Nominees (Maize) 								SESOTHO



Kopana le bahlwauwa ba Molemi ya Thuthuhang wa Dijothollo 



Instructions:

Folio Strap: Mohlahisi wa Dijothollo wa selemo

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi

Photos: Add photos of each nominee

Add the ribbon we used last year



Ba se ba thontswe ba hlwailweng, ba tla kenela tlhodisano ya Molemi ya Thuthuhang wa Dijothollo wa selemo sa 2009. Mohlodi o tla phatlalatswa ketsahalong ya ditletle ya Grain SA ka la Mphalane 2009. Ba hlwailweng ke bana ba latelang:



Philip Xaba 

Ka 1973 Philip Xaba o simollotse a sebetsa jwalo ka mokganni wa terekere polasing ya Magita. Ka 1983 Senwes ya mo fa mosebetsi moo a sebeditseng e le moetapele wa sehlopha ho fihlela ka 1992, mme ka mora moo a ya Vetsak.



O phetse boholo ba bophelo ba hae tikolohong ya temo, mme ka hoo, a ba le lerato la temo. O nyetse Julia, titjhere Bothaville.



Philip ho tloha kgale ha esale e le karolo ya lenaneo la temo e thuthuhang, mme o sa tswa kena Lenaneong la Molemi wa Boemo bo phahameng ka 2006. Hape e bile Molemi wa Selemo ka 2007.



Philip o dumela tabeng ya ho iketsetsa dintho ka boyena ho ena le ho etsetswa dintho ke batho ba bang. O na le tshepo e tiileng ka bokamoso ba temo, mme o atolositse mosebetsi wa hae ka ho hira dihekthara tse 300 tseo a kgonang ho di sebetsa ka mokgwa o hlwahlwa.



Simon Mazwi 

Pele Simon Mazwi a hlaha, batswadi ba hae ba ne ba ahile Taung, mme hamorao ba ya Foreisetata (Vierfontein) hobane ba ne ba dumela hore menyetla e mengata moo. E ne e le balemi ba lemang ka dipholo. Ka mora nakwana ba kgutlela Makouspan moo ba simollotseng ka temo. Mona ke moo Simon a tswaletsweng le ho holela teng.



Ka mehla Simon o ne a thusa ntatae mosebetsing wa polasi. O ne a tlwaetse ho tsoha ka madungwadungwana ho thusa ntatae ho pana dipholo pele a eya sekolong, mme ha sekolo se etswa o ne a tswela pele ho thusa ntatae ka mosebetsi. Hoba a pase kereiti ya 4 a sebetsa le ntatae polasing. Ka 1963 a ya sebetsa Lichtenburg jwalo ka mmetli wa mapolanka, e leng moo a sebeditseng dilemo tse 17. Nakong ena a sebetsa tsa bolemi mafelong a mang le a mang a beke. 



Simon e bile sehwai ka diphoofolo bophelo bohle ba hae, mme a fumana lefa la diphoofolo ho batswadi ba hae. Hajwale o na le kgomo tse 30 le dinku tse 25. Ka 1992 a kgona ho reka Ford 6600 ka tjhelete e adimilweng ho Agribank. A boela a lema dihekthara tse 15 tsa hae, mme a kgona ho hira dihekthara tse ding tse 60. Ka 2006 a simolla ka konteraka e ntjha le ba Absa, ba NWK le ba Monsanto, mme a ba karolo ya projeke e nnileng ya mo thusa ka ditjhelete dihekthareng tsa tlatsetso tse 103. Sena ke selemo sa boraro ha esale a eba karolo ya projeke ena. 



Lungile Malo

Ba ha Malo ba ne ba tswa Thaba Nchu, pela Bloemfontein, Foreisetata. Ba ile ba ya Ventersdorp hobane ke moo ba ileng ba kgona ho fumana mobu teng. Ntata Lungile Malo e ne e le mokganni wa truck, ya neng a kgona ho shebana le polasi ya hae mafelong a beke feela.



Ka 1978 ba ile ba ya Delareyville, mme ba fumana dihekthara tse 100 tsa mobu mmusong. Lungile o tsamaile sekolo Frisgewagt. Ha sekolo se tswile le mafelong a beke o ne a disa dikgomo le dinku polasing ena. Ka 1993 a ya Mafikeng moo a ileng a ba motho ya nkang ditshwantsho manyalong. Ho tloha ka 1997 ho fihlela ka 2000 a sebetsa le ntatae polasing. Ka 2000 ke ha a etsa qeto ya ho itshebeletsa a le mong mobung oo a ileng a o fumana. Lungile o ile a adingwa terekere le disebediswa tsa temo ke ntatae. A adima R25 000 ho ba Land Bank, mme a hira masimo a mangata ho ntatae. Ka mora sehla seno a kgona ho ithekela Nissan bakkie. Ka 2004 a ba le sehla se boima haholo, empa ka baka la ho sebetsa ka thata, a nna a kgona ho tswela pele. 



Samuel Moloi 

Samuel Moloi o tswaletswe polasing ya Magdalena, seterekeng sa Fouriesburg ka 1969. Ntatae o ne a itshebeletsa polasing ya hae. E bile ngwana hara bana ba robedi. O tsamaile sekolo lekeisheneng la Mashaeng haufin le Fouriesburg moo a ileng a feta kereiti ya 12.



Mafelong a beke o ne a atisa ho sebetsa polasing, a kganna terekere le ho thusa mona le mane. A rata kgwebo ya bolemi haholo, a ba le toro ya ho ba le polasi ya hae tsatsi le leng. Ho kopana ha hae le molemi ha thusa ho ntshetsa pele tlhase ya temo. Kajeno Samuel o nyalane le Dianne, titjhere Mashaeng, mme ba na le bana ba bararo.



Samuel o re o ne a atisa ho mamela Jane McPherson ha a ntse a bua ho Lesedi FM ka bolemi ba dijothollo, mme sena sa mo fa mafolofolo ho phethahatsa toro ya hae. Lemong sa 1996 a simolla bolemi ba hae ka dikgomo le dinku masimong a setjhaba Fouriesburg.



Ka 2004 a hira dihekthara tse 30 tsa masimo ho mohwebi, Mong. Exley, mabapi le ho jala poone. Ka 2006 a hira dihekthara tse 16 tsa masimo ho Mmasepala wa Fouriesburg, mme mona ke hona moo a tshwereng ka thata. Samuel o kene ka setotswana Lenaneong la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi, mme ke setho sa Sehlopha sa Boithuto sa Dishweshwe tsa Dikorong, mme o se a ile a ba teng dithutong tsa ngata tsa kwetliso.



William Matasane 

William Matasane o hlahetse seterekeng sa Winburg moo a keneng sekolo sa polasing, mme hamorao a kena sekolong se phahameng sa Winburg. O holetse polasing, a lora ka mehla ho ba le polasi ya hae ka tsatsi le leng, le ho ba mohlahisi/molemi. O ne a atisa ho thusa ntatae polasing moo a neng a sebetsa masimong le ho kganna diterekere.



William o qadile ho sebetsa Allemanskraal (e tsejwa hantle ka la Aventura Resort Aldam) e le mophehi ho fihlela ka 2004. Ka 2004 a reka polasi ya Verblyden eo a ntseng a e sebetsa le kajeno. O atlehile ho hlahisa soneblomo, poone le koro. O nyetse Alina, mme ba na le bana ba bane – mora le banana ba bararo.



Nolundi Msengana 

Nolundi Msengana o hlahetse Cala, e leng Kapa Botjhabela ka 1972. Ka 1978 a kena sekolo sa Junior Secondary sa Tshengiwe, mme hamorao a ya ho sa Zimele Secondary se Umtata. O phethile lengolo la materike sekolong se phahameng sa Ngangelizwe ka 1991. Nolundi o qadile ho sebetsa KFC, mme hamorao a iqalla kgwebo ya hae ya ho rekisa diaparo le dieta.



Lerato la Nolundi la temo le bile teng ka baka la tikoloho eo a holetseng ho yona. Lelapa leo a holetseng ho lona ke leo batswadi ba hae le bomalomae ba neng ba ruile mehlape ho lona le ho lema dijothollo mobung wa setjhaba.



Nolundi o bile le dikgomo tse 20 le dikgoho tse ka bang 100, mme o bile a hlahisa meroho hekthareng e le nngwe. O sebeditse mmoho le batswadi mobung wa setjhaba ho fihlela a lemoha monyetla oo ba Lefapha la Naha ba fanang ka ona wa ho hira masimo ho kenyeleditswe kgetho ya ho reka, mokgwa o bitswang wa PLAS.



Polasi ya hae ke dihekthara tse 350 – hekthara tse 80 ke makgulo; tse ding tsona ke tse lengwang. O jetse dijothollo tsa hae tsa pele sehleng sa 2008, e leng dihekthara tse 20 tsa soneblomo. Ka 2009 a etsa qeto ya ho lema masimo kaofela, mme a kgona ho jala dihekthara tse 135 tsa soneblomo le tse 40 tsa poone.



Sena se ile sa kgonahala feela ka tshehetso ya Grain SA ka lenanelo la bona la kwetliso le Senwes ka tshehetso ya bona ya ditjhelete le lenaneo la tataiso.



Shimi Makoka

Shimi Makoka o tswaletswe Mabieskraal lebatoweng la Rustenburg moo a holetseng teng le ho simolla ka sekolo teng. A phethela lengolo la materike Sekolong sa Secondary sa Rustenburg. Hamorao Shimi a fumana lengolo la diploma Tsamaisong ya Setjhaba le Ntshetsopele (Public Management and Development) a ithuta le Unisa.



Ka 1987 Shimi a hohelwa ke ba Land Bank, e leng tshimoloho ya thahasello ya hae ho tsa temo. Shimi a etsa kopo ya polasi, mme a ba lehlohonolo ho fumana polasi ka mokgwa wa PLAS, e leng moo a ntseng a sebetsa teng le kajeno. 















 



 







































