Lekgotla la SATI le nka monyetla wa ho lakaletsa ditho tsa rona tsohle tse molemo selemong sa 2010. Ka dinako tsohle re labalabela ho utlwa ditlhahiso ho hlaha ho ditho tsa rona mme haeba ho na le ditshebeletso tseo Mokgatlo o tshwanetseng ho nehelana ka tsona, ikopanyeng le rona hle.
Chapter ya Boland (Koloni Bophirima) e hlophisitse diketsahalo the fapafapaneng bakeng sa selemo sena. Ho fumana dintlha ka botlalo kapa ho ba setho sa chapter, ikopanye le Wilna Liebenberg (wilna@lieben.co.za), Gretha Aalbers (aalbers@iafrica.com) kapa Elise Engelbrecht (Elise.Engelbrecht@capetown.gov.za). 
Ditefello tsa botho tsa 2010
Diinvoise tsa ditefello tsa botho tsa 2010 di se di ile tsa romelwa ka imeili kapa tsa posetswa ditho tsohle. Haeba o so fumane ya hao, ikopanye le mongodisi (registrar@translators.org.za) kapa ofisi ya SATI (office@translators.org.za). Ka kopo hopola hore o tlameha ho re tsebisa ka ditefo tseo o di entseng e le hore di kenngwe lebitsong la hao. Haeba o qetile ka ho se ntjhafatse botho ba hao, le teng re tsebise e le hore re hlophise dibuka tsa rona. Ditefello tsa botho di tlameha hore di be di finyeletse mafelong a kgwedi ya Tlhakubele mme ditho tse nang le mangolo a hlahlobo ya bofetoledi (accreditation) a SATI (tseo re tla di bitsa ditho tse hlahlobuweng) tse sa ntjhafatseng botho ba tsona di tla lahlehelwa ke botho ba tsona ba mangolo a hlahlobo ya bofetoledi a SATI.
Hape hopolang hore Mokgatlo o fana ka botho ba dikhamphani. Ejensi kapa mokgatlo o nang le thahasello o ka ikopanya le ofisi ya SATI bakeng sa ditokomane tse hlokahalang. Ka ho thehwa ha botho ba dikhamphani, ditho tse dikhampaning kapa diejensing ho tloha jwale di tla lokela ho ngodisa ditshebeletso tseo di fanang ka tsona ka botsona.
Kopano e akaretsang (KEA) ya 2010
KEA ya SATI e tla latelwa ke seminari di tla tshwarwa ka Labohlano la 26 Hlakola 2010 Elegant Lodge e Menlo Park; Pretoria. E se o fete hle! Sehloho sa seminari ke Boitshwaro, molao le wena: Ka moo o ka dulang ka maikutlo a phodileng. Re tla tadimana le ka moo Molao wa Tshireletso ya Basebedisi o amang disebedisi tsa puo (bafetoledi le ditoloko) ka teng, ho tla ba le dipuisano tse kopanetsweng mabapi le dintlha tsa boitshwaro. Tjhelete ya ngodiso e kenyeletsa “dino tsa ho kgokahanyo” tsa mahala ka mora kopano. Haeba o so fumane foromo ya ho ingodisa, ikopanye le ofisi ya SATI ka kopo.
Hopola hore ke feela ditho tse hlahlobuweng tse ka voutelang ditshisinyo tse ka etswang KEA, ha ho le jwalo, lefa ditefello tsa botho ka pele ka moo ho kgonehang.
Mohope wa Lefatshe wa 2010
SATI o tla rata ho fana ka tlaleho ha morao selemong ya mofuta wa mosebetsi wa puo o hlahiseditsweng ditho tsa rona. Ditho tse ileng tsa etsa mosebetsi o amanang le tlhodisano ya papadi ya bolo di tla koptjwa hore di re tsebise.
O hopotswa hore haeba o lakatsa hore re kenye lebitso la hao lenaneng la “2010 Fumana Ditoloko” le pokeletsong ya websaete ya rona, o tlameha o etsa kopo e jwalo e qollehileng. Ditho tse lenaneng la SATI tse itshebetsang (bofetoledi/botoloko) ha ho bolele hore di se di le pokeletsong ya 2010. Ikopanye le ofisi ya SATI bakeng sa tjhabisetso e batsi.
Phuputso ya dikepele
Mokgatlo o tla e tsa phuputso ya dikepele hara ditho kotareng ya pele ya selemo sena, o sebedisa sesebediswa se tlwaelehileng se fumanwang inthaneteng se ileng sa sebediswa dilemong tse pedi tse fetileng. Re tshepa hore ditho tse ngata ka moo ho ka kgonehang di tla nka karolo ho netefatsa hore seo re se bokeletseng pokeletsong  ya rona se nepahetse.
Botho
Ditho tse ntjha: Kengni Bernard, Frans Boot, Andries Conradie, Tertius Janse van Rensburg, Franziska Keiser, Ria Kruger, Tom larney, Anneke Milne, Ramodima Moikanyang, Katharina Reichert, Michael Waldeck.
Bafeti: Marla Sanchez
Ditho tse ntjha tse hlahlobuweng: Klause Staudt: Senyesemane-Sejeremane e le bofetoledi bo anafaditsweng.
Tse hapang maikutlo
Dikgau tsa Akhademi ya Senyesemane tsa 2010:  Ho mengwa boingodiso ba diedithara tsa masedinyana, dimakasine, dikoranta mmoho le bangodi ba ikemetseng bakeng sa Kgau ya Olive Schreiner (selemong sena mokgahlelo ke Dithothokiso); Kgau ya Percy Fitzpatrick (e abelwang dingolwa tsa mantlha tsa tsa Senyesemane maikutlo a tsepamiseditswe baneng ba dilemo tse pakeng tse 10 le 14) le Dikgau tsa Thomas Pringle (selemong sena ho tlotlwa ho hlahloba botjha ha dipapadi, dibuka, difilimi, mananeo a radio le thelevishini a phatlaladitsweng dikoranteng le dimakasineng, dipale tse kgutshwane tse masedinyaneng le dimakasining le diatekele tsa dingolwa). Bakeng sa tjhabisetso e eketsehileng, ka kopo ikopanyeng le Mohlanka wa Tsamaiso nomorong ya mohala ya 011 717 9339 kapa ka imeile ena englishacademy@societies.wits.as.za. 
Disebediswa tsa khomputa le Diwebsaete
Three Percent ke websaete ya Yunivesithi ya Rochester (New York) mme e lebisitswe ho babadi;. diedithara le bafetoledi ba nang le thahasello ya dingolwa tsa sejwalejwale le tsa dinakong tseo re phelang ho tsona. Tjheseho e kgarametsang websaete ke maikutlo a hore ho bala dingolwa tse tswang dinaheng tse ding ho hlokolotsi ho boloka le ho totisa thahasello ya setso sa dibuka le ho eketsa phapanyetsano ya dikgopolo mahareng a ditso tse fapaneng. Nakong ena eo lefatshe le bang tulo e le nngwe, mokgowa o molemo ka ho fetisisa wa ho boloka ditso di ikgethile ke ka ho fetolela le ho ananela mosebetsi wa dingolwa tsa matjhaba. Sheba http://www.rochester.edu/College/transation/threepercent/index.php?s=about 
LION Cafe.com ke websaete moo ditho tsa indasteri ya puo di ka buisanang ka metjhini ya ho fetolela, TMs le dihloho dife kapa dife tse amanang le phetolelo. Sheba http://worldify.com/110ncafe/index.html 
Diketsahalo le kopo ya dipampir tsa diphuputso
Seboka sa Matjhaba sa 16 sa Mokgatlo wa Mabitso wa Afrika Borwa (NSA [MMAB]): Homo Nominans –Mankind, the namer: Se tla tshwarelwa Club Mykonos, Koloni Bophirima, ka la 26 – 28 Mphalane 2010. Seboka se tla fuputsa lefatshe la ho rea le tjheseho ya botho ya bolokolohi ba ho rea dintho mabitso. Baithuti ba nang le thuto ya ho rea mabitso ba memelwa ho romela ditlhahiso pele ho la 28 Hlakola 2010. Bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng ikopanyeng le Bertie Neethling ka imaili ena bneethling@uwc.ac.za.
Seboka sa Cologne sa Phetolelo e Ikgethang: Se tla tshwarelwa Yunivesithing ya Cologne ya Mahlale a Tshebetso, Jeremane, ka la 21 – 22 Mphalane 2010. Kgolo ya bohlokolotsi ba phetolelo e ikgethang makalang a tshebetsho a dithuto tsa phetolelo e tlisitse kutlwisiso e tebileng ya phetolelo e ikgethang makaleng a ho nahana/hlalosa a thuto ena. Seboka sena se tla tsepamisa maikutlo mekgweng e metjha ya phetolelo e ikgethang. Letsatsi la ho qetela la ho hlahisa maikutlo ke la 15 Tlhakubele 2010. Tjhabisetso e eketsehileng e fumanwa: http://www.f03.fh-koeln.de/fakultaet/itmk/fachgebiete/konferenzen/00558/index.html
Seboka sa Matjhaba sa Dithuto tsa ka morao ho Digri tsa Phetolelo (IPCITI) 2010:  Ho tloha ho nahaneng ho fetohela lehlakoreng le leng ka sekgahla se eketsehileng – Mehopolo e metjha, ho qala ho hotjha le diphephetso tse ntjha.  Seboka se tla tshwarelwa Yunivesithing ya Manchester, UK ho tloha ka la 29 -31 Mphalane. Sena ke seboka sa botshelela sehlohong sena, seo makimeisetso e leng ho neha bafuputsi ba ntseng ba thuthuha monyetla wa ho aba diphuputso tsa bona le ho nka karolo ketsahalong ya ho hokahana ya boleng ya matjhaba. Letsatsi la ho qetela la ho hlahisa maikutlo ke la 30 Tlhakubele 2010. Dipotso di ka lebiswa ho ipiciti2010@manchester.ac.uk . Tjhabisetso e eketsehileng e fumanwa ho: http://www.ipciti.org.uk/ 
SCREENIT 2010: Sefahleho se fetohang sa phetolelo ya skhrini: Seboka se tla tshwarelwa Yunivesithing ya Bologna, Itali ho tloha ka la 20 – 22 Mphalane 2010. Ditlhahiso bakeng sa ditlhaloso le diphostra dibakeng tsohle tsa phetolelo ya skhrini di tshwanetse di be di rometswe ka la 15 Mmesa 2010 ho screenit2010@sslmit.unibo.it. Websaete ya seboka e sa le tlasa tokiso.
5th International Maastricht-Łódź Duo Colloquium on Translation and Meaning 2010: Maastricht session: 
Seboka se tla tshwarelwa Sekolo sa Maastricht sa Matjhaba sa Dipuisano, Netherlands, ho tloha ka la 19-12 Motsheanong 2010. Sepheo sa seminari ena ya boithuti ke ho fana ka foramo ya dipuisano mahareng a baqapi le basebedisi ba phetolelo/botoloko dintleng tsa bohlokwa tsa phetolelo le botoloko. Seshene ya Maastricht e tla tsepamisa maikutlo tshebedisong ho fapana le ho le ho ithuta dibukeng. Bakeng sa tjhabisetso ikopanyeng le Dr Marcel Thelen (m.m.g.j.thelen@hszuyd.nl) kapa (http://www.translation-and-meaning.nl)
Seboka sa Matjhaba sa Tegeniki sa Phetolelo: Seboka se tla tshwarelwa Yunivesithing ya Nova, Lisbon, Portugal, ho tloha ka la 28-29 Motsheanong 2010. Se hlophuwe ke Tradulínguas le ditsebi tsa tegeniki ya phetolelo, seboka se tla tshwarwa matsatsi a mabedi ka botlalo a diseshene tsa ho ithuta ka ho etsa – diwekshopo tsa phetolelo le mareo (ka Sepotoketsi. Senyesemane le ka Sepenishi le dipuo tse ding haeba ho kgoneha) – tsa ditsebi tsa phetolelo le botoloko ka disebediswa tsa botegeniki, boejeneri, mahlale le tsa indasteri. Bakeng sa tjhabisetso e eketsehileng: http://www.tradulinguas.com/conf-tech/
Dipuo tsa Bohahlaodi: Setso, Puisano le Phetolelo Lefatsheng le sa emang nqa e le nngwe: Seboka se tla tshwarelwa Yunivesithing ya Leeds Metropolitan, UK ho tloha ka la 3-5 Tshitwe 2010. Maikutlo a Seboka sa Selemo le Selemo sa 10 Mokgatlo wa Dipuo le Ditso tse tswakaneng sa Matjhaba (10th Annual Conference of the International Association of Languages and Intercultural Communication ) a tshwanela ho romelwa ho Jane Wilkinson ho IALIC2010@leeds.ac.uk pele ho la 1 Phupjane 2010. Bakeng sa tjhabisetso e eketsehileng sheba: www.leeds.ac.uk/german/ialic_conference_2010.htm. 
Tsamaiso tse sehlopha tsa Phetolelo: Seboka se tla tshwarelwa Yunivesithing ya Porthmouth, UK ka la 6 Pudungwana 2010. Phetolelo hangata e ba ka mantswe a hatisitsweng empa ha morao tjena tikoloho ya tsamaiso tse sehlopha bafetoledi ba tlameha ho ela hloko dintho tse ding tse e leng tsa bohlokwa ( tse emeng le tse tsamayang, ditshwantsho, didaekramo, mmino, mokgwa oo ho ngotsweng ka ona le ka moo leqephe le hlophisitsweng ka teng) Ho koptjwa diphehiso tse malebana le diphephetso tse tjhametseng bafetoledi tse bakwang ke tsamaiso tse sehlopha tsa phetolelo. Dipotso le/kapa maikutlo a ngotsweng a mantswe a 300 a tshwanetse ho romelwa ho Carol O’Sullivan ho carol.osullivan@port.ac.uk pele ho la 30 Phupjane 2010. Tjhabisetso e eketsehileng e ka fumanwa ho www.port.ac.uk/translationconference.
Mokgatlo wa Dieditara le Diprufridara (SfEP) KEA le seboka sa 21 selemo le selemo: Se tla tshwarelwa Yunivesithing ya Strachthclyde, Glasgow,Uk, ho tloha ka la 4-6 Lwetse 2010. Seboka se tla kenyeletsa seminari e amang dihloho tse jwalo ka dikgokahanyo tsa typesetter-copy-editor ho nka monyetla wa diplatfomo tsa diinthanete tsa setjhaba bakeng sa kgokahanyo ya ditsebi boitshwaro le ho se utswe mesebetsi ya bangodi ba bang kgatisong le diwekshopo tse fapafapaneng. Dipeheletso di kwallwa ka la 9 Phupu 2010. Tjhabisetso e eketsehileng e fumanwa http://www.sfep.org.uk/pub/confs/conf10/conf2010_advance.asp 
Seboka sa 2010 saTKE (Mareo le Tsebo Boenjiniri): Se tla tshwarelwa Yunivesithing ya Dublin, Ireland, ho tloha ka la 12-13 Phato 2010. Seboka se mabapi le ntshetsopele ya tsebo ho fetisetsa pele teknoloji bakeng sa puisano ya puo e ikgethang e itshetlehile ho ditsamaiso tsa mareo le pokeletso ya ona. Se tla tsepamisa maikutlo haholo-holo ho hlahisweng ha mareo le boenjiniri ba tsebo ya disebediswa tse ding tse fumanwang inthaneteng. Tjhabisetso e eketsehileng e ka fumanwa :
http://www.dcu.ie/fiontar/conference/home_baile.shtml
Phetolelo ya Seafrikanse: Johan Blaauw, Mariènne Botha le Jackie Viljoen
Phetolelo ya Setswana: Peter Mekgwe
Phetolelo ya Sexhosa: Thokozile Mabeqa le Sonwabile Cotiyana
Phetolelo ya Sesotho: Mike Mahase
__________________________________________________________________________________________________________________
Dintlha tsa go ikgolaganya le Setheo:
     Marion Boers. Mogala: 011 803-2681. Fekese: 0866 199 133. Imeili: publications@translators.org.za
     Irene Dippenaar. Mogala: 079 492 9359. Fekese: 086 511 4971. Imeili: registrar@translators.org.za
