<Doc01>
Setheo sa Tshireletso ya Setjhaba sa Afrika Borwa
Tjhata ya Tlhokomelo ya Bareki
O amohetswe ho Tjhata ya rona ya Tlhokomelo
Re batla wena, moreki wa rona, o re ahlole ho ya ka maemo a tshebeletso ao re a qollang tjhateng ena.
Re tla o tshwara ka tlhompho mme re o fe tshebeletso tse nepahetseng ho latela metheo ya BATHO PELE.
Re itlama jwalo ka boikarabello ba rona ho fana ka tshebeletso ya maemo a phahameng lefatshe ka bophara, re o fe lesedi le nepahetseng, keletso le thuso ditshebeletsong tsa rona kaofela.
Sepheo sa Tjhata
Tjhata e o bolella ka maemo a tshebeletso eo o ka e lebellang ho tswa ho Setheo sa Tshireletso ya Setjhaba sa Afrika Borwa (SASSA).
SASSA ke karolo ya letsoho le abang la mmuso le tsamaisang ho ajwa ha dithuso tsa setjhaba ho baahi ba Afrika Borwa. 
Re itlama
Ho fana ka ditshebeletso tsa tshireletso ya setjhaba tsa maemo a hodimo, ka ditjeho tse tlase le ka nepo re sebedisa mekgwa e nepahetseng.
O ka lebellang ho rona
Ntshetsopele le tshireletso ya seriti sa botho, Sephiri, tlotlo, ho Hloka Leeme, Ponaletso le Tekatekano.
Ka hara Setheo sa Tshireletso ya Setjhaba sa Afrika Borwa kaofela, re tla 
O fa lesedi le keletso ka dithuso kaofela tse o ka di kopang.
O romela ditheong tse ding tse ka o thusang ka ditlhoko tsa hao.
O thusa ho tlatsa diforomo tsa rona mme o etse kopo ya thuso.
Boloka lesedi kaofela leo o re fang lona.
Hlompha ka nako tsohle Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, melao e laolang ditshebeletso tsa setjhaba le khoutu ya boitshwaro ya ditshebeletso tsa setjhaba
O thusa ka puo  eo o ikgethelang yona.
Sebetsa mmoho le batho bao re ba thusang le baamehi ba bang.
Tsitlallela tswelopele ya ntlafatso ya kabo ya ditshebeletso ho fihlella ditebello tsa hao.
Ho ikopanya le rona
Ha o ikopanya le rona ka seqo, mohala, lengolo kapa imeile ho tla etsahala tse latelang:
Moemedi wa ditshebeletso tsa bareki eo o buang le yena o tla itsebisa.
Bakeng sa ditletlebo ka mohala kapa ka seqo, re tla rarolla ditletlebo tsa hao hanghang.
Ha re sa kgone ho rarolla hanghang re tla fana ka mabaka mme re tsebise motletlebi hore a ka lebella karabo neng.
Re tla o fa nomoro e supang ya hao ho o thusa ho latela tletlebo ya hao.
Re tla ananela ho fumana mangolo afe kapa afe ao o a romelang mme re tla sekaseka tletlebo matsatsing a sa feteng a 7. 
Ha re sa kgone ho o thusa ka botlalo matsatsing a 7, re tla o fa mabaka le hore o ka lebella karabo neng.
Re tla leka ho rarolla tletlebo ya hao matsatsing a tshebetso a 21.
Ha o re letsetsa re tla leka ho araba mohala wa hao ka potlako kamoo re ka kgonang ka puo ya semmuso eo o e kgethang.
Re tla o tsebisa ka qeto e nngwe le e nngwe mabapi le thuso ya hao ka lengolo.
Diofising tsa SASSA
Ha o fihla ho e nngwe ya diofisi tsa rona, basebetsi ba tafole ya dithuso ba tla o thusa hanghang.
Diofisi tsa rona kaofela di bulwa ho tloha ka 08h00 ho fihla ka 16h30, Mantaha ho fihla ka Labone le ho tloha ka 08h00 ho fihla 16h00 ka Labohlano.
Disofising le dibakeng tsa ditefello o tla fumana tse latelang:
Ho ba mong
Dibaka tsa ho emela thuso tse kgathollang
Matlwana a ho ithusetsa.
Dithuso tsa bongaka ha re tsebisitswe pele ka tlhokeho eo
Re tla tla ho wena ha ele hore ka baka la ho kula ha o kgone ho tla ofising tsa rona.
O ka re letsetsa mme re tla etsa ditokisetso tsa ho o etela lapeng.
Tshekatsheko ya kopo ya hao ya thuso
Re tla qala ho sebetsana le kopo ya hao tsatsing lona leo.
Re tlamehile ho netefatsa hore ka molao o tshwanetswe ke thuso.
Re ipha nako ya ho sekaseka kopo ya hao mme re o lefe matsatsing a 90.
Re tla o eletsa ka tokelo ya hao ho etsa boipiletso ha kopo e hannwe, e fanyehilwe kapa e fedisitswe.
Ho etsa qeto.
Ha re etsa qeto ka kopo ya hao ya grante mme o nahana e fosahetse, kapa o batla tshedimosetso e nngwe mabapi le qeto, o ka etsa tse latelang:
O ka re kopa hore re hlalose qeto ka botlalo mme re tla phethahatsa kopo ya hao.
O ka etsa boipiletso ka qeto ya rona feela matsatsing a sa feteng a 30 ho tloha ka letsatsi le lengolong la qeto.
O ka fihlella faele ya hao bakeng sa lesedi leo o ka le hlokang.
Boikarabello ba hao e tla ba
Ho re fa:
Aterese e nepahetseng ya poso le ya bodulo.
Diphetoho maemong a hao jwalo ka moputso, aterese, maemo a bokudi jj.
Lesedi kapa tlhaloso e tshepahalang, e nang le nnete, e nepahetseng le e felletseng ka nako tsohle.
Karabo e potlakileng mangolong a rona ho akaretsa tshekatshekobotjha kapa lesedi lefe kapa lefe le ka kotjwang ho wena. 
Ha o a thabela ditshebeletso tsa rona?
Ha o sa thabela ditshebeletso tsa rona hobane:
Re nkile nako e telele haholo ho sekaseka kopo ya hao ya thuso le/kapa ha o a fumana tefello ya hao ka nako. 
Boitshwaro ba mosebeletsi wa rona bo ne bo sa thabise.
Basebeletsi ba rona ba entse phoso kopong kapa ba o file keletso e fosahetseng.
Kapa phoso ya ka boomo/eo e seng ya ka boomo e entsweng ke rona.
Re tsebise ka yona mme re tla lokisa hanghang phoso eo re e entseng.
Ha o batla ho kenya tletlebo, ka kopo re ngolle kapa re letsetse mme o kope ho fetisetswa yuniting ya rona ya tlhokomelo ya bareki.
Re tla buisana le wena ka ditshebeletso tsa rona.
Re na le thahasello maikutlong a hao ka ditshebeletso tsa rona.
Re tla sebedisa lesedi leo o re fang lona ho ka ntlafatsa ditshebeletso tsa rona.
Ka boikokobetso re romelle karabo ka e meng ya mekgwa e latelang ka tlase ka mona:
Letsetsa setsi sa rona sa mehala nomorong ya mahala-0800 601 011
Tlatsa karete ya maikutlo a bareki e fumanehang ofising le dibakeng tsa rona tsa ditefello.
Etela webosaete ya rona ho www.sassa.gov.za 
Etela sebaka se seng sa rona sa ditefello.
(Lebatowa, lapeng, tshebeletso le dibaka tsa ditefello)
Tlisa lengolo la maikutlo a hao ho e nngwe ya diofisi tsa rona.
Dipotso kapa maikutlo ka tjhata ena
Ha o hloka lesedi le leng ka tjhata ena, tloho ho e nngwe ya diofisi tsa rona.
Oka fumana tjhata ena ka Braille, kgatiso kapa CD, ha o kopa.
Tjhata ena e tla kena tshebetsong ka 01/04/2007 mme e tla sekasekwa botjha selemo le selemo ho ka akaretsa maikutlo a hao.
<Doc02>
Dipalopalo tsa Afrika Borwa – Ditaba
Ka hara Dipalopalo: Tlhokeho ya dipalopalo e tla eketseha ha demokerasi e matlafala
Pampitshana ena e phatlaladitswe pele ka hara Tlaleho ya Kgwebo ka 05 Phato 2004
Beke e fetileng ke ne ke le kopanong ya boto ya Setsi sa Thupello ya Dipalopalo tsa Afrika  Botjhabela mane Thanzania, moo ke bileng le monyetla wa ho ba teng moketjaneng wa  dikapeso wa ngwaha wa bo39, moo basebetsi ba bahlano ba Dipalopalo SA ba bileng le seabo. 
Thupello ya basebetsi ba Dipalopalo SA ke lerato la mokgatlo.
Ka mora hoba ke hirwe hoba radipalopalo-kakaretso, Dipalopalo SA, mmoho le Lekgotla la Dipalopalo, e ile ya etsa dipatlisiso tse potlakileng tsa ditsha tse fanang ka thupello e loketseng ka dipalo tsa mmuso.
Re ile ra hlwaya ditheo tse pedi: setsi sa thupello se Dar es Salaam, Thanzania, le Institjute ya Dipalopalo le Thuto ya Moruo ya Tshebetso e Uganda. 
Setsi sa thupello se thehilwe ka 1965 ke Khomishini ya Moruo ya UN ya Afrika, Mokgatlo wa Ditshebeletso tse Kopanetsweng wa Afrika e Botjhabela le Porokgeramo ya Ntshetsopele ya UN. 
Ka 1977, mmuso wa Thanzania o ne o se o nkile tsamaiso ya setsi, wa eketsa palo ya dinaha tsa Afrika tse fumanang thuso ho 13.
Institjute ya Uganda e thehilwe ka 1969, ho ikamahantswe le moralo wa molao wa Yunivesithi ya Makerere.
Sepheo sa yona se boletswe e ne e le thupello ya boemo bo phahameng ya diporofeshenale tsa dipalopalo le thuto ya moruo ya tshebetso.
Dilemong tse tharo tse fetileng, Dipalopalo SA e ntse e romela basebetsi ditsheng tsena.
Lemo se fetileng, sehlopha sa pele se apesitswe.
Haesale ba kgutla, ba bontshitse kgatelopele tshebetsong ya bona, ba bang ebile ba maemong a botsamaisi.
Le ha ho le jwalo, Dipalopalo SA e tobane le diphephetso tse ntjha.
Tlhokeho ya lesedi la dipalopalo ho ka etsa diqeto, makaleng ohle a mararo a mmuso, e eketsehile haholo.
Ka ho qolleha, batho ba rupelletsweng ho bokeletsa le ho sebedisa lesedi la dipalopalo boemong ba dimasepala ba hlokahala haholo.
Ho kgotsofatsa tlhokeho ena, re tla tlameha ho rupella batho ka sekgahla sa 2 000 ka selemo.
Setsi sa thupello sa Thanzania le Institjute ya Uganda ya Dipalopalo le Thuto ya Moruo ya Tshebetso di ka se kgone tlhokeho e hodimo jwalo.
Pulong ya Seboka sa Lekgotla la Dipalopalo la SA lemong se fetileng, letona la ditjhelete Trevor Manuel o ipileditse ho diyunivesithi tsa Afrika Borwa ho rarolla phokolo ena ya tsebo ya dipalopalo ho ka thusa mmuso ho etsa diqeto tse nepahetseng tse itshetlehileng ka lesedi le nepahetseng la dipalopalo.
Dipalopalo SA e se e qadile dipuisano le diyunivesithi ka sepheo sa ho qala thupello e jwalo.
Le ha ho le jwalo, ha jwale ha ho yunivesithi ya Afrika Borwa e fanang ka dithuto tsa dipalopalo tsa semmuso.
Dipalopalo SA e lohotha ho qala institjute ya thupello ya dipalopalo haufinyana, e tla fana ka thupello ya dipalopalo tsa semmuso ho basebetsi ba ka hare le basebetsi ba tswang mafapheng a mang.
Ho manollwa ha mokgwa wa dipalopalo tsa naha ho tla baka tlhokeho ya ho thehwa ha diyuniti tsa dipalopalo mafapheng a mmuso a fapaneng, ho eketsa tlhokeho ya ditsebi tsa dipalopalo.
Le ha ho le jwalo, ntshetsopele ya botsebi ba dipalopalo e amanngwa le ho feta tlhoko ya puso ya lesedi le nepahetseng.
Dipalopalo di phunyelletsa ho fihla pelong ya demokrasi.
HG Wells, maqalong a ngwahakgolo wa 20, o bile le maikutlo a hore nako e tlang, dipalopalo di tla ba bohlokwa ho baahi jwalo ka ho tseba ho bala le ho ngola.
Dipalopalo tsa setjhaba ke pihlello ya moraorao ya botjhaba e tswetseng pele ka ho fihla ha demokrasi.
Maemong a Afrika, moo demokerasi e sa leng ntjha, re tla bona keketseho ya tlhokeho ya dipalopalo tsa setjhaba ha demokrasi e ntse e teba.
Ditsebi tsa dipalopalo ke bahlokomedi ba metheo ya ponaletso ho tekanyetso le pihlello, mme le boikarabello.
Ke seo e leng sa bohlokwa letsholong la ho matlafatsa tsebo ya dipalopalo, le ho ntshetsa pele ditheo tse hlokahalang bakeng sa kgolo e matla e potlakileng ho ruteng dipalo tsa semmuso.
Pali Lehohla ke radipalopalo-kakaretso le hloho ya Dipalopalo SA.
Bakeng sa lesedi le feletseng ka Stats SA le mesebetsi ya lona, etela www.statssa.gov.za kapa letsetsa (012) 310-8600
<Doc03>
Matsatsi a 16 a Boitseko: na o ne o tseba?
Ho tloha ka 1994, Mmuso o entse molao ho lokisa diphoso tse amang bomme le bana.
Molao wa Kgothaletso ya Tekatekano le Thibelo ya Kgethollo e Leeme, wa 2000 o phatladitswe ho netefatsa hore bohle ba itumella ditokelo ho ya ka Molao wa Motheo .
Molao ona o netefatsa hore bomme ba fumana tokelo le tokoloho tse lekanang, ha ho lokiswa diphoso tsa kgale.
Molao wa Tekatekano Khirong, wa 1998 o netefatsa hore kgethollo khirong, mosebetsing le ka moputso dibakeng tsa mesebetsi ho latela melao ya kgethollo ya fediswa.
O kgothaletsa kemedi e lekanang ya bomme le ba bang  ba neng ba kgethollwa pele makaleng ohle a ditheo tsa puso le tsa poraefete.
Molao wa Tlhokomelo, wa 1998 o netefatsa ditokelo tsa ngwana ho phela maemong a nepahetseng bakeng sa ntshetsopele ya mmele, kelello, moya le setjhabeng.
Molao o netefatsa hore tlhokomelo ya ngwana e a fumanwa ho tswa batswading kapa batho ba bang ba jereng boikarabelo ba ngwana ba ditjhelete.
Molao wa Tlhekefetso ya Mapeng, wa 1998 o phatlaladitswe ho ka thusa mahlatsipa a tlatlapo lapeng tshireletso e matla kgahlanong le tlhekefetso malapeng.
Bomme, bao e leng bona mahlatsipa a tlhekefetso malapeng, jwale ba kgona ho itwanela ka molao ho netefatsa tshireletseho ya bona.
Molao wa Bana, wa 2005 le Molao wa Bana o Fetotsweng, wa 2007 hara tse ding e phatlaladitswe ho ka sireletsa ngwana kgahlanong le tshwaro e mpe, ho se hlokomelwe, tlhekefetso le nyefolo.
Mmuso o kentse tshebetsong le ho tshehetsa mekutu yohle e sireletsang seriti sa botho sa bomme le bana.
Tjhata ya Ditokelo tsa Bana e sa sekasekwa botjha le ho ntjhafatswa hore e akaretse diphephetso tse ntseng di hlahella jwalo ka ho sebediswa ha bana ho etsa kgatiso tsa motabo le phihlello ya dikgatiso tsa motabo ke bana.
Puso e arabile phephetso ya bana ba qobellwang lenyalo ho batho ba baholo ka tlasa leshano la ho re ke moetlo o bitswang “Ukuthwala”. 
Puso e itlama ho netefatsa hore meetlo le mesebetsi e meng di latela Molao wa Motheo le melao e amehang.
Mesebetsi o se o qadile ho theha makala a seponesa a ikgethileng ho thibela ditlolo tsa molao tsa lapeng le tsa motabo le ditlatlapo tse ding kgahlanong le bomme le bana.
Ho thehwa ha makala a ikgethileng e tla ba pokeletso ya botsebi bo hlokahalang ho matlafatsa tsamaiso le katleho ya botjhutjhisi ba ditlatlapo kgahlanong le bomme le bana. 
Ha jwale ho na le Ditsi tsa Tlhokomelo tsa Thuthuzela tse 17 naheng ka bophara dibakeng tse nang le diketsahalo tse ngata tsa motabo ka dikgoka.
Ditsi tsena di fana ka ditshebeletso tsa bophelo bo botle le thekolohelo mmoho le ho qala metjha bakeng sa ho tlaleha le ho tjhutjhiswa ha ditlolo tsa molao sebakeng se nang le seriti le tlhokomelo ka diporofeshenale tse rupelletsweng.
Matlole a Kamoho ya Thepa ya Botlokotsebe a ile a sebediswa ho tshehetsa diporojeke tse 19 tsa matlafatso ya mahlatsipa.
Bukana ya Ditshebeletso tsa Mahlatsipa a Tlatlapo le Bonokwane e nang le ditshebeletso tse abilweng ke mekgatlo e 1 500 ya mmuso le ya setjhaba diporofenseng kaofela e ile ya ngolwa.
Bukana ena fa batho matla a ho fihlella ditshebeletso tse fumanehang moo ba dulang.
Ho thehilwe dibaka tse nang le tlhokomelo ya mahlatsipa diteisheneng tsa maponesa tse dibakeng tse nang le botlokotsebe bo kotsi.
Makgotla a Dinyewe a Ditlolo tsa molao tsa Motabo a se a thehilwe.
Molao wa Tlatlapo ya Lapeng o laela hore ho ahuwe dibaka tsa tshireletseho.
Ha jwale ho na le dibaka tsa tshireletseho tse 96 Afrika Borwa, ho tloha ho tse 39 ka 2001.
Tjhata ya Ditokelo tsa Mahlatsipa e fetoha ho ba nnete ho mahlatsipa a tlatlapo a fumanang thuso ya Setheo sa Toka ya Bonokwane. 
Tjhata ena e akaretsa Maemo a Motheo ka Ditshebeletso tsa Mahlatsipa a Bonokwane, mme e qolla meralo ya molao hore mahlatsipa a kgone ho sebedisa tokelo tsa bona ditshebeletsong tseo ba di lebeletseng ho tswa ho Setheo sa Toka ya Bonokwane.
Ka ho kenya tshebetsong Tjhata ya Mahlatsipa, matsatsi a ho phethela nyewe Lekgotleng la Motabo ka Dikgoka a theohile ho tloha ho 285 ho fihla ho 142.
Tjhata ena e a hlokahala hore Mmuso wa Afrika Borwa o kgone ho fihlella boikarabelo ba wona ho latela Boitlamo ba Metheo ya Toka bakeng sa Mahlatsipa a Bonokwane le Tshebediso e Fosahetseng ya Matla ba Matjhaba a Kopaneng (UN).
Tshebetsommoho ya matjhaba ho rarolleng diphephetso tsa ditlatlapo kgahlanong le bomme la bana.
Afrika Borwa e fane ka tlaleho ya yona mabapi le tswelopele e seng e fihleletswe ho kenya tshebetsong ha Kopano ka Phediso ya kgethollo kgahlanong le bomme ho komiti ya UN CEDAW.
Afrika Borwa e ile ya amohela Seboka sa Matona (Phato 09) a Setlamo sa Ntshetsopele ya Dinaha tsa Afrika e ka Borwa (SADC) ho phethela leano la tshebetso la dilemo tse 10 la maqiti a sedika mabapi le thekiso ya batho, haholo bomme la bana.  
Prothokholo ya SADC ya Bong le Ntshetsopele e bolela hore ka 2015 Dinaha tsa SADC di tla be di phatlaladitse molao o thibelang tlhekefetso ka motabo. 
Afrika Borwa e amohetse Seboka sa Sedika sa Toka ya Bong (9─10 Pudungwane 2009), ho kopane baemedi ba dinaha tse fapaneng tsa Afrika ho tla fapanyetsana ka boiphihlelo le mekgwa e nepahetseng ya phediso ya ditlatlapo tsa motabo le bong.
Se iphapanye, ema kgahlanong le tlhekefetso.
<Doc04>
Tlaleho ya Sephiri
Lefapha la Matlo le itlama ho sireletsa diphiri tsa hao le ho aha thekenoloji e tla o fa tshebediso e matla e sireletsehileng mehaleng ya inthanete.
Tlaleho ya Sephiri e Sebetsa webosaeteng ya Lefapha la Matlo pokeletsong le tshebedisong ya dipalo.
Ka ho sebedisa webosaete ya Lefapha la Matlo, o itlama ka mekgwa e laolang dipalo tse hlaloswang polelong ena.
Pokeletso ya Lesedi ka Wena.
Lefapha la Matlo le bokeletsa lesedi le o senolang, jwalo ka aterese ya imeile, lebitso, aterese ya lapeng kapa mosebetsing kapa nomoro ya mohala.
Lefapha la Matlo hape le bokeletsa lesedi le sa tsejweng ho ya ka dibaka le mefuta ya batho, e sa lebanang le wena fela, jwalo ka khoutu ya ZIP, boholo, bong, ditabatabelo, dikgahleho le dithatohatsi.
Hape ho na le lesedi ka hatewere le softewere ya khompiyuta ya hao  le itlhahisang pokeletsong ya Lefapha la Matlo. 
Lesedi lena e akaretsa: aterese ya IP ya hao, mofuta wa boraosara, lebitso la sebaka seo aterese ya imeile ya hao e leng ho sona, dinako tsa phihlello le diaterese tsa webosaete tseo o di etelang.
Lesedi lena le sebediswa ke Lefapha la Matlo kabong ya tshebeletso, le ho fana ka dipalopalo mabapi le ho sebedisa webosaete ya Lefapha la Matlo. 
Ka kopo hopola hore ha e le wena ya senolang ka ho otloloha lesedi leo o le senolang kapa lesedi la sephiri  matlapeng a ditsebiso a Lefapha la Matlo, lesedi lena le ka fumanwa le ho sebediswa ke batho ba bang.
Hlokomela: Lefapha la Matlo ha le bale melaetsa ya hao ya poraefete mehaleng ya dikgokahanyo.
Lefapha La Matlo le o kgothaletsa hore o lekole polelo ya sephiri ya diwebosaete tseo o kgethang ho di sebedisa dikgokahanyong le Lefapha La Matlo hore o tle o utlwisise hore Webosaete tseo di bokeletsa, di sebedisa le ho fapanyetsana ka lesedi la hao jwang.
Lefapha la Matlo ha le jare boikarabelo ba polelo tsa sephiri kapa dikahare tsa Webosaete tse ding ntle le ya Lefapha la Matlo le tse ding tsa ditho tsa Lefapha la Matlo. 
Tshebediso ya Lesedi ka Wena
Lefapha la Matlo le bokeletsa le ho sebedisa lesedi ka wena ho kenya tshebetsong webosaete ya Lefapha la Matlo ho ka o abela ditshebeletso. 
Lefapha la Matlo le sebedisa lesedi leo o le senolang ho o tsebisa ka disebediswa le ditshebeletso tse fumanehang Lefapheng la Matlo le makala a lona.
Lefapha la Matlo hape le ka buisana le wena ha le etsa diphuputso le maikutlo a hao ka ditshebeletso tsa ha jwale kapa tse tlang ho ajwa.
Lefapha la Matlo ha le rekise,  ha le kadimisane ka lesedi la bareki ba lona ho batho ba bang.
Lefapha la Matlo, nako le nako, le tla ikopanya le wena mabapi le metswalle ya kgwebo ya ka ntle ka tshebeletso e ka o kgahlang.
Mabakeng a jwalo, lesedi leo o senolang (imeile, lebitso, aterese, nomoro ya mohala) ha le fuwe motho wa boraro.
Ho tlatseletsa, Lefapha la Matlo le ka fapanyetsana ka lesedi le metswalle e tshepahalang ho re thusa ho manolla dipalopalo, ho o romella imeile kapa lengolo, ho fana ka tshehetso ya kgwebo, kapa ditlhophiso tsa ho romela diphasela.
Metswalle eo ya boraro e thibelwa ho sebedisa lesedi la hao ntle le ho fana ka tshebeletso tsena ho Lefapha la Matlo, mme ho lebeletswe hore ba boloke lesedi la hao e le sephiri.
Lefapha la Matlo ha le sebedise kapa ho senola lesedi la sephiri la hao, jwalo ka morabe, bodumedi, mokga wa dipolitiki, ntle le tumello ya hao ka ho otloloha.
Lefapha la Matlo le latela mehlala ya diwebosaete le maqephe ao bareki ba rona ba a etelang ka hara Lefapha la Matlo, ho netefatsa hore ke ditshebeletso di fe tsa Lefapha la Matlo tse ratwang haholo.
Lesedi lena le sebediswa ho fana ka tshebeletso e ratwang le phatlalatso ka hara Lefapha la Matlo ho bareki ba bontshang hore ba thahasella karolo e itseng.
Websaete ya Lefapha la Matlo e tla senola lesedi la hao, ntle le tsebiso, ha fela le qobellwa ke molao kapa ha le kgolwa hore ho etsa jwalo ho molemong wa: (a) ho ikamahanya le taelo ya molao kapa ho hlompha kgato ya molao kgahlanong le Lefapha la Matlo kapa webosaete; (b) ho sireletsa ditokelo kapa thepa ya Lefapha la Matlo; le, (c) ka tlasa maemo a potlakileng ho sireletsa basebedisi ba Lefapha la Matlo, kapa setjhaba.  
Tshebediso ya Dikhuki
Webosaete ya Lefapha la Matlo e sebedisa “dikhuki” ho o thusa ho ikahela tshebediso ya inthanete e ratwang ke wena. 
Khuki ke faele ya mangolo e kgomathiswang ho letlapeng la hao ke sefara ya leqephe la webo.
Dikhuki ha di sebediswe ho mathisa mananeo kapa ho tlisa kokwana khompiyuteng ya hao.
Dikhuki di kgethelwa wena, mme di ka balwa fela ke sefara ya webo e sebakeng seo khuki e rometsweng ho tswa ho sona. 
Sepheo sa motheo sa khuki ke ho o thusa ka sesebediswa se bolokang nako.
Sepheo sa khuki ke ho tsebisa sefara ya webo hore o kgutletse leqepheng le itseng.
Mohlala, ha o iketsetsa maqephe a Lefapha la Matlo, kapa o ngodisa le websaete kapa tshebeletso ya Lefapha la Matlo, khuki e thusa Lefapha la Matlo ho hopola lesedi le itseng la hao ka ketelo tse latelanang.
Hona ho bebofatsa mosebetsi wa ho hatisa lesedi la hao, jwalo ka aterese e amohelang mangolo a dikoloto, aterese ya thomelo ya thepa, jwalojwalo.
Ha o kgutlela webosaeteng yona eo ya Lefapha la Matlo, lesedi leo o neng o fane ka lona pejana le ka fumaneha, kahoo o ka sebedisa ha bonolo disebediswa tse o ikahetseng tsona tsa Lefapha la Matlo.
O kgone ho amohela kapa ho hana dikhuki.
Bongata ba diboraosara tsa webo di amohela dikhuki ka botsona, empa o ka fetola boraosara ya hao hore o hane dikhuki ha o batla.
Ha o kgetha ho hana dikhuki, o ka se kgone ho utlwa monate wa disebediswa tsa ditshebeletso tsa kgokahanyo tsa Lefapha la Matlo kapa ha o etela websaete.
Tshireletso ya Lesedi ka Wena.
Lefapha la Matlo le sireletsa lesedi la hao ho fihlellwa ntle le tumello, tshebediso kapa tshenolo.
Lefapha la Matlo le sireletsa lesedi le ka o supang eo o fanang ka yona ho sefara ya khompiyuta ka taolo, sebaka se sireletsehileng, tshireletso ho fihlellwa ntle le tumello, tshebediso le tshenolo.
Ha lesedi ka wena (jwalo ka nomoro ya karete ya ho reka ka mokitlane) e fetisetswa webosaeteng tse ding, e sireletswa ka tshebediso ya mongolo o patehileng, jwalo ka prothokholo ya Secure Socket Layer (SSL).
Diphetoho Tlalehong ena
Lefapha la Matlo kgafetsa le tla ntjhafatsa Tlaleho ya Sephiri ho bontsha diphehiso tsa khamphane le bareki.
Lefapha la Matlo le o kgothalletsa ho lekola Tlaleho ena hore o be sedi ka moo Lefapha la Matlo le sireletsang lesedi la hao.
Lesedi la ho ikopanya le wena.
Lefapha la Matlo le ananela diphehiso tsa hao mabapi le Tlaleho ya Sephiri.
Ha o kgolwa hore Lefapha la Matlo ha le a ikamahanya le Tlaleho ena, ka kopo tsebisa Lefapha la Matlo ho webmaster@kznhousing.gov.za.  
Re tla etsa boiteko bohle bo kgonahalang ho ka batlisisa le ho lokisa bothata.
<Doc05>
Puo ya Tonakgolo Ebrahim Rasool Moketeng wa Keteko ya Baithuti ba Sehlopha sa Materiki
Kajeno re mona ho tla thoholetsa baithuti ba itlhommeng pele ba materiki.
Re re ho bona: Le sebeditse! Re motlotlo ka lona, Profense le Naha e motlotlo ka lona, batswadi ba lona ba motlotlo ka lona, mme sa bohlokwa ke hore le be motlotlo ka lona.
Lebaka le etsang hore re be motlotlo nakong e tjena, ke ho hlokomela ntlha ya hore nako ya tlholo e hlahella ka mora nako e telele ya mathata le boitelo, hore kajeno ke nako eo ho apohang ka yona ho tswa maemong a ka hlaloswang e le a thata.
Sehlopha sa Materiki se thata.
Dilemong tse leshome tse fetileng re ile ra tlameha ho fetola sebopeho  sa thuto kaofela ho tswa tshekamelong ya kgethollo.
Re fihlelletse katleho e itseng mabapi le tomahano ka bophara, thuto le hlahlobo e le nngwe, palo e phahameng ya ba ngolang le ho pasa sehlopha sa materiki, le tlhokomediso ya hore thuto e kgotsofatsa ditlhoko tse fetang tsa motho - hore moruo kaofela o itshetlehile ho tsebo e tswang thutong. 
Ka nnete Sehlopha sa Materiki se Thata.
Baetapele ba rona ba kopaneng mona Leeuwenhof ke ba hlwahlwa bao re nang le bona, ba fihlelletseng tse ntle, mme ba tshwanelwa ke tlotlo kaofela eo Profense ena e ka ba fang yona.
Menahano ya rona e ya ho 71% ya setjhaba se dilemo tse fetang tse 20 ba sa kgonang ho fihlella dithuto tsa sekondari, bao e ka bang 80 000 ba qadileng Kereiti ya 1 le lona dilemo tse 12 tse fetileng ba sa kang ba ngola hlahlobo ka 2004 hobane ba tlohetse sekolo hara nako, le ba bangata ba ngotseng, empa ka baka la kgetho ya dirutwa le dikereiti, ba na le mangolo a sehlopha sa materiki a ke keng  a amohelwa ke moruo kapa dithuto tse phahameng.
Sehlopha sa materiki se thatafatswa hape ke hore re ithekisa ka lona..
Setjhaba se tla tadima bokamoso ba rona ka tshebetso ya lona.
Ba beha tshepo ya bona mahetleng a lona.
Ba beha tshepo ya bona ya bokamoso ho matsete a rona thutong e re kopantseng ho keteka mona kajeno.
Boholo ba tjhelete ya profense le ya naha bo ya thutong.
Selemong sena fela, ho sireletsa mesebetsi ya matitjhere a 2000 re ile ra tlameha ho sebedisa tjhelete e neng e reretswe mabaka a mang a profense ho e sebedisa thutong.
Re tlamehile ho eketsa matsete a rona dikolong tse fumanehileng hore ka palo ya e eketsehang boleng ba thuto bo utlwahale ka ho kgolwa bokamosong dikolong tsa makeisheneng kaofela. 
Ho bohlokwa haholo, Letona Dugmore le Molaodikakaretso Swartz, re batla ho theha  Mekgwatshebetso ya Tsa Basebetsi ho tshehetsa matsete ana kaofela.
Re tlamehile ho fumana baithuti ba sehlopha sa materiki ba tsitsitseng makgabaneng a bona, ba fihlellang sephetho se phahameng, ba ka akaretswang moruong, ba tshepahalang setjhabeng sa bona, mme ba le bohlokwa bothong.
Sena ke sona seo re tletseng ho se keteka mona kajeno.
Le emetse tshepo ena ha re aha Lehae la Bohle.
Re keteka phihlello ya lona hobane le bile le boitelo la sebetsa ka thata, batswadi ba lona ba bile le boitelo ho le kenya sekolo, le setjhaba se bile le boitelo sa tsetela bokamosong ba lona.
Bongata ba nyatsa bohlokwa ba ho keteka phihlello ya sehlopha sa materiki ka baka la mathata a teng le hore e ntse e le sehopotso sa mokgwa wa kgethollo.
Ke lona fela ba ka hlolang sena ka ho itlama ka tshebetso le menahano ho aheng Lehae la Bohle, leo e seng la mmala le lekanang.
Sena se tlamehile ho bonahala diqetong tseo le tla di nka ho tloha hona jwale.
Ho fihla ha jwale le ne le nka diqeto tsa hore le tla sebetsa ka thata jwang.
Mangolo a lona a sehlopha sa materiki a le kgontsha le ho le qobella ho etsa diqeto le dikgetho mabapi le mofuta wa motho eo le batlang ho ba yena le bophelo boo le batlang ho bo phela.
Ke a le thoholetsa le ho le lakaletsa mahlohonolo.
<Doc06>
Sepheo sa Tsamaiso ya Porojeke ya Dikgokahanyo tsa Mmuso ya 2010 ke:
Ho thusa phihlellong ya maqiti a maikemisetso a dikgokahanyo bakeng sa Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa pele Afrika. 
Ho sebedisa hantle monyetla ona ho bontsha le ho theha momahano le motlotlo ho maAfrika Borwa.
kgothaletsa batjha ba rona
bapatsa naha lefatsheng
Theha maemo a dikgokahanyo a tla thusa ho sebedisa monyetla ona ho potlakisa ntshetsopele le ho eketsa menyetla
Bopa bonngwe ho maAfrika
Sena se tla fihlellwa ka ho:
fana ka boetapele le momahano ya dikgokahanyo tsa mmuso tsa Mohope wa Lefatshe wa 2010
bopa setswalle sa naha mahareng a babuelli ba mmuso le ba poraefete ba mefuta yohle, le ho theha setswalle le babuelli ba kontinente le ba felletseng mose, hore mmoho naha le kontinente di sebedise monyetla ona wa dikgokahanyo.
ntshetsopele ya diporojeke tsa bohlokwa tsa dikgokahanyo tsa mmuso bakeng sa Mohope wa Lefatshe wa Bolo wa 2010.
<Doc07>
Melawana ya Sephethephethe Ditseleng tsa Naha e Fetotsweng ho ka matlafatsa polokeho mebileng. 
POLOKWANE: Melawana ya Sephethephethe Ditseleng tsa Naha e fetotswe.
O se o bitswa Phetoho ya Boleshome le metso e supileng mme o kene tshebetsong mohla phatlalatso.
Lefapha la Ditsela le Dipalangwang le tsebisa boradikoloi ka diphetoho tsena:
Makoloi a matjha a ngodisitsweng ka mora 01 Phato a tlamehile hore dinomoropolata tsa ona di be le dipekere tse honyelang kapa dikurufu.
Ha di sa kgone ho faseletswa koloing di tlamehile ho faseletswa boraketeng bo dumelletsweng ke SANS 973.
Phetoho tsena di tla fokotsa bonokwane le ditlolo tsa molao tsa mebileng ke bakganni ba tlosang dinomoropolata hore ba se ke ba fumaneha.
Ho ke ke ha ba bonolo ho tlosa nomoropolata e be o e kgutlisetsa hape ha o qeta ho etsa bonokwane hobane ho tla ba le ditjeho tse ding.
Nomoropolata e entswe ka aluminiamo e ke keng ya tjha lore hoo e ke keng ya bonahala nakong ya kotsi.
Ho tloha ka 1 Hlakola 2011 batho ba tla fumana mangolo a ho kganna a khoutu tsa C, C1, EC kapa EC1 ha ba no dumellwa ho kganna dikoloi tse hlokang lengolo la ho kganna la khoutu ya B kapa khoutu ya EB (ka puo ya kgale motho ya nang le lengolo la ho kganna la khoutu tsa 10, 11, 13 kapa 14 ba ka se kganne dikoloi tse hlokang lengolo la ho kganna la khoutu ya 08).
Sena se tla ama feela batho ba nang le mangolo a ho kganna a matjha.
Bongata ba bakganni ba ithutang ba etsa kopo ya mangolo a ho kganna dikoloi tse kgolo ha ho bapiswa le dikoloi tse nyane hore ba se ke ba etsa teko tsa ho emisa koloi ka lehlakore jwalo  ka mohlala.
Nnete ke hore ha ba se ba fumane mangolo a ho kganna dikoloi tse kgolo, ba kganna dikoloi tse nyane tseo ba sa tlwaelang ho di laola e be ba ameha dikotsing.
Hape ho lebeletswe hore bakganni bao ba fumanang mangolo a ho kganna dikoloi tse kgolo ba be le Tumello ya Porofeshenale ya ho Kganna, empa dipalopalo di supa ha sena se sa etsahale.
Hona ke bopaki ba hore mokganni o ne a batla lengolo la ho kganna dikoloi tse nyane e seng tse kgolo.
Disebediswa tsa Taolo ya Botsitso Tseleng bakeng sa dibese tse nyane le tse bohareng di se di fumaneha ka ho thola setifikeiti seo e leng karolo ya hlahlobo ya koloi ho lokela ho ba mmileng.
E ama dibese tse nyane le tse mahareng e seng fela dikoloi tse ntjha.
Monnga koloi wa semolao kapa ya mo kgannelang o tlamehile ho fana ka foromo e tlatsitsweng ya DSCD seteisheneng se hlahlobang dikoloi.
Sesebediswa sa Taolo ya Botsitso Tseleng ke sesebediswa se thibelang thaere hore e se ke ya tswa remeng ya yona ha e thunya koloi e ntse e tsamaya.
Diphetoho tsa Molawana wa 332 di phatlaladitswe mme di bontsha le sesebediswa se hemelwang ho hlahloba jwala mmeleng se tla sebediswa ho bokeletsa bopaki mme setifikeiti sa moo se entsweng teng se ka sebediswa jwalo ka bopaki lekgotleng la dinyewe ka ho se hlahisa fela.
Phetoho ena e rarolla ntlha e ileng ya hlaha mabapi le ho ba molaong ha sesebediswa se hemelwang ho ya ka karolo ya 65(7) ya Molao wa Sephethephethe Ditseleng tsa Naha, wa 1996 mme se ikamahanya le SABS 1793 mme se ka sebediswa ho netefatsa bongata ba jwala mohemong.
Tsena ke disebediswa tse dumelletsweng:
“Ona ke monyetla nakong ena ya matsatsi a mekete ka ha ho matlafatsa maiteko a rona a ho lwantsha bankganni ba nweleng nnotahi mebileng ya rona”, ho tjho MEC ya Ditsela le Dipalangwang Pinky Kekana.
<Doc08>
Ditshebeletso tsa Bophelo Pele ho Pelehi
Banana le basadi ba immeng ba romelwa ditshebeletsong tsa baimana kapa Midwife Obstetric Units (MOU) ditoropong, le ditleleniking tsa mahaeng.
MOU ke diyuniti tsa ho pepela tse tsamaiswang ke baoki ba pepisang motseng molemong wa bakudi ba fumantshwang kalafo ya motheo.
Ho bohlokwa hore bomme ba immeng ba etse ditlhophiso tsa ketelo ya bona ya pele tleleniking pele ho beke tse 20 kapa ka potlako ka mora moo.
Mme o fuwa tlhahlobo ya pele le tlhabollo ha a tla kgetlo la pele ho fumana kalafo ya pelehi, e tsejwang ka hore ke ya ho qala maeto a kalafo.
Boimana bo hlokomelwa ka ho etela tleleniki kgafetsa.
Maemo a bophelo ba mme le ona a a hlokomelwa.
O tla bewa sekaleng, ho lekolwe kgatello ya madi a hae le moroto wa hae o hlahlojwe.
Haele hore ha ho na mathata, o tla kgutla hape kgetlo la pele ka mora beke tse pedi ho tla fumana sephetho sa diteko tse entsweng ha a ne a qala.
Ka mora mona, o tlamehile ho kgutlela tleleniking ka mora beke tse tsheletseng ho fihla a ba beke tse 28, hape ha a le beke tse 34, mme ka  mora mona o tla jwetswa ke basebetsi ba tleleniking/MOU (makgetlo a leeto a tla fapana ho ya ka dibaka). 
Bomme ba immeng ba hlahlojwa bakeng sa kotsi e ka ba hlahelang kapa ya hlahela lesea.
Makgarejana le bomme ba dilemo tse fetang 35 ba immeng maemo a bona a kotsi a phahame haholo.
Hona ho bolella hore ba ka hlahelwa ke mathata nakong ya ho ima le ho pepa.
Bomme ba immeng ba kotsing le bona ha e le hore kgatello ya madi a bona e phahame haholo, nalane ya mafu ka tlhaho, ho ima hangata le ha ba kile ba pepa ka thuso ya sesare.
Bomme ba leng kotsing haholo ba tla fetisetswa pele ba ye tleliniking ya pele ho pelehi ya bakudi ba ka ntle dipetleleng tsa boemo ba bobedi kapa tsa borupelli, moo dipatlisiso le diteko tsa tlhahlobo tlang ho etswa hape.
Bomme bao ho ima ha bona ho leng boemong bo kotsi ba eletswa ho tla kgafetsa ha ho hlokahala tleliniking ya pele ho pelehi ya bakudi ba ka ntle.
Ha o le moeti ya qalang ho tla sebakeng sa kalafo, o tla laelwa ho tlatsa foromo ya mme o bulelwe faele.
E tla ka buka ya hao ya ID, meriana ya hao le karete ya tleleniki kapa sepetlele, haeba o kile wa ngodisa teng.
Boimana bo seng kotsing haholo bo hlokomelwa ho MOU (diyuniting tsa ho pepela tse tsamaiswang ke baoki ba pepisang motseng molemong wa bakudi ba fumantshwang kalafo ya motheo) ditoropong le ditleliniking tsa mahaeng.
Boimana bo kotsing haholo bo hlokomelwa tleliniking ya bakudi ba ka ntle e dipetleleng tse toropong le tsa sedika mahaeng le tsa borupelli.
<Doc09>
Lenaneo le Lomahaneng la Phepo
Maikemisetso a Lenaneo le Lomahaneng (INP) la Phepo ke ho ntlafatsa maemo a phepo a batho bohle ba phelang profenseng ya Kapa Bophirima.
Ho na le ntlha tse ngata lenaneong lena.
Kgaello ya phepo ke eng?
Phepo e fosahetseng ke bothata bo boholo Afrika Borwa ebile ke enngwe ya tshwaetso tse kgolo ho kuleng le ho hlokahaleng ha bana. 
Ho lekanyetswa hore palo e ka etsang 30% ya bana ba Afrika Borwa ha ba hole hantle ka baka la phepo e sa nepahalang dilemong tse qalang tsa maphelo a bona.
Ho ja dijo tse sa lokang, ho kula le kgatello ya moya/tsietsi ke a mang a mabaka a phepo e fosahetseng.
Bofuma le bohloki ke mabaka a pele a tshwaetsang phepo e fosahetseng.
INP e leka ho thefula koduo ena e ipatileng ka tsela tse fapafapaneng. 
Dithusammele tsa bana.
Boemong ba tlhokomelo ya bophelo bo qalang bana ba hlahlojwang mme ba fumanwe ba sa kwena hantle (ho akaretsa bana le batho ba baholo ba nang le HIV le sefuba) ba tla fuwa dijo tse thusang mmele tse akaretswang poone e nontshitsweng le dino tse fanang ka matla.
Dithusammele di fuwa batho ba supilweng ho latela mokgwa wa ho ba kgetha.
Basebetsi ba tsa bophelo ba fana le ka tlhabollo, tshedimosetso le thuto mabapi le dijo tse ahang mmele le tsela tsa ho di pheha.
Ditsebi tsa mekgwa ya ho ja di fana ka thuso e ikgethileng setjhabeng.
Ho nyantsha.
Ho thusa ho thefula phepo e fosahetseng dilemong tse qalang tsa ngwana basebetsi ba tsa bophelo ba kgothaletsa bomme ho nyantsha masea a bona ho fihlella ba le dikgwedi tse tsheletseng mme morao ho moo ba tswelle ka ho nyantsha ho tlatsetsa qalo ya dijo tse nepahetseng, ho fihlella ngwana a ba dilemo tse pedi.
Ho tshwarwa dipuisano le bomme ba nang le HIV ka mekgwa e meng ya ho fepa.
Vredendal Hospital le Setsi sa ho Pepela sa Groote Schuur ke Dipetlele tse Thabelang Masea profenseng ho latela Letsholo la Dipetlele tse Thabelang Masea. 
Tlhokomelo ya Kgolo
Bana kaofela ba kalwa kgafetsa jwalo ka karolo ya lenaneo ya ho hlokomela kgolo ya bona, e leng tsela e bohlokwa ho bontsha hore na ngwana wa hola.
Boima ba ngwana bo ngolwa Kareteng ya Tsela ya Bophelo bo Botle.
Mabaka a etsang ho fokotseha ha boima a hlahlojwa jwalo ka mafu a tshwaetsang, tlhaelo ya dijo lapeng le ho se hlokomela ngwana.
Mafu a tshwaetsang a bapala karolo e kgolo ho bakeng phepelotlase mme mafu ana a alafshwa boemong ba tlhokomelo ya bophelong bo qalang.
Lefu la ho tsholla le tswalana haholo le maemo a tlase haholo a bohlweki tikolohong (matlwana le metsi) le phepo e tlase  kapa e fosahetseng ya lesea, mme sena se bake hore le be le letshollo le kotsi la nako e telele.
Thibelo ya Bofuma
Malapa a fumanehileng a kgethwa mme a romelwe ho a mang a mananeo a thibelo ya bofuma a puso.
Tshireletseho ya dijo malapeng ke kopanelo ya makala ohle mme mehato e hlokahalang e nkuwe ho fanwe le ka thuso.
Dithusammele tsa divithamini
Ho laola kgaello ya dijothollo tse nnyane ke karolo e bohlokwa ya ditshebeletso.
Dijothollo tse nnyane ke karolwana tsa dijo tse kang divithamini le dimenerale, tse fumanwang ka palo e nnyane dijong mme di le bohlokwa haholo bophelong bo botle.
INP e fana ka dithusammele tsa Vithamini A baneng ba kgethilweng.
Bana ba nang le tlhaelo ya Vithamini A ba lahlehelwa ke boima, ha ba hole hantle mme ba ka fumana tshwaetso e ka ba bolayang.
Tlhaelo ya Vithamini A e senya le mahlo mme ke le leng la mabaka a bofofu baneng.
Bana ba nang le boima bo tlase ha ba hlaha ba fuwa dipilisi tsa Vithamini A, e fang tshebetso ya mmele ya bona matla mme e thuse ka ntshetsopele ya kgolo ya ngwana.
Masea a dikgwedi tse 6-11 a qhatsetswa hang fela Vithamini A (100 000IU) ho thibela mafu a kotsi.
Bana ba dikgwedi tse 12 ho fihla dilemo tse hlano ba qhatsetswa hang 200 000 IU dikgweding tse 12 mme ba qhatsetswe 200 000 IU mora kgwedi tse tsheletseng ho fihlella ba ba dilemo tse hlano.
Bana ba fokotseng haholo ka baka la phepo e haellang ba ekeletswa ka Vithamini A, kapa ba dulang ba tshwenngwa ke mafu a tshwaetsang jwalo ka letshollo, nngwae le tshwaetso ya HIV.
Ho ntsha kokwana.
Ho lahlehelwa ke boima ba mmele baneng ho ka bakwa hape ke tshwaetso ya kokwana mme yona e ka alfshwa kliniking ka moriana o bolayang diboko.
Keletso ya phepo bakeng sa mafu a itseng.
Thuto ka phepo, tshedimosetso le tlhabollo e fuwa batho bohle makaleng ohle ba bileng le lefu la pelo, kgatello ya mesifa, kgatello ya madi, lefu la tswekere, HIV/AIDS le Sefuba.
Lenaneo la phepo sekolong sa poraemari.
Lenaneo la Phepo Sekolong sa Poraemari le fumaneha dikolong tse supilweng jwaloka tse fumanehileng.
Dikimi tsena di tsamaiswa ka tshwarahano le Lefapha la Thuto.
Puso ya profense e ikemiseditse ho fihlella 125, 000 ya bana dikolong tsa poraemari tse 847 profenseng ka 2004 ka lenaneo la phepo sekolong.
Dijo ditsing
INP hape e kenya letsoho tlhokomelong ya bareki ditheong ka mokgwa wa ho fana dijo tse nepahetseng.
Ditaelo:
Ba qalang ho etela kliniki/sepetlele sa boemo ba sekondari kapa sa boemo bo phahameng ba tla kopjwa ho tlatsa foromo mme faele e bulelwe mokudi.
Tloho ka buka ya hao ya ID ya hao.
Ho tla hlokahala lengolo le tswang kliniking ha o etela sepetlele. 
Dipetlele di tla kopa lengolo la moputso wa hao la moraorao/tshekatsheko ya lekeno (IRP5).
Tloho ka karete ya hao ya sepetlele ha e le hore o kile wa ngodisa.
<Doc10>
Puo ka Motlatsi wa Letona la Mesebetsi ya Setjhaba, Mong Ntopile Kganyago, MP, moketjaneng wa pele wa ho thakgola Lenaneo la Setsi sa Motse wa Tshwane, Moahong wa Banka ya Resefe ya Afrika Borwa, Tshwane.
Bahlanka ba bang ba baholo ba mmuso.
Bomme le bontate ba diphatlalatso
Baeti ba hlomphehang.
Qeto e nkuweng ke Khabinete ka 1997 ho kgothaletsa mafapha a mmuso wa naha ho etsa sebaka se setsing sa motse wa Tshwane lehae la ona la moshwelella e bile sesupo sa ponelopele e bohlale; ka nako eo le hona jwale.
Sephetho ke leano le bohlale ho hokahanya tlhabollo ya metse ya rona le kgoeletso ya mmuso ya ntjhafatso ya metse ya ditoropong le Mehato e meng ya ntshetsopele ya tikoloho e reretsweng ho kgothaletsa tsamaiso ya metse ya ditoropo e hlomphang ditokelo tsa botho, bodulo bo dulehang, ntshetsopele ya moruo le tshwarahano setjhabeng.
Kajeno ha re hloma lejwe la pele phihlellong ya ponelopele eo, re bile re keteka leeto leo re le nkileng ho fihla mona.
Dipuisano tse tebileng tseo hangata di bang le dingangisano tse tebileng ka ditlhoko le menyetla eo mafapha a puso a nang le yona mabapi le tikoloho ya ona ha di ya ka tsa re sitisa tseleng ya phihlello ya maikemisetso, e leng ho ntjhafatsa tikoloho ya tshebeletso ya mafapha a mmuso bohareng ba motse wa Tshwane.
Ka nako e le nngwe re tlamehile re be le seabo ntjhafatsong le tlhabollong ya setsi sa motse wa Tshwane.
Maikemisetso a mang a ntseng a le bohlokwa a akaretsa letsholo la ho hohela matsete a ditheo tsa poraefete, ntshetsopele seriti sa Tshwane jwaloka motsemoholo o bohlokwa Afrika le ho ntshetsa pele moruo wa batho ba batsho.
Mmuso ke ona o nang le meaho e mengata mme o hara batsetedi ba itlhommeng ka pele ntshetsopeleng ya moruo wa mmuso wa lehae haholoholo Ditoropong tse kgolo tsa Johannesburg le Tshwane tse Gauteng.
Mafapha a hloka bodulo ba diofisi bo kgontshang ho phetha boikarabelo ba ona ba ho abela setjhaba ditshebeletso ho latela thomo ya ona.
Ho a tsebahala hore bongata ba meaho ya mafapha e boemong bo lokileng le bo bohareng, ha ho e boemong bo botle.
Tlhabollo, ntlafatso le ditokiso di tla etella pele tshebediso ya tjhelete thepeng mme di tsetela lekaleng la BEE la Porojeke ya Setsi sa Motse wa Tshwane.
Ka selemo mmuso o bohareng o sebedisitse tjhelete e kana ka dibilione tse pedi (R2 dibilione) ka Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba ho lefa khiro le difello tse ding tse amang tsamaiso ya meaho jwalo ka tefello tsa ditshebeletso, naha ka bophara, mme ho una ditheo tsa poraefete le tsa mmuso.
Ka tsela eo ke bona baamehi ba lebelletsweng ho etela pele letsholo la tlhabollo ya bohare ba motse wa Tshwane, mohlomong ka thuso ya Puso ya Profense ya Gauteng ka diporojeke tsa bona tse kgolo tsa Setheo sa Ntshetsopele ya Moruo sa Gauteng (GEDA). 
Ka Lenaneo la Bohare ba Motse wa Tshwane, e tlang ho tsejwa ka “Re Kgabisa Tshwane” ka lepetjo la “Sebaka se Setle sa ho Sebetsa”, ho bohlokwa ke batho (ba sebeletsang mmuso le setjhaba), ka ha e le dibakeng tseo ba dulang ho tsona ha ba amohela ditshebeletso tsa bohlokwa tsa setjhaba.
Ha a tsebisa Lenaneo la Tshebetso la puso ka 2004, Moporesidente, Mong Thabo Mbeki o ile a etsa boipiletso mafapheng a Mesebetsi ya Setjhaba le la Ditshebeletso tsa Setjhaba le Tsamaiso hore a kopanele Porojeke ena ho ntlafatsa tikoloho ya tshebeletso ya mafapha a puso le basebetsi ba puso.
Marangrang a setjhaba ke enjine ya kabo ya ditshebeletso mme bahlanka ba mmuso ke mafura a tsamaisang enjine a etse hore e dume ka potlako, ntle le ditjeho le ka tsela e hlwahlwa.
Nakong ya karolo ya Porojeke ya tekolo ya ditlhoko, bongata ba basebetsi bao re buisaneng le bona ba hateletse bohlokwa ba ho sebeletsa sebakeng se maemong a matle mme sena se matlafatsa tshebetso ya bona, ho akaretsa tikoloho ya ka hare le ka ntle, ke kahoo ho leng bohlokwa ho sebedisana le Metro wa Tshwane, eo boikarabelo ba yona e leng karolo ya tsamaiso ya motse jwalo ka Sephethephethe, ho hlweka, tshireletseho, tshireletso le botle.
Ha ke sebedise monyetla ona ho leboha botsamaisi le boetapele ba Tshwane ka ponelopele ya bona ho ananeleng porojeke ena ka ho e hokela ho Maano a Momahaneng a Ntshetsopele.
Memorandamo ya Kutlwano (MOU) eo re tlang ho itlama ka yona kajeno pakeng tsa Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba la naha le Motse wa Metro ya Tshwane, ke ho netefatsa hore re fihlelletse ntlha ya kutlwano moo re tla qala teng.
Ke phatlalatso ya maikemisetso ho sebedisana mehatong le diporojekeng tse tla tswela mahlakore ka bobedi molemo.
Melaetsa wa rona ho wena ke hore “mosebetsi o qadile” mme dilemo tse 10 tse tlang re tla bona dibilione tse robedi (R8 dibilione) ho tswa pusong e bohareng le ditheo tsa poraefete ka tekanyetso ya mesebetsi ya thepa, ntlafatso ya khiro le dilekane tsa mmuso le poraefete.
Ho latela Tsamaiso ya Mananeo, Komiti ya Pulamadiboho e se e thehilwe pakeng tsa Lefapha la Ditshebeletso tsa Setjhaba le Tsamaiso, Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba, Lefapha la Ditjhelete le Motse wa Tshwane.
Hara tse ding komiti e tla etela pele Lenaneo, e lekole le ho hlokomela ho le kenya tshebetsong, e phethele mekgwa ya tshehetso ka ditjhelete mme e netefatsa tshebetso e e momahaneng.
Lefapha le hirile Mong Dumisani Dlamini ho ba Motlatsamolaodi Kakaretso ya tla jara boikarabelo ba Lenaneo kaofela.
Ke a e leboha.
<Doc11>
Mme Motsamaisi wa Dipuisano, Motlotlehi Tonakgolo, Ditho tsa Ntlo, baeti ba Tlotlehang, bahlanka ba Lefapha la matlo, baqolotsi ba ditaba le setjhaba ka kakaretso, kamohelo e mofuthu.
Mantswe ana ke maikutlo ka dipolotiki tsa Afrika Borwa, haholo tsa Kapa Bophirima.
Le ha baahi ba naha ena ba sebetsa ka thata le boitelo, batho ba bang  maikemisetso a bona ke ho dula ba silafatsa mosebetsi o kgabane o etswang ke mmuso ona o kgathallang nakong e kgutswanyane eo o bileng pusong ka yona.
Bomme le bontate, batho ba bangata ba hlalositse hore bodulo ke eng, empa e re ke le fe ya ka tlhaloso.
Ho ya ka nna, bodulo ha se fela ntlo le marulelo.
Ke ha batho ba amohela boikarabelo ba ho hlokomela tikoloho le ho ikahela bokamoso.
Ke ho aha setjhaba le tikoloho bakeng sa nako e telele.
Ke katleho e kopanetsweng ka setswalle pakeng tsa ditheo tsa poraefete, ditheo tsa mmuso, Mekgatlo eo e seng ya Mmuso, empa ho bohlokwa ke setjhaba.
Bodulo bo ka hlaloswa e le mosebetsi o tswellang, o akaretsang ho rala maano le batho eseng ho etsetsa batho maano.
Bodulo Afrika Borwa ha se fela sehlahiswa, empa mosebetsi o itshetlehileng ka makgabane a demokerasi ao baahi ba naha ena ba a lwanetseng ka thata.
Ke mosebetsi wa ho mamela batho, ho dumella batho ho sebedisa tokelo tsa bona tsa demokerasi ho ikgethela mofuta wa bodulo le moo ba batlang hore matlo a bona a ahuwe teng.
Kahoo ha ho letho le tlontlollang mme le le kgahlanong le demokerasi jwalo ka ho tima batho tokelo ya bona ya sethatho ya ho ikgethela
Ho fapana le mmuso wa kgethollo, jwalo ka baitseki setjhabeng, batho ba mpeng ya ponelopele le maqiti a ho aba bodulo.
Bomme le bontate, ke thabile haholo thapaneng ena ho le balla tekanyetso ya bobedi ke le Letona la Porofense la Matlo.
Ke motlotlo hape hore ke le balla lenane la ditjeho ena letsatsi pele ho Sehopotso sa 10 sa demokerasi ya rona.
Ho na le bopaki bo hlakileng hore mmuso o etelletsweng pele ke ANC o fihlelletse tse ngata ka tlase feela ho dilemo tse leshome ho feta naha efe kapa efe lefatshe ka bophara.
Re sebeditse - Re fihlelletse tse ngata.
Ho tea mohlala o bonahalang, ho menyetla e dimilione tse 1,4 ya bodulo eo puso e e abileng, ke motlotlo ho le tsebisa hore porofense ya rona dilemong tse robong tse fetileng, e abile matlo a 167 000, e leng 11% ya matlo naha ka bophara.
Sena, ho ya ka nna ke mosebetsi o kgabane haholo ho latela boemo bofe kapa bofe.
Ke rata hape ho le jwetsa hore selemo se fetileng se bile le phephetso tse ngata, mme sena se amme hampe kabo ya matlo naha ka bophara, haholo mona porofenseng ya rona.
Diphephetso tsena di bakilwe ke ho kena tshebetsong ha ditaelo tse ntjha tsa leano le mekgwa e kang ho kenya letsoho ha moamohedi wa ntlo ka R2 479 le Sekema sa Tshireletso sa Lekgotla la Ngodiso ya Baahi ba Matlo matlong a tshehetswang ke mmuso.
Mehato ena ha e a rerelwa ho fokotsa lebelo la kabo ya bodulo empa ho netefatsa hore batho ba rona ba fumantshwa bodulo boo ba bo kgonang.
Mothinya oo re leng ho ona ha re ntse re  ithuta ho kenya tshebetsong maano ana o fokoditse lebelo la kabo.
Se entseng hore mathata a eketsehe ke hore lefapha la ka le hlokile Molaodi e Moholo dikgwedi tse robong.
Sena se kginne tswelopele ka sekgahla se seholo.
Ke se ke hirile Sam Maqethuka, letswallwa la Kapa le nang le boiphihlelo mmusong wa porofense le ya naha, eo ke ratang ho mo lebohela mme ke mo amohela le ha ke se ke entse jwalo ka makgetlo.
Le ha re bile le diphephetso le mathata, ke motlotlo ho batho ba rona hore lefapha le kgonne ho sebedisa tjhelete e kaana ka dimilione tse R348, eo e leng 92% ya tekanyetso ya matlo Kapa Bophirima.
Tse ding tsa diporofense di hlolehile ke ho sebedisa feela 52% ya tekanyetso ya tsona.
Hona ho entse hore ho ananelwe bonyane kopo tse 25 000 tsa ditshehetso tsa bodulo.
Bongata ba malapa a fumanehileng bo tla fumana monyetla wa ho thabela ditholwana tsa demokrasi ya rona.
Hona bomme le bontate, ke keketseho e kgolo ka diyuniti tse 3 000 ha ho bapiswa le selemo se fetileng.
Kahoo, ke rata ho ananela karolo ya bohlokwa e bapetsweng ke dimasepala porofenseng ya rona.
Ntle le boitelo ba bona le mosebetsi wa bona o motle, re ka be re sa kgona ho sebedisa tjhelete.
Ke sa bua tjena, ke rata ho lebohela Motse wa Kapa ka ho sebedisa 70% ya tekanyetso ya rona.
Ha ke lebale bahlanka ba ofisi ya ka ka ho sebetsa ka thata le seabo sa bona ponelopeleng ya rona ya ho ahela setjhaba sa rona matlo.
Bomme le bontate, ke tla be ke sa laolwe ke letswalo la ka ha nka bua fela ka tse ntle tsa mosebetsi wa ho aba matlo.
Ho sa na le dikgaello mosebetsing wa rona wa ho aba matlo.
Re sa tshwanela ho matlafatsa dibakeng tsa bohlokwa tse latelang:
Bongata ba matlo a rona ha bo so ikamahanye le ho fetoha ha leano-ho tloha ho bongata ho ya ho boleng.
Re sa tshwanela ho fetola tsela ya rona ya kabo ya bodulo ho ya ho kabo ya bodulo ba batho ba nako e telele.
Re tlamehile re fetole seabo sa baamohedi hore ba be le seabo ba se ke ba amohela feela.
Re tlamehile re fetole tsela eo batho ba rona ba nahanang ka yona hore ba shebe matlo a tshehetswang ke mmuso jwaloka thepa e seng feela ditholwana.
<Doc12>
BOFOKISI BA SEDIKA BO A SEBETSA.
E bile thabo e kgolo pakeng tsa mme le ngwana ha James Busakwe ya dilemo tse 16 a boelana le mme wa hae ya mo tswetseng ka 17 Mmesa 2006.
Ketsahalo ena e bohloko e qadile ha mme wa James a fihla Sepetleleng sa Klerksdorp ka 06 Mmesa ho tla bona mora wa hae, baoki ba ile ba hlokomela hore ngwana o fuwe mme ya fosahetseng, ya itseng ke mmangwana ka la maobane. 
Hanghang ha ba lemoha taba ena, baoki ba ile ba tsebisa Seponesa sa Seteishene sa Kanana, ka ha mosadi ya nkileng James a ngodisitse ka aterese ya Kanana.
Aterese e ile ya batlwa ntle le katleho.
Ha ho motho wa lebitso kapa seemo sa hae ya neng a tsejwa atereseng eo.
Mantsiboya ka 06 Mmesa CPF ya Kanana e ile ya tshwara kopano.
Khomishenara wa seteishene ya tshwereng mokobobo o ile a tsebisa kopano ka ngwana ya kwetetsweng mme a kopa bohle ho dula ba butse mahlo le ditsebe.
Ka bo 23:00 hona bosiu boo, e mong wa ditho tsa setjhaba o ile a letsetsa seponesa ka lesedi la hore e mong wa basadi ba dulang sedikeng sa hae, ebile a sa tsejwe ka ho ba mmeleng, o se a bonwa le ngwana wa moshemane.
Maponesa a ile a sala morao lesedi leo mme a fumana mosadi eo le ngwana.
Basebetsi ba sepetlele ba ile ba bitswa mme hang ba tseba ngwana, mmoho le mosadi ya mo kwetetseng sepetlele.
Bopaki bo fapaneng  bo akaretsang lebanta la polastiki le faswang letsohong la sepetlele, bo ile ba fumanwa ntlong ya mmelaelwa. 
Mosadi eo o ile a tshwarwa mme ngwana ya neng a sa tswa kotsi o ile a kgutlisetswa sepetlele, moo a ileng a fuwa mmae letsatsi le hlahlamang.
Seabo sa setjhaba se nkileng karolo ho fumaneng ngwana, se tlamehile ho opelwa matsoho, kaha ho bontsha bohlokwa ba Bofokisi ba Setjhaba.
Bohlokwa ba Bofokisi ba Sedika ha bo sebediswa hantle ka nepo, bo se nkelwe fatshe.
Tswelang pele ka mosebetsi o kgabane , Kanana CPF!
Mme ya Ratehang
Ke nahana ke bile lehlohonolo ho feta seteisheneng sa hao sa seponesa se Mondeor, mme ka fumana Jenale ya SAPS.
Ke hopola hore e phatlalatswa hang ka kgwedi, mme ke fumana ho kgahlisa ho e bala.
Nna le mosadi wa ka re sa tswa qala kgwebo e ntjha mme re le mema kaofela, kapa basebetsi ba hao ha ba le sebakeng sa moo re dulang, ho kena ba fumane kopi ya kofi kapa tee mme ke tshepa hore re tla ba le kuku kapa tse pedi ho phoka le bona.
Ke tshepa hore o tla utlwisisa, ho qala kgwebo e ntjha ha ho bonolo mme ho hloka mosebetsi le tjhelete e ngata.
Le ha ho le jwalo, re ntse re kgolwa hore seponesa le mafapha ohle a phethahatso ya molao se bohlokwa ho baahi bohle ba Afrika Borwa.
Hona ke ntho e nyane fela eo re batlang ho le fa yona kaofela ho le leboha ka boitelo ba lona ho netefatseng hore baahi re ka tswela pele ka maphelo a rona.
Re ka thabela ho utlwa, kapa ho bona ba bang ba basebetsi ba hao ba tenang diaparo tsa seponesa ba kena lebenkeleng la rona le lenyenyane le ho ba tseba.
Ke leboha hape, basebetsi ba phethahatso ya molao ba Afrika Borwa, ka mosebetsi wa lona o thata le boikemisetso ho bolokang Afrika Borwa e bolokehile.
Mangolo a makgutswane a ka romelwa ka fekse ho mohlophisi.
Re tla dula re na le matla a ho hlophisa kapa ho kgutsufatsa mangolo.
<Doc13>
KGOELETSO HO NKA DIKGATO
Ka 14 Phuptjane 2007  e nngwe ya diatekele ka hara Jenale ya Online ya SAPS (www.sapsjournalonline.gov.za) e hlalositse kamoo maponesa a mabedi a Karolo ya Tsebiso ya Makoloi ya Welkom a ileng a tshwarelwa bobodu le boqhekanyetsi.
Ho thwe bobedi ba bona, suparinthendente le mohlahlobi, ba rekisitse makoloi a fumanweng ke seponesa, molemong wa bona.
Bobedi ba babelaelwa bana ba hlahelletse lekgotleng la dinyewe ka 12 Phuptjane mme nyewe ya bona ya kgutlisetswa morao ho la 21 Phato 2007.
Letsatsi ka  mora moo, ka 15 Phuptjane 2007, ntlha tse ka sehlohong tsa ditaba tsa News24 e bile: “maponesa a mabedi a tshwaretswe ho kgothotsa ba hlometse” .
Kgetlong lena e ne e le moithuti wa seponesa le mohlahlobi bao ho tlalehwang hore ba kgothoditse lebenkele la diphahlo mane Marble Hall, ba utswa tjhelete, marikgwe le hempe.
Bobodu seponeseng bo tlamehile ho fela.
Ha ba bang ba rona re tshepahala, baahi ba sebetsang ka thata, palo e nyane ya bahlanka ba seponesa ha e itlhompe, diaparo tsa bona tsa mosebetsi kapa Khoutu ya Boitshwaro ya Seponesa.
Nako e fihlile ya hore re ntshe batho bana ba babe ka hara SAPS.
Mme jwale o ka thusa ho ntsha maponesa ana a silafetseng ka ho ba tlaleha mohaleng o motjha wa ho tlaleha bonokwane.
Ka ho se itsebise!
Ha o belaela hore emong wa basebetsimmoho le wena ha a loka, kapa o tseba motho e mong fela, leponesa, wa lesika, mosebetsimmoho, moahisane kapa motho fela eo o sa mo tsebeng, ba amehang kapa ba lohothang ho ameha diketsahalong tsa bonokwane, seo o tlamehileng ho se etsa ke ho romela sms ho 32211.
Ke nomoro e ntjha ya ho tlaleha bonokwane e tsebisitsweng maobanyana ke Primedia mane Sandton.
O ka romela sms ho 32211 kapa (ka ditjeho tsa R1 e le nngwe) kapa wa ya ho www.crime-line.co.z.
Ba ngolang ba rupelletsweng ba emetse ho fetisetswa lesedi sepoleseng, bao bona ba tlang ho nka dikgato hanghang!
Tse monate ke hore o tla dula o sa tsebisahale.
Jwale o na le matla a ho thusa ho lwantsha bonokwane ntle le ho ikenya tsietsing.
Letsholo lena la Primedia le tshepisa ho se kgutlele ho wena hape.
Yusuf Abramjee, Mohokahanyi wa Porojeke ya Thibelo ya Bonokwane ya Primedia, o itse: “ha re batle lebitso la hao kapa aterese ntle le ha wena o ithaopa ho re fa yona mme ha ho hlokahale ho ngola tlaleho kapa ho hlahella lekgotleng la dinyewe.
Seo re se hlokang ke lesedi ka dinokwane hore seponesa se nke dikgato.”
Letsholo lena le letjha, la dimilione tsa diranta, la naha la thibelo ya bonokwane le thakgotswe ke Primedia ka 7 Phutpjane 2007.
Le nkile sebopeho sa Crime Stoppers International.
Crime Stoppers e qadile mane Albuquerque, New Mexico, ka Loetse 1976.
Ke tshebetsommoho pakeng tsa setjhaba, baphatlaltsi le makala a phethahatso ya molao mme e entswe hore e lwantshe bonokwane setjhaba se dule se bolokehile.
Kajeno, ho na le Mananeo a Crime Stoppers a ka bang 1 200 lefatshe ka bophara a sebetsang dinaheng tse 20 a sebedisang lesedi le tswang setjhabeng ho lwantsha bonokwane.  
Ho ya ka CEO ya Primedia, Mong William Kirsh, Mananeo ana a thusitse ho ka tshwara dinokwane tse 600 000!
Seo maponesa kaofela a tlamehileng ho se tseba ka letsholo lena le letjha la ho thibela bonokwane, ke hore le na le tshehetso e felletseng ya Letona la Tshireletseho le Polokeho, Mong Charles Nqakula le Komishenara wa SAPS, Komishenara Jackie Selebi.
Komishenara Selebi o tshepisitse hore “jwaloka mokgatlo, re tla etsa tsohle tse matleng a rona hore porojeke ena e sebetse.” 
Potso ke hore wena o tlo etsa eng ka yona?
Ho hlokahala tshehetso e felletseng ya bohle, e seng fela hore o potlake ha o fumane lesedi, empa o pepese letsholo lena kamoo o ka kgonang ka teng.
Bolella batho, diCPF, dikolo, ba lesika le metswalle ka letsholo lena.
Netefatsa hore ba utlwisisa hore letsholo lena le tshepisa ho se kgutlele ho bona, hore ba tla dula  ba sa tsebisahale le ha ho ka etsahala eng.
Hopola hape hore mohala ona ha se wa tshohanyetso.
Batho ba ntse ba tlamehile ho tlaleha tshohanyetso ho 10111 kapa seteisheneng sa seponesa se haufi. 
Ka letsholo lena la thibelo ya bonokwane baphatlalatsi ba tsebisitse thuso ya bona seponeseng.
Ba batla ho thusa ho etsa Afrika Borwa e sireletsehe bakeng sa bohle.
Ha ho thakgolwa letsholo lena la thibelo ya bonokwane, John Robbie, wa lenaneo la hoseng Talk Radio 702, o fanne ka metjhini e 65 ya ID Tool ho seponesa.
Mong Robbie maobanyana o entse kgoeletso moyeng ho bamamedi ho kenya letsoho bakeng sa metjhini ena ya ID Tool.
Barekisi ba motjhini, Face Technology, le bona ba kentse letsoho, ba fokotsa tefo ya motjhini ho ba ditshenyehelo fela, ho thusitseng dikhampane tseo maqalong di neng di itlamme ka ho reka o le mong ho reka e mmedi. 
Primedia le John Robbie ha se bona fela ba thusang seponesa twantshong ya bonokwane.
Bala tse ding tsa dikatleho lesedinyaneng la SAPS Journal Online mme o tla bona kamoo ho rarolotsweng bonokwane kateng ka thuso ya setjhaba.
Ka letsholo lena le letjha la thibelo ya bonokwane, dinokwane di ka tseba fela hore … matsatsi a tsona a fokotsehile.
<Doc14>
Tumello ya ETQA ya ho fana ka akrediteishene
Ditshebeletso tsa Puso ya Afrika Borwa
Kopo ya tumello ho ETQA ho fana ka thuto le thupello. 
Tlhaloso
Melawana e amang ditheo tsa Netefatso ya Boleng ba Thuto le Thupello (ETQA) ka tlasa Setheo sa Dithuto sa Afrika Borwa (SAQA)  ditheo tse fanang ka thuto le thupello di etse kopo ho ETQA.
Ho ka dumellwa, ditheo tsa thuto le thupello di laelwa hore di ngodise ho latela melao e amehang.
Molao wa Thuto e Phahameng le Thuto ya Ntshetsopele o laela hore ditheo tse fanang ka thuto le thupello mme di fana ka mangolo a felletseng di ngodise le Lefapha la Thuto.
Ditheo tse fanang ka thuto le thupello di tlamehile ho fana ka maemo a lekanang le/kapa mangolo a welang tlasa boikarabelo ba sethatho ba Netefatso ya Boleng ba Thuto le Thupello (ETQA) sa Lekala la Thuto le Thupello (SETA) kapa Setheo sa Porofeshenale.
Tse hlokahalang bakeng sa akrediteishene:
* Tse hlokahalang bakeng sa akrediteishene di ngotswe ka hara tokomane eo sehlooho sa yona e leng Mekgwa le Mekgwatshebetso ya Baabi mme e tholahala websaeteng ya SAQA.
* Mananeo (le/kapa ditlhahlobo) a etswang ke setheo sa thuto le thupello a lebisa ho maemo a lekanang le/kapa mangolo a thuto a ngodisitsweng le Moralo wa Naha wa Dithuto (NQF).
* Kharikhulamo (sebopeho, dikahare le disebediswa tsa ho ithuta) e ikamahantse le maemo a lekanang le/kapa lengolo la dithuto.
Ho na le basebetsi ba nang le tsebo e hlokahalang (barupelli le bahlahlobi ba ngodisitsweng).
* Baithuti ba kgona ho fihlella thuso e hlokahalang ya ho ithuta.
* Mekgwa ya ho hlahloba le disebediswa tsa ho sekaseka boemo le/kapa lengolo la thuto e a lekana, e ananetswe mme e a tshepahala, ebile e sebediswa ho tiisa ho ithuta.
Mehato e tla latelwa
* Romela lengolo le bontshang maikemisetso a hao ho dumellwa ho fana ka thuto le thupello ho ETQA e ikarabellang.
* Romela foromo ya ho itlhatlhoba le ya kopo ho ETQA.
* Ha o sa dumellwe mme o nahana hore kopo ya hao e kgethollotswe, o na le tokelo ya ho etsa boipiletso.
* Lenane la diETQA le dintlha tsa dikgokahanyo di fumaneha webosaeteng ya SAQA.
Ho ka nka kgwedi tse 6.
Thuso ena ke ya mahala.
Diforomo tse tlatswang.
Romela foromo ya kopo ya ho dumellwa mme ditokomane tse hlokahalang di ka fumanwa ho ETQA e amehang. 
Dintlha tsa dikgokahanyo - ka kopo etsa kgetho e le nngwe:
