Planning (268)

Kwekwe ya morao e tloha le sepolo!



Instructions:

Folio Strap: Tlhahiso

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA



Mohlomong o bile le sehla se setle jwalo ka ha dikarolong tse ngata tsa naha maemo a lehodimo a bile matle, mme le dipula re bile le tse ntle. Mohlomong o maemong a motho ya kgonang ho lefella dikoloto tsa hae, mme jwale o saletswe ke lethonyana. Le ha ho le jwalo, ho teng dinthwana tseo o lokelang ho di ela hloko sehleng sena se tlang.



Hopola:

Boloka tjhelete mabapi le dijothollo tse hlahlamang – ha o fokotsa taba ya dikoloto, o fokotsa taba ya ho ipeha kotsing;

Nahana ka diterekere le disebediswa tse ding tsa polasing tseo o di hlokang hore o kgone ho ntlafatsa mekgwa ya hao ya bolemi;

Ke dijothollo dife tseo o rerileng ho di jala kgweding tse latelang tsa sehla sa lehlabula?

Ke dihekthare tse kae tseo o tla di kgona ka tjhelete?

Ditekanyetso kaofela ke tse kae tse hlokahalang ho lema dijothollo tse tlang?

Ha eba o tla adima tjhelete, ke institushene efe eo o ilo kopa thuso ho yona?

Na o se o nkile disampole tsa hao tsa mobu?

Nakong ya sehla sena se fetileng sa tlhahiso, ditheko tsa dijothollo tsohle di nyolohile ka sekgahla se seholo, mme monyetla o bile teng wa ho etsa phaello e ntle. Ka bomadimabe, ka baka la theko ya oli (e amang boholo ba tseo re di sebedisang) hammoho le keketseho ya sekgahla sa phaello, theko ya tse sebediswang masimong mabapi le sehla se hlahlamang, e se e boetse e phahame ha bohloko. Ho bohlokwa hore molemi ka mong a ke a dule fatshe, a nahane jwalo ka monna, a kopanye hona le hwane, a rere hantle pele a jala dijothollo tse hlahlamang – ditjeo e tla ba bokae hekthare ka nngwe, mme theko (poreisi) e ka lebellwang dijothollong e ka ba bokae? 



