Soil (948)



Shebisisa mobu wa hao



Instructions:

Folio Strap: Tokiso ya mobu

Byline: Tlhahisoleseding e nkilwe Thutong e phahameng ya Grain SA 



Naheng ya rona eo mobu wa yona o ommeng, moo dijothollo di hlahiswang tlasa maemo a komello, bokgoni ba mobu ba ho tshwara mongobo ke e nngwe ya dintlha tsa bohlokwa ka ho fetisisa taolong ya bokgoni ba mobu.



Dintlha tse ding tse lokelang ho elwa hloko tekolong ya mobu ke botebo ba mobu, ho phetholwa ha ona, letsopa le tlhophollo ya dikhemikhale. Metso ya dijothollo e tshwanetse ho kenella mobung hore e fihlelle mongobo hammoho le menontsha e tla sebediswa kgolong.



Pele o reka masimo kapa o etsa qeto ka seo o batlang ho se etsa ka masimo a hao, ho bohlokwa ho tseba ka bokgoni ba mobu wa hao. Bokgoni ba mobu o lemehang polasing ya hao bo ka tsejwa ka ho tjheka mekoti ya teko dibakeng tse kgethilweng. Mekoti ena hangata ke ya boholo ba 1 m bolelele le 1 m bophara, le botebo ba 1,2 m. Hlahlobo e tla bontsha hore mobu o na le dibopeho tsa sehlooho.



Tekolo e etswa ka ho hlwella ka hara mekoti o tshwere hamore ya ditsebi tsa mebu (geologists) kapa sesebediswa se loketseng sa letsoho (penknife) le ho kgephokgephola mobu, ho tloha hodimo ho ya tlase, nakong eo o elang hloko phetoho efe kapa efe kapa phapang e teng mokoting.



Sebaka seo ho sona ho fumanwang mofuta o itseng wa sebopeho sebakeng se lemehang, se ka boela sa hlahlojwa ka ho sebedisa diboro tsa mobu ho metha botebo ba metso le ho sibolla makgapetla afe kapa afe a ka sitisang bokgoni ba temo. Hona e ka nna ya ba lekgapetla le thata la mobu kapa makgapetla a teteaneng pela bokahodimo ba mobu, botebong bo ka lemehang kapa lefika le thata, le ke keng la phunyeletswa kapa makgapetla a mang a tebileng mokoting, e leng a ka sitisang tswelopele ya metso.



Kgothaletso ke ho reka kapa ho sheba bukeng:

Soil Classification – A binomial system for South Africa

ISBN 0-621-10784 e fumaneha ho:

The research and Technology Manager (Manejara wa phuputso le Theknoloji)

Private Bag X79

Pretoria 0001



Hangata lebatowa ka leng la tlhahiso le na le mebu e tlwaelehileng lebatoweng la temo. Mebu ya bokgoni bo phahameng lebatoweng ka leng le fapaneng, e ka nna ya tadimeha e fapane haholo ha e shejwa mekoting ya teko, empa mmoho le maemo a tlelaemete le monono, e phahame mabapi le lebatowa le itseng. Hona ho ka nna ha bolela hore mobu wa bokgoni bo phahameng tulong ya Tweespruit o ka hlahisa ditone tse 3,5 kapa ho feta, hekthare ka nngwe ya poone selemong se atlehileng, empa o sitwa ho bapiswa le mobu wa Hutton viljoenskroon o hlahisang ho feta ditone tse 6 hekthare ka nngwe tsa poone selemong se atlehileng.



Tshibollo bokgoning ba mobu e hlokomela tsena:

Botebo bo fihlellwang ke metso;

Makgapetla a mobu a sitwang ho phunyeletswa;

Pula ya selemo;

Bokgoni ba ho tshwara mongobo; hammoho le

Monono.



Lena ke lengolo la Pula-Imvula la Motsheanong. Nakong ena ya selemo, bongata ba dijothollo tsa hlabula bo se bo fihlelletse boemo bo phethahetseng ba kgolo, e leng se bolelang hore semela ha se sa monya menonthsa mobung. Le hoja o eso kutule dijothollo tsa hajwale, ke nako e ntle hore o qalelle ho nahana ka dijothollo tse latelang morerong wa hao.



Ka ha o se o hlokometse, dijothollo di hloka menontsha hore di hole le ho hlahisa dijothollo. Menontsha ena e nkuwa mobung ke semela. Ho ka nna ha thwe mobu o itshwanela feela le raka e bolokang kerosari ya lapeng. Pele o ilo reka dijo mabenkeleng, o tshwanetse ho etsa tekolo ya dijo tse leng teng ka rakeng – ho seng jwalo o tla iphumana o rekile dijo tseo o ntseng o ena le tsona, le ho lebala tseo o se nang tsona. Ho nka disampole tsa mobu ho tshwana le ho hlahloba ka rakeng ya kerosari. Ho hlokolosi ho nka disampole tsa mobu hona jwale hore o be le diphetho nako e sa ntse e o dumella, e leng se tla o dumella ho rala dijothollo tsa hao ka nepo. Ha o ena le diphetho tsa disampole tsa hao, eba he o tla tseba ha eba kalaka e a hlokahala masimong a hao, le hore ke manyolo afe a tshwanetseng ho sebediswa, le hore e tla ba a makae hekthareng ka nngwe.



Ho nka le ho leibola ka hloko sampole tsa mobu



Sampole tsa mobu

Pele sejothollo se jalwa masimong afe kapa afe, ho bohlokwa ho nka sampole ya mobu hore o tle o tsebe manyolo a tla tshwanela ho sunngwa mobung hore dijothollo tse ntle di tle di be teng. Ho sampolwa ha mobu ho tshwanetse ho etswa tjena:

 1.	Nka sampole tse ngatanyana (tse hlano ho isa ho tse leshome ho ya ka 

boholo ba masimo) mobung o ka hodimo – ho tloha ho 15 cm ya mobu o ka hodimo.

Tswakanya disampole kaofela tsa mobu o ka hodimo ho tloha masimong a mang, ebe o nka kilograma e le nngwe ya motswako.

3.	Nka disampole tse mmalwa (tse hlano ho isa ho tse leshome ho ya ka 

boholo ba masimo) tsa mobu o ka tlase – ho tloha ho 15 cm ho isa ho 30 cm tlasa bokahodimo ba mobu.

Tswakanya disampole kaofela tsa mobu o ka tlase o tswang masimong a itseng, ebe o nka kilograma e le nngwe ya motswako. 

5.	Beha leibole, letsatsi le nomoro ka ho hlaka sampoleng. Tse latelang di tshwanetse ho kenyeletswa leiboleng:

Lebitso la molemi;

Lebitso la polasi;

Aterese ya poso ya molemi – ho kenyeleditswe le toropo; le

Palo ya masimo (etsa bonnete hore o tshwaya masimo a hao kaofela, le ho boloka dinomoro tsa ona).

6.	Isa sampole ya mobu laboratoring hore e hlophollwe. Ha o se na bonnete hore sampole e iswa kae, ikopanye le mohokahanyi ya haufiufi wa provense, wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA (mabitso le dinomoro tsa kgokahanyo di teng leqepheng le qetellang la Pula-Imvula ena). 

7.	Hopola hore ha eba mobu masimong o fapana haholo, ho tla hlokahala hore dikarolo di hlwauwe ka mokgwa o fapaneng – arola masimo koto tse pedi kapa ho feta, ebe o fana ka nomoro ya e nngwe le e nngwe ya dikarolo tseo.

















