Study groups (336)

Hobaneng re kgothaletsa balemi ba thuthuhang ho theha dihlopha tsa boithuto?



Instructions:

Folio Strap: Study groups

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA



E nngwe ya diprojeke tsa sehlooho lenanenong la rona la ntshetsopele ke ho thehwa le ho hlokomelwa ha dihlopha tsa boithuto.



Ho teng mabaka a mmalwa mabapi le bohlokwa ba ho theha dihlopha tsa boithuto le hona tse mafolofolo:

Batho ba dulang bakeng se le seng, ba mapolasi a baka se le seng, ba na le mathata a tshwanang, mme e mong le e mong wa bona a ka ithuta ho e mong;

Tharollo ya mathata a bona e ka fumanwa dithong tsa sehlopha sa bona;

Ho bonolo ebile ho baballa ditshenyehelo ho tshehetsa sehlopha sa batho ho ena le motho a le mong;

Ho a kgonahala ho ba le lenane la mesebetsi ya selemo, e tshwanetseng ho phethwa hammoho le kwetliso hore e mong le e mong a kgone ho tswela pele a shebile kgwebong;

Sehlopha se na le lentswe le matla ho feta la motho a le mong – ha batho ba bangata ba kopa ntho e le nngwe, ba bang ba a mamela.

Sehlopha sa boithuto se tla kgona ho ba hlwahlwa ha eba ditho tsa sona di ikutlwa hore ke beng ba sona – mona ho latela tse ding tsa tse lokelang ho elwa hloko:

Sehlopha se tshwanetse ho kopana kgafetsa;

Sehlopha se tlamehile ho ba le molaotheo (constitution) o bolelang ka ho hlaka sepheo le morero wa sehlopha;

Sehlopha se tshwanetse ho ba le batsamaisi ba keneng ka setotswana sehlopheng – le se ke la dumela hore tsamaiso e wele matsohong a bomang kapa bomang bao ruri e seng balemi ba ruri – sena ha se sebaka sa batho ba ntsetsang pele merero ya bona e ka thoko;

Ditho tsa sehlopha di tshwanetse ho ba le tse reretsweng ho phethwa selemong – ha eba merero eo e hlakile, tsela e ba bonolo ho tsamauwa;

Hlwaya ditlhoko tsa sehlopha le ho nka mehato ya ho di fihlella – mohlala, ha eba sehlopha se hloka keletso mabapi le manyolo, se dikadike, mema baemedi ba dikhamphane tsa manyolo ho tla buisana le sehlopha – mema ditsebi ho tla bua ka taba tsa bohlokwa, tse labalabelwang ke sehlopha;

Kgetha, mme o behele ka thoko matsatsi a itseng a selemo le mesebetsi e tshwanetseng ho phethwa ka ona, e le hore ditho di kgone ho itokisetsa ho ba t eng dikopanong.





