Questions								Sesotho



Dipotso tse botswang ke bamamedi ba radio Lesedi



Instructions: 

Folio strap: Kakaretso



Nakong ya kgaso e sa tswa etswa ho radio Lesedi, Johan Kriel, mohokahanyi wa ntshetsopele provenseng, Foreisetata, o ile a kopa bamamedi ho mo romella dipotso tseo ba lakatsang hore di arajwe. Tse ding tsa dipotso ke tse latelang: 



Hekthara e le nngwe e boholo bo bokae, mme nka tseba ho nama ha karolo eo jwang?



- E kgutsufaditswe ho tswa Thutong ya Ntshetsopele ho tsa Theknike ya Grain SA, ka Jane McPherson



Ke taba ya bohlokwa ho tseba boholo ba masimo a lengwang hobane tshebetso e latelang ya dipalo (dinomoro) le matshwao a latelang a tshwanetseng ho etswa metjhineng, di hlokahala ruri:

Bongata ba diesel, ba peo, manyolo le dikhemikhale tse lokelang ho sebediswa sebakeng seo;

Ditjeo tse amehang ho lengweng ha masimo ao;

Palo ya dimela hekthare ka nngwe;

Boleng ba inshorense ya dijothollo;

Ditjhelete tse lokelang ho lefuwa borakonteraka, jj. 

	

Hopola hore ho nama ha hekthare e le nngwe ke:

1 ha (hekthare) = 100 m X 100 m 

1 ha = 10 000 square meters (m2)

Ha eba o sebetsana le sebaka se itseng sa molemi ya batlang ho tseba boholo ba masimo ka dihekthara, o tla arolwa diskwere mithara ka 1 000 ho fumana palo ya dihekthare (tsamaisa feelwana mehato e mene ho ya ka leqeleng). 

Mohlala:

50 000 m2 = 5 ha

30 000 m2 = 3 ha 

160 000 m2 = 16 ha 



Matsatsing ana, ho teng disebediswa tsa elekronike (GPS) tse kgonang ho fumana sebaka (area) ya masimo ka nepahalo e kgolo ka ho sebedisa dikgokahano tsa satelaete, empa batho ba bangata ha ba eso be le menyetla ya theknoloji ena. Ho sa le teng mekgwa e itseng ya motheo e thusang hore re tsebe sebaka (area) sa masimo.



Area ya sekwere e sebetswa ka mokgwa ona: 

Area = Bolelele (Length) X Bophara (Breadth) (A = L X B) 

A re nke hore bolelele ba lehlakore le le leng ke 2 m. 

Area = 2 m x 2 m 









 A = 4 m2



Area ya rectangle e sebetswa tjena: 

Area = Length (Bolelele) X Breadth (Bophara) (A = L X B) 

A re nke hore bolelele ba rekthengele ke 4 m mme bophara ba yona ke 2 m.

A = L X B 

A = 4 m X 2 m 



					 A = 8 m2



		Thwe 	

 Area ya triangle e sebetswa tjena:







A = ½ Base (lehlakore le tlase) X Height (Bophahamo) (½ B X H)

Base ya triangle ke 2 m ha bophahamo e le 3 m

A = (½ X 2 m) X 3 m

A = 1 m X 3 m



A = 3 m2





Ha eba o hloka bonnete ka boholo ba masimo a hao, mme o se na ya ka o methelang ona, o tshwanetse ho leka ho imethela ona. O ka lekanya circumference ya lebidi la hao (motokara, vene, terekere kapa baesekele), tshwaya karolwana e itseng lebiding ka pente kapa tjhoko, ebe o bala makgetlo ao lebidi le bidikang ha o ntse o tsmaya lehlakoreng la masimo. Ha o atisa makgetlo ao lebidi le bidikolohang circumferenseng ya lebidi, o tla tseba bolelele ba lehlakore leo la masimo. Pheta tshebetso ena makgetlo a mmalwa mabapi le mahlakore ohle a masimo, mme ebe o taka setshwantsho sa masimo pampiring. Hang ha o ena le sebopeho sa masimo hammoho le bolelele ba mahlakore, o tla kgona ho sebedisa difomula tse boletsweng ka hodimo ho fumana hore sebaka (area) ke se sekae.



Sebaka se ka jara ho le hokae, mme ke dihekthare tse kae tsa naha tseo ke di hlokang ho boloka kgomo e le nngwe? 



-Tlhokomediso keletsong ya Sethekgenike Tshebeletsong ya Ntshetsopele Mahaeng



Ho teng mefuta e fapaneng ya mehlape e bolokwang ke batho moo ho fudiswang – dikgomo tsa lebese, kgomo tsa nama, dipere, dinku le dipodi, jwalojwalo. Diphoofolo di ja bongata bo itseng ba dijo letsatsi le letsatsi (ho itswela feela hore phoofolo ke ya boholo bo bokae le ya mofuta ofe). E le hore o tsebe hore ke diphoofolo tse kae tse ka bolokwang mobung o itseng, bokgoni ba ho jara ba sebaka ka seng bo se bo sebeditswe ka mokgwa wa saense – sena e mpa e le kakaretso hobane ho itshetlehile ka boemo ba naha. Ha eba boemo ba naha e le bo fokolang, ke moo o tla hoka naha e ngatanyana mabapi le phoofolo ka nngwe, mme ha boemo ba naha bo le botle, o tla kgona ho boloka diphoofolo tse ngata naheng eo. Le ha ho le jwalo, dipalo tse sebetswang di o thusa ho fumana palohare ya dihekthare tse hlokahalang mabapi le phoofolo e le nngwe. Mohlala, dibakeng tse bataletseng tsa Foreisetata, tlwaelo ke hekthare tse 6 bakeng sa Yunite e Kgolo ya Mohlape (LSU).



Hore o tle o tsebe palo ya diphoofolo, ho a hlokahala ho beha phoofolo ka nngwe ka mokgwa wa LSU. LSU e le nngwe e lekana le kgomo ya tonana e le nngwe (e ka hodima lemo tse pedi). Hopola hore ha phoofolo e le kgolo, ka mokgwa o jwalo e ntse e batla dijo tse ngata jwalo feela ka letsatsi hore e kgone ho phela. Ntlha e nngwe e tshwanetseng ho elwa hloko ke hore ha eba phoofolo e le e sebetsang (ya lebese kapa e hulang mohoma, jj.) e tla hloka dijo (furu) tse ngata. 



Mohlape
 
Mohlape tekanong le LSU
 

 
Kgomo tse fetang 2 dilemo
 
1,0
 

 
Dikgomo 6 dikgwedi – 2 dilemo
 
0,6
 

 
Dinku le dipodi
 
0,15
 

 
Dipere
 
1,0
 

 


Mekgahlelo ya boima ba diphoofolo

Dikgomo kaofela ha se tse lekanang ka boholo – ho teng tse nyane, tse mahareng le tse kgolo. Hangata ha phoofolo e le kgolo, le ho ja e boetse e ja haholo. Mehlape e ka hlophuwa ho ya ka boima ba yona.



Phoofolo
 
Boima e phela (kg)
 

 

 
Nyane
 
Mahareng
 
Kgolo
 

 
Nku (ovine)
 
≤50
 
50 - 70
 
≥70
 

 
Dikgomo (bovine)
 
≤500
 
500 - 700
 
≥700
 

 
Dipere (equine)
 
≤300
 
300 - 600
 
≥600
 

 


Boleng ba yunite ya mehlape mabapi le ho fudisa mehlape e fapaneng ka boima



Phoofolo
 
Boima e phelang(kg)
 

 

 
Nyane
 
Mahareng
 
Kgolo
 

 
Nku e tshehadi (ho kenyeleditswe konyana)
 
0,08
 
0,1
 
0,15
 

 
Nku tse tshehadi le tse di latelang
 
0,06
 
0,08
 
0,1
 

 
Dikgomo tsa lebese
 
0,8
 
1,0
 
1,1
 

 
Dikgomo tse nyantshang (ho kenyeleditswe namane)
 
0,7
 
0,9
 
1,1
 

 
Kgomo tse ding ho feta kgwedi tse 24
 
0,6
 
0,7
 
1,0
 

 
Dikgomo tse jang jwang tse tlasa kgwedi tse 
 
0,5
 
0,6
 
0,7
 

 
Dipere
 
0,8
 
1,0
 
1,2
 

 


Ke taba ya bohlokwa mabapi le tshebediso e ntle ya mobu hore matla a ho jara ha mobu a se ke a feta ka moo mobu o kgonang ka teng – ha eba o se na bonnete mabapi le matla a ho jara ha mobu, ikopanye le ofisi e haufi le wena ya Lefapha la Temo, mme ba tla o fa dintlha tsohle tse amanang le lebatowa la hao. 



Ke tshwanetse ho ba le eng hore ke be setho sa mokgatlo wa Grain South Africa?



- Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi wa Grain SA



Motho mang kapa mang eo e leng molemi kapa mohlahisi wa dijothollo e ka nna ya ba setho sa Grain South Africa. Ho teng mefuta e fapaneng ya botho mokgatlong, empa mefuta e atileng haholo ke ya ditho tse tletseng tsa kgwebo le ditho tsa sehlopha sa boithuto. Lekgetho le lokelang ho lefshwa hore motho e be setho se tletseng sa mohwebi ke lekgetho la R2,00 tone ka nngwe toneng e nngwe le e nngwe ya dijothollo e fumanwang, mme lekgetho le lenyenyane ke le seng ka tlase ho R570 (ho kenyeleditswe VAT). 



Ho teng botho ba sehlopha sa boithuto bo jang R10 setho ka seng sa sehlopha sa boithuto. Ha batho ba le teng ba thahasellang ho ba ditho tsa sehlopha sa boithuto le ho ba ditho tsa mokgatlo wa Grain South Africa, ikopanyeng hle le mohokahanyi wa Provense e haufi le wena, eo mabitso a hae le dinomoro tsa hae di hlahellang qepheng le ka morao la lengolo lena la Pula/Imvula. Tlhahiso ya dijothollo e a tshohlwa. Sepheo sa dihlopha tsa boithuto ke ho ba le dikopano tse dulang di tshwarwa, e leng moo dintlha tsohle tse amanang le dijothollo di tshohlwang teng – ho ba setho sa sehlopha sa boithuto ho boetse ho bolela hore motho o na le tokelo le katamelo dithutong tse ngata tsa kwetliso tseo ho fanwang ka tsona ke ba Grain SA boleleleng ba selemo. 



