ya dibeke tse tharo ho isa ho tse tsheletseng ha eba o batla ho fumana kotulo e ntle.



Le bona balemi ba banyenyane ba tshwanetse ho sheba monyetla wa ho laola mahola ka dikhemikhale – ditjeo tshebedisong ya dikhemikhale di tlase ho feta tshebediso ya matsoho kapa metjhine. Taolo e tshwanetse ho simolla pele dijothollo di hlaha mobung, mme e ka nna ya tswela pele, mme le ona mahola a mofuta wa jwang le a mahlaku a sephara a ka laolwa. Balemipotlana ruri ba lokela ho nahana ka ho sebedisa dipeo tsa poone, tsa mofuta wa malala-a-laotswe (Roundup) le tseo tse lwantshanang le sesedi – o tla tshwanela ho fafatsa masimo hanngwe kapa habedi ka roundup ho bolaya mahola, empa taolo ya mahola ke e hlwahlwa le nako e baballwang ke e ngata. 

Taolo ya dikokwanyana

Ho bolaya motho moyeng ho sebetsa ka thata, mmme qetellong ebe boholo ba dijothollo bo senngwa ke dikokwanyana. Molemi o tshwanetse ho ba masimong, a behe dijothollo tsa hae leihlo letsatsi le letsatsi – mefuta e mengata ya dikhemikhale tse ka sebediswang ho bolaya dikokwanyana, mme tsena di tshwanetse ho sebediswa ka nako e nepahetseng. Tshebediso ya mofuta wa poone, wa TB, e nolofaditse taolo ya sesedi haholo feela –semela se entswe hore se hlahe se le matla kgahlanong le sesedi – wena ha ho hlokahale le hore o fafatse dijothollo.



Dintlha di ngata tsa tlhahiso ya poone tse ka laolwang kapa tsa tsamaiswa hantle – le ho bona balemipotlana. Hopola ho fumana keletso le tshehetso ho basebeletsi ba Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA kapa ba agribusiness bahaufi le wena le ba Lefapha la Temo – fumana ha eba ho ena le mekgwa e itseng tjha, ya ho dula o etsa ntho e le nngwe ho ya ho ile.



Ho ba molemi wa mohwebi

Ho ba molemi wa mohwebi ho itlhokela feela mohato o le mong – o ke ke wa tshwanela ho sebetsa ka matsoho ha eba o rerile ho ba molemi wa mohwebi. Ka dilemo tse fetileng, jwalo ka sehleng se sa tswa feta, e ka nna yaba o nnile wa kgona ho ba le terekere, empa nnete ya taba, ntle le tikatiko ya letho, maikutlo a rona ke hore ha eba o lomahantse meno ho ba molemi wa nnete ya hwebang, o tlamehile ho ba le disebediswa tseo e leng tsa hao, etswe mphemphe e a lapisa.



Bongata ba disebediswa tseo o tla di hloka, di laolwa ke boholo ba masimo a hao, empa ka kakaretso, o tla hloka tse latelang:

Terekere e maemong a matle a tshebetso.

Sesebediswa sa phetholo ya pele, mohl. ripper kapa mohoma.

Disebediswa tsa phetholo e hlahlamang, mohl, cultivator (sephethodi), Kongskilde kapa Vibroflex.

Plantere – plantere e loketseng, e maemong a matle a tshebetso, e kgonang ho ka sothwa hore e ntshe peo le manyolo a lekantsweng.

Sefafatsi – sefafatsi se loketseng, se maemong a matle a tshebetso, se ka sothwang hore se ntshe bongata bo lekantsweng ba dikhemikhale.



Ho a kgonahala ho sebedisa borakonteraka mabapi le mesebetsi e meng, empa hopola hore nako ya tshebetso e nngwe le e nngwe ke taba ya bohlokwa, mme rakonteraka hangata o na le batho ba bangata bao a ba tshepisitseng, e leng bao kaofela ba batlang disebediswa di le ding ka nako e le nngwe. Ha ho hotle ho jala dijothollo tsa hao nako e se e ile haholo hobane rakonteraka o ne a sa fumanehe ka nako e nepahetseng. Bolemi ba dijothollo bo phahame haholo ka ditjeo le ka tsona dikotsi, mme ha eba o fela o lomahantse meno ho ba mohwebi ya itseng tjha, o tshwanetse ho etsa dintho tsohle tsa hao ka nepo le ka nako e nepahetseng.



Bohlokwa ba sefafatsi ke bo boholo – taolo ya mahola ka dikhemikhale ha e a potlaka feela le ho ba hlwahlwa feela, empa e bile e tlase ka ditshenyehelo – poreisi ya diesel e qobella molemi ho sebetsa ka mokgwa o hlwahlwa – taolo ya mahola ka dikhemikhale le phokotseho ya ho phethola mobu, ke tsona tsela ya hosasa.



Nahana hanyane hore o lebile hokae ka temo – ha o batla ho ba molemi ya hwebang, o tla tshwanela ho ba motho ya nahanang hantle, ya ikemiseditseng ho fumana diterekere le disebediswa tse nepahetseng e le hore o kgone ho ba le taolo e feletseng mosebetsing ona wa temo. Ke phetho, ke tu! 

