Work (Maize) 									SESOTHO



Ke mang ya tshwanetseng ho sebetsa masimong a hao?



Instructions:

Folio Strap: Keketso ya Boleng

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi

Setshwantsho sa 1: “Masomo a matle, a hlwekileng” a soneblomo.

    Setshwantsho sa 2: “Masimo a mabe, a ditshila” a soneblomo.		



Matsatsing a kajeno ntshetsopele ya molemi ha se mosebetsi o bonolo, empa e hloka boinehelo le seriti. Balemi ba shebane le diphephetso tse fapaneng jwalo ka ha di hlahella lethathamong le tlase mona.



Ha ho letho le bonolo ka bolemi, mme balemi ba kgona ho etsa tse ngata ka ho iteka le ha ho le thata.

Ditheko tsa jwale tsa tse sebediswang mobung di etsa hore ho be boima ka nnete ho fumana phaello tlhahisong ya dijothollo tse fumaneng pula boholong ba dikarolo tsa Afrika Borwa.

Theko e tlase ya dijothollo e tlisa kgatello e matla kgahlanong le phaello tlhahisong ya dijothollo.

Sekgahla sa tswala se phahame, mme ditjeho tsa metjhine di phahame ka ho fetisisa.

Balemi ba bahwebi ba nang le boiphihlelo ba hula ka tlhako tsa morao – jwale re ka reng ka ba ntseng ba thuthuha? Ba hula ka falese le ho feta.



Ho ya ka dintlha tse mmalwa tse boletsweng mona, ho hlakile hore ho etsa ntshetsopele ya molemi maemong a tjena ha se potele e kgwathwang ka lehlaka. E nngwe ya diphephetso tse shebaneng le balemi ba thuthuhang ke ho fumana tumello ya ho nehwa dintho ka mokitlane. Ba bangata ba na le masimo le metjhine (e meng ha e maemong a matle), ba a kwetliswa le ho tshehetswa, empa ba hloka tjhelete. Ditjeho kaofela tsa ho hlahisa dijothollo di phahame haholo – pakeng tsa R4 000 le R5 000 hekthara ka nngwe (ho itshetlehilwe ka mofuta wa dijothollo, le hore o lengwa hokae, jwalojwalo).



Lenaneong la ntshetsopele ya molemi lemong sena, re ile ra shebana le diphephetso tse ntjha. Ho bile le tshekamelo hara ba adimisanang ka ditjhelete ya ho kgothaletsa balemi ho sebedisa borakonteraka mabapi le ho sebetsa masimo a bona le ho jala dijothollo. Ho bile teng mathata a maholo mokgweng ona wa tshebetso, mme ho ithutilwe tse ngata ka thata.



Ditshwantsho tse lengolong lena di bua masa-a-kokometse. Masimo “a matle, a hlwekileng” a soneblomo ke masimo ao balemi ba ntseng ba thuthuha ba a lemmeng ka diterekere tsa bona hammoho le disebediswa tsa bona ho phetha mosebetsi. Masimo “a mabe, a ditshila” ke masimo a ileng a sebetswa ke borakonteraka. Ho a hlaka hore tjhelete e kenang e etswa masimong a sebeditsweng ka mokgwa wa konteraka e ilo ba tlase haholo ho feta tjhelete e kenang e etswa masimong “a sebeditsweng ke molemi”. Ho feta mona, ditjeho tsa ho sebedisa rakonteraka di phahella haholo ditjehong tsa tse sebediswang.



Re o rapela hore o ipotse potso: Ha o sheba ditshwantshong, ke mang ya tshwanetseng ho etsa mosebetsi – molemi kapa rakonteraka? Re dumela ruri hore re tshwanetse ho ntshetsa pele balemi ba batsho ba bahwebi ba filweng bokgoni, ba tshwanetseng ho iketsetsa mosebetsi ka bobona. 



