southo.719.wwf
Projeke ena ha e qetelle ka ho etsa bahahlaodi ba tsamaye haufi le dinonyana, empa e thusa setjhaba sa moo ka menyetla ya mosebetsi
pale ka MARIA SITHOLE
BALA ka Manah Ntuli (28). O dula Eshowe, KZN, le bana babo, moradiae le nkgonwae. O ne a sebetsa lebenkeleng le leng nako e telele - pele a fellwa ke mosebetsi. Kajeno o iphumana a se a sebetsa ka dinonyana, a fofela hodimo le tsona!
O fofela hodimo le dinonyana"
Ho jwalo, ho ya ka mosebetsi wa hae. Manah ke e mong wa basebeletsi ba thusang bahahlaodi projekeng e tsheheditsweng ke lekala la World Wildlife Foundation ka tshebedisanommoho le Sappi.
HO LOKILE. Empa seo se amana jwang le ho fofela hodimo le dinonyana"
Ho amana haholo.
Sebaka sena se haufi le moru wa Dlinza, mane Eshowe, mme ena ke e nngwe ya diprojeke tse supileng tsa TreeRoutes naheng ena ka bophara. Mona ho na le tsela e entsweng ka hodimo ho difate, eo e reng ha o tsamaya ho yona, o kgone ho ipapisa le dinonyana.
Ha o hlokahale hore o be senatlahadi - kapa yona api - ho ka kgona ho tsamaya ka tsela ena, ba baholo le ba banyane kaofela ba a kgona ho tsamaya ho yona.
Projeke ena e thusa setjhaba sa tikoloho eo ka ho se fa menyetla ya mosebetsi le ho tshehetsa batjha dithutong tsa bona.
Basebeletsi ba tsheletseng ba projeke ena ke ba sebakeng seo, Thabile Khuzwayo le Nomusa Ntuli ba ne ba qale ho sebetsa projekeng ena ka Mphalane 2001. Ha morao ho ne fihle Siziwe Zungu, Zinhle Dladla, Siyabonga Mthethwa le Manah Ntuli
Leha mong ka mong a ka kgona ho o bolella pale ya hae ka mosebetsi ona, empa ho na le se tshwanang ka bona: sebakeng sa habo bona ba bangata haholo batho ba sa sebetseng, mme bona ba bile lehlohonolo, ba inolwa bothateng boo.
Ba ne ba etse dithuto tsa tlhokomelo ya dinonyana le bohahlaodi mane sekolong sa Wakkerstroom, haufi le Vryheid, se okametsweng ke BirdLife SA.
Mona ha ba ithute mefuta le melodi ya dinonyana feela, empa ba ithuta le mefuta e fapafapaneng ya difate le dirurubele.
Basebeletsi bana ba thabisa bahahlaodi ba kwano le ba dinaha tsa kantle ka ho ba bontsha le hona ho ba phetela ka dipale tsa setso sa Sezulu le ka pale ya moru oo wa Dlinza.
"Haesale ke lakatsa ho sebetsa ka tsa paballo ya tlhaho ho tloha bongwananeng ba ka," ho rialo Thabile Khuzwayo (33), ya neng a sebetsa mosebetsi wa botitjhere wa nakwana ho fihlela o mo fella ka 1997.
O ne a ikemiseditse ho etsa dithuto tsa paballo ya tlhaho ha a qeta sekolong, empa eitsa ka mora lefu la ntatae, a fetola mawa.
"Ke ne ke rata ho ruta bana ka paballo ya tlhaho," ho rialo yena.
Nomusa Ntuli (25) ba robedi habo. Manah Ntuli, ke mme wa ngwana a le mong mme le yena o ne a qete nako e telele a sa sebetse ka mora ho qeta dithuto tsa hae tsa khomputara le tsa ho eta le bohahlaodi.
Le yena o a e rata tlhaho, o se a tseba mefuta e mengata ya dinonyana le melodi ya tsona.
Ho sebetsa ha hae projekeng ena ho mo rutile hore na moru le bahahlaodi ba hlokomelwa jwang mme o na le tshepo ya hore ka le leng le yena o tla ba la ya hae khampane ya bohahlaodi.
Siziwe Zungu (20), ke yena ya monyane ho feta basebeletsi bohle ba khampane eo. Ke mosebetsi wa hae wa pele oo - o ile a ntlafatsa Senyesemane sa hae ka potlako hang ka mora ho fumana mosebetsi ona mme jwale o se a thabela mosebetsi ona wa hae wa difate le dinonyana. Zinhle Dladla (21), wa Nqutu le yena o na le ngwana a le mong. Thupello eo a e fumaneng moo e ekeditse lerato la hae ho tsa paballo ya tlhaho, o utlwa leha o bua le yena, hore o bua ka ntho a e ratang.
"Ke a rata ho sebetsa le bahahlaodi, ke ba ruta bohlokwa ba paballo ya tlhaho," ho rialo yena. "Ke lakatsa ho ba le sekolo sa ka sa dithuto tsa mosebetsi ona. Ke bile ke na le nalane ka sebaka sena.
Hara banana bao, ho na le moshemane ya dilemo di 21, Siyabonga Mthethwa eo le yena a o ratang haholo mosebetsi wa hae.
"Le nna ke ne ke sa sebetse pele ke qala mosebetsing ona, empa jwale dintho di fetohile," ho rialo yena.
O mong wa maikemisetso a projeke ena ke ho tshehetsa dikolo tse hlokang ho ba le di-workshop tse thusang bana dithutong tsa bona.[s]
Ba tsamaya moyeng
BONA SESOTHO - February 2006
Eba tlhorong ya moru ka tlhaho
BONA SESOTHO - February 2006
LE LETSHEHADI: Ho sebetsa projekeng ena ho nthabisa haholo.
KA HODIMO HO LE LETSHEHADI: Tseleng eo e ka hodimo ho moru bana ba ithuta ka bophelo ba morung.
KA TLASE: Basebeletsi ba bararo ba projekeng ena: (ho tloha ho le letshehadi ho ya ho le letona) Zinhle Dladla, Manah Nthuli le Siziwe Zungu.
