<Doc01>
Boemedi bo fanang ka Tshireletso ya Thekolohelo wa Afrika Borwa
Tumellano ya tlhokomelo ya moreki
O a amohelwa ho Tumellano ya rona ya Moreki
Re a o hloka jwalo ka moreki wa rona hore o re ahlole ho latela boemo ba ditshebeletso jwalo ka ha di hlaha ka hare ho tumellano ena.
Re tla sebetsa le wena ka hlompho mme re o fe tshebeletso e ntle e ikamahanyang le maano a BATHO PELE.  
Re a o tshepisa jwalo ka ha e le boikarabelo ba rona ho fana ka ditshebeletso tse tswileng matsoho, mme re ofe lesedi le nepahetseng, keletso mmoho le thuso ditshebeletsong tsohle tsa rona.  
Maikemisetso a Tumellano
Tumellano ena e o bolella ka boemo ba ditshebeletso tseo o ka di lebellang ho tswa ho Boemedi ba Tshireletso ya Thekolohelo ya Afrika Borwa (SASSA).
SASSA ke katoloso ya letsoho la mmuso la ditshebeletso tse laolang phano ya dithuso tsa thekolohelo baahing ba Afrika Borwa. 
Re itlama 
Ho laola boleng ba diphano tsa tshireletso ya thekolohelo ka ditjeho tse amohelehang ho latela bokgoni bo tswileng matsoho ka tshebediso ya ditshebetso tsa boemo bo hodimo. 
O ka lebellang ho rona
Ntshetsopele le tshireletso ya seriti sa botho, Lekunutu, Botshepehi, Ho se nke lehlakore, Ponahalo le Tekatekanyo.
 Ho phatlalla le Boemedi bohle ba Tshireletso ya Thekolohelo ya Afrika Borwa, re tla
Fana ka lesedi le keletso ka dithuso tsa thekolohelo tseo o ka di etsang mabapi le kopo.
Ho o romela diinstitusheneng tse tla shebana le ditlhoko tsa hao.
Ho o thusa ho tlatsa diforomo tsa rona le ho etsa kopo mabapi le thuso ya thekolohelo.
Ho netefatsa lekunutu ka lesedi le o re fileng lona.
Ka mehla ho hlompha Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, melao e laolang ditshebeletso tsa mmuso, mmoho le tsela ya boitshwaro ba basebetsi ba mmuso
Ho thuswa ka puo ya kgetho ya hao. 
Ho sebetsa ka tshebetsommoho le batho bao re ba fang ditshebeletso mmoho le bankaseabo ba bang.
Leka ho ntshetsapele ntlafatso ya phano ya ditshebeletso bakeng sa ho fihlella seo  o se lebeletseng
Ho iteanya le rona
Nako efe kapa efe ho iteanya le rona ka seqo, ka mohala, lengolo  kapa imeile, tse latelang di tla etsahala: 
Moemedi wa tshebeletso ya bareki eo o sebetsang le yona e tla itsebisa. 
Bakeng sa dipotso ka tsela ya difounu mmoho le ya botho, re tla rarolla ditletlebo tseo hanghang.
Ha e ba re sa di rarolle hanghang, re tla fana ka mabaka , mme re tsebise moreki nako eo a ka lebellang karabelo.
Re tla o neha nomoro ya tshupo e tla o dumella ho sala patlisiso ya hao morao
Re tla o tsebisa ha re fumane puisano efe kapa efe  e rometsweng ke wena, mme re sebetsana le tletlebo nakong ya matsatsi a 7 a tshebetso.
Ha e ba re sa o arabe ka botlalo nakong ya matsatsi a 7 a tshebetso, re tla o tsebisa hore hobaneng, re boele re o bolelle le hore o ka lebella karabo neng.
Re tla leka ho rarolla tletlebo ya hao nakong ya matsatsi a 21 a tshebetso.
Ha o re letsetsa, maikemisetso a rona ke ho araba mohala wa hao ka potlako ka puo ya kgetho ya hao, ha feela e le ya semolao. 
Re tla buisana le wena ka tsela ya ho o ngolla mabapi le qeto e nngwe le e nngwe e amanang le thuso ya thekolohelo 
diofising tsa SASSA
Ha o fihla ofising e nngwe le e nngwe ya rona, basebetsi ba deskeng ba tla o thusa hanghang.
Diofisi tsohle tsa rona di bulwa Mantaha ho isa Labone ka 08h00 ho fihla ka 16h30, mme ka Labohlano ho tloha ka 8h00 ho fihla ka 16h00. 
Diofising tsa rona le ditsheng tsa ho lefa, o tla fumantshwa tse latelang:
Boinotshi sephiring
Sebaka se iketlileng sa kemelo 
Disebediswa tsa matlwana
Thuso e mabapi le ho kula ha e ba ho tsebisitswe nako e sa le teng ka tlhoko eo e jwalo
Re tla tla ho wena ha e ba ka mabaka a ho kula o ka hloleha ho tla diofising tsa rona.
O ka re letsetsa mme re tla hlophisa ho o etela lapeng.
Ho sebetsana le kopo ya thuso ya thekolohelo
Re qala ka ho sebetsana  le kopo ya hao letsatsing lona leo. 
Re lokela ho etsa bonnete ba hore ho latela molao o lokela ho fumantshwa thuso ya thekolohelo. 
Re ipehela dinako tsa ho sebetsana le tseko ya hao mme re lefe thuso ya thekolohelo ya hao nakong ya matsatsi a 90.
Re tla o eletsa mabapi le tokelo ya hao ya ho etsa boipiletso maemong a ha e ka nyahlatswa, fanyehwa, le  ho khanselwa
Ho nka qeto.
Ha re nka qeto mabapi le kopo ya hao ya thuso ya thekolohelo mme o nahana hore e fosahetse, kapa o batla lesedi le leng mabapi le qeto, o ka etsa tse latelang:
Re kope ho o  hlalosetsa ka qeto ka ho otloloha mme re tla sebedisana mmoho mabapi le kopo ya hao.
O ka etsa boipiletso ka qeto ya rona nakong ya matsatsi a 30 ho tloha letsatsing le hlahang lengolong la qeto. 
O ka fumantshwa faele ya hao bakeng sa lesedi leo o ka le hlokang.
Boikarabelo ba hao e tla ba
Ho re fumantsha:
Lebokose la poso le aterese ya moo o dulang tse nepahetseng.
Diphetoho mabapi le maemo a hao a kang lekeno, aterese, boemo ba ho kula jj.
Botshepehi, bonnete, lesedi le nepahetseng ebile le phethahetse kapa ho hlaloswa ka dinako tsohle.
Ho arabela ka nako dipuisanong tsohle tsa rona ho kenyeletsa dintlha tsa boikgopotso kapa lesedi lefe kapa lefe le koptjwang ho wena.
Ho o a thabiswa ke ditshebeletso tsa rona?
Ebang o sa thabiswa ke ditshebeletso tsa rona hobane:
Re nkile nako e telele ho sebetsa tseko ya hao ya thuso ya thekolohelo le/kapa ha o a fumantshwa moputso wa hao ka nako.
Boitshwaro ba ofisiri ya rona bo ne bo hlephile.
Mosebeletsi wa rona o o ile a etsa phoso kopong ya hao, kapa a o neha keletso e fosahetseng.
Phoso efe kapa efe e entsweng ka maikemisetso/e seng ka maikemisetso hlakoreng la rona
re bolelle ka yona mme re tla lokisa phoso efe kapa efe hanghang eo re e entseng.
Ha e ba o batla ho etsa tletlebo, o koptjwa ho re ngolla kapa ho re letsetsa mme o kope ho fetisetswa yuniting ya hlokomelo ya bareki.
Re tla qoqa le wena ka ditshebeletso tsa rona 
Re thahasella maikutlo a hao mabapi ditshebeletso tsa rona. 
Re tla sebedisa lesedi leo o re fang lona ho ntlafatsa ditshebeletso tsa rona.
Re kopa hore o re romelle tshwaelo ya hao mabapi le o mong wa mekgwa e ngotsweng ka tlase:
Letsetsa khol sentha nomorong ya mahala -0800 601 011
Tlatsa karete ya tshitshinyo ya moreki e fumanehang diofising tsa rona ka bobedi le ditsheng tsa ho lefa. 
Tjhakela webosaete ya rona ho www.sassa.gov.za 
Tjhakela e nngwe ya dibaka tsa moo re ka fumanehang teng.
(Setereke, selehae, ditshebeletso le ditsha tsa ho lefa)
Nehelana ka se ngotsweng ho e nngwe ya diofisi tsa rona.
Dipotso le ditshitshinyo mabapi le tumellano ena 
Ebang o hloka lesedi le leng ho feta mona mabapi le tumellano, tjhakela e nngwe ya diofisi tsa rona.
O ka fumana tumellano ena ka mongolo wa difofu, sehatisamantswe le sidi, ha o e kopa.
Tumellano ena e tla kena tshebetsong ho tloha ka la 01/04/2007 mme e tla shejwa botjha selemo le selemo ho amohela ditshitshinyo tsa hao. 
<Doc02>
Dipalopalo tsa Afrika Borwa – Ditaba
Ka hara Dipalopalo: Ho hlokahala ha dipalopalo ho tla eketseha ha demokrasi e ntse e hola  
Sengolwa sena se ile sa phatlalatswa Sephethong sa Kgwebo ka la 05 Phato 2004
Bekeng e fetileng ke ile ka ya kopanong ya boto ya boeletsi ba sedika sa setsi sa boikwetliso ba dipalopalo tsa Afrika  Botjhabela mane Thanzania, mme mona ke ile ka ba le monyetla ho ba teng moketeng wa dikapeso wa setsi seo sa bo 39, mme ditho tse hlano tsa basebetsi ba dipalopalo tsa Afrika Borwa ba ile ba nka seabo. 
Kwetliso ya basebetsi ba Dipalopalo tsa Afrika Borwa ke takatso e matla ya mokgatlo .
Nakong e kgutshwane ka mora hore ke thongwe radipalopalokakaretso, Dipalopalo  tsa Afrika Borwa ka kopanelo le lekgotla la dipalopalo ba ile ba sibolla diphuputso ka ditsha tsa thuto tse fanang ka kwetliso e phethahetseng mabapi le datha ya semolao.
Re ile ra hlwaya ditsha tsa thuto tse pedi: senthara ya kwetliso Dar es Salaam, Thanzania, le Institjhute ya Dipalopalo le moruo kwana Uganda.  
Senthara ya kwetliso e ile ya sibollwa ka 1965 ke Khomishene ya Moruo ya Matjhaba a Kopaneng bakeng sa Afrika, Mokgatlo wa Afrika Botjhabela wa Ditshebeletso tse Tlwaelehileng mmoho le Prokeramo ya Ntshetsopele ya Matjhaba a kopaneng.
Ka 1977, mmuso wa Thanzania o ile nka taolo ya senthara , mme wa eketsa palo ya dinaha tsa Afrika tseo e di thusang ho fihlela ho 13.
Institjhute e Uganda e ile ya qalwa ka 1969 ka thuso ya semolao Yunivesithing ya Makerere.
Maikemisetso a yona e ne e le hlahisa kwetliso ya boemo bo hodimo ya diprofeshenale ho tsa dipalopalo le moruo.
Dilemong tse tharo tse fetileng, Lefapha la Dipalopalo  tsa Afrika Borwa ha e sa le ntse le romela basebetsi ba lona ditsheng tsa thuto tsena.
Selemong se fetileng, mokgahlelo wa pele o ile wa phethela dithuto tse hodimo. 
Ho kgutleng, ba ile ba bontsha tswelopele e kgolo tshebetsong, mme ba bang ba bona ha jwale ba beilwe mesebetsing ya bolaodi .
Le ha ho le jwalo, Dipalopalo tsa Afrika Borwa  e shebane le diphephetso tse ntjha.
Tlhokeho ya lesedi le mabapi le dipalopalo bakeng sa ho nka diqeto, mafapheng a mararo a mmuso, e eketsehile haholo.
Ka ho qolla, batho ba kwetliswang moo ho bokellwang le ho sebediswa lesedi la dipalopalo boemong ba mmasepala bo hlokolosi
Ho kgotsofatsa tlhoko, re tla lokela ho kwetlisa batho ka sekgahla sa bonyane 2000 ka selemo.
Setsi sa kwetliso sa Thanzania mmoho le motheo wa dipalopalo le moruo wa  Uganda di ke ke tsa ba tsa jara tlhokeho ena e hodimo.
Pulong ya seboka  sa mokgatlo wa dipalopalo tsa Afrika Borwa  selemong se fetileng, letona la ditjhelete Trevor Manuel o ile a etsa phephetso diyunivesithing tsa Afrika Borwa mabapi le ho rarolla bothata ba leqeme la tsebo ya dipalopalo tse teng tse ka thusang mmuso ho etsa diqeto tse itshetlehileng hodima lesedi la dipalopalo.
Dipalopalo tsa Afrika Borwa di se di qadile puisano le diyunivesithi mme maikemisetso ke ho qala kwetliso eo e jwalo.
Le ha ho le jwalo, ha jwale ha ho na yunivesithi Afrika Borwa e fanang ka thuto ya dipalopalo semolao.
Dipalopalo tsa Afrika Borwa di rera ho theha institjhute ya kwetliso ya dipalopalo nakong e tlang, e tla fana ka kwetliso ya dipalopalo semolao  bakeng sa basebetsi ba ka hare mmoho le ba hlahang mafapheng a mang.
Ho thehwa ha tsamaiso ya dipalopalo tsa naha ho tla tlisa tlhokeho ya ho theha diyuniti tsa dipalopalo mafapheng a fapaneng a mmuso, mme sena se tla hlahisa  tlhokeho e hodimo ya bokgoni ba dipalopalo.
Le ha ho le jwalo, ntshetsopele ya bokgoni ba dipalopalo e tsamaelana le ditlhokeho tse ngata tsa mmuso bakeng sa lesedi le nepahetseng.
Dipalopalo di ya botebong ba demokerasi.
HG Wells, ho qaleng ha ngwahakgolo wa bo 20, o ile a hlahisa hore nakong e tlang, dipalopalo di tla hlokahala baahing jwalo ka bokgoni ba ho bala le ho ngola.  
Dipalopalo tsa setjhaba ke pihlello ya haufinyane tjena ya setjhaba e ntsheditsweng pele nakong ya ho hlaha ha demokerasi.
Moelelong wa seAfrika moo demokerasi e leng setlabotjha, re tla bona keketseho e phahameng ya hlokeho ya dipalopalo tsa setjhaba ha demokerasi e entse e ya pele.
Boradipalopalo ke bona ba tshwereng maano a demokerasi mabapi le ponaletso ka hara tekano le pihlello, le boikarabelo. 
Ke hona ho batlehang bakeng sa ho eketsa bokgoni ba dipalopalo le ho ntshetsa pele ditsha tsa thuto tse hlokahalang bakeng sa ho hodisa ka potlako ho rutwa ha lesedi la semolao.
Pali Lehohla ke radipalopalokakaretso ebile ke hlooho ya Dipalopalo tsa Afrika Borwa.
Bakeng sa lesedi le fetang mona ka Dipalopalo tsa Afrika Borwa mmoho le mesebetsi ya tsona, tjhakela ho www.statss.gov.za kapa letsetsa (012) 310-8600 
<Doc03>
Matsatsi a 16 a ho Tsoseletsa: ana o ne o tseba?
Ho tloha ka 1994, Mmuso o ile wa ntshetsa pele molao o lokisang diphoso tse amang basadi le bana. 
Molao wa 2000 wa Phahamiso ya Tekatekanyo le Thibelo ya Kgethollo e sa Amoheleheng, o ile wa fetiswa ho etsa bonnete ba hore motho e mong le e mong o una molemo ditokelong tsa Molaotheo.
Molao ona o etsa bonnete ba hore basadi ba na le thabo ditokelong le tokolohong mabapi le ho lokisa diphoso tsa nako e fetileng.  
Molao wa 1998 wa Tekatekanyo Mosebetsing o etsa bonnete ba hore kgethollo mosebetsing, le moputso ka hara maraka wa mesebetsi, tse neng di hlahe nakong ya mmuso wa kgethollo di a fediswa.  
E kgothalletsa tekatekanyo kemeding ya basadi mmoho le batho ba neng ba kotetswe ho latela histori mafapheng ohle a mmuso le poraefete.
Molao wa Paballo ya Bana wa 1998 o fana ka tiisetso ditokelong tsa ngwana bakeng sa boemo ba bophelo mabapi le mmele wa hae, kelello, moya, le  ntshetsopele ya kahisano. 
Molao o etsa bonnete ba hore tshehetso ya ditjhelete tsa bana e fumantshwa ho tswa batswading kapa bathong ba ikarabellang ngwaneng.  
Molao wa Tlhekefetso ya ka Lapeng wa 1998 o kentswe tshebetsong ho nolofaletsa  mahlatsipa a merusu ho fumantshwa tshireletso ya boemo bo hodimo kgahlano le tlhekefetso ya malapa.
Basadi bao e leng diphofu tsa tlhekefetso ya malapa, jwale ba se ba na le thuso ya semolao e tla etsa bonnete ba ho re ba fumantshwa tshireletso. 
Molao wa Bana wa 2005, le Molao wa Bana o Fetotsweng wa 2007, e kentswe tshebetsong, hara tse ding, ho sireletsa ngwana kgahlanong le tshwaro e mpe, ho se tsotellwe, tlhekefetso, le nyenyefatso.
Mmuso o kentse tshebetsong  ebile o tshehetsa mekgwa e mengata e sireletsang serithi sa botho sa basadi le bana.  
Tokomane ya Ditokelo tsa Bana e ntse e shejwa hape bakeng sa ho kenyeletsa diphephetso tse ntseng di hlaha tse kang tshebediso ya bana jwalo ka disebediswa tsa ponokerafi, mme le ho bontsha bana disebediswa tsa ponokerafi.
Mmuso o ile wa arabela diphephetso tsa lenyalo la bana ba qobellwang ho nyalana le batho ba baholo tlasa moetlo o bitswang “Ukuthwala”.  
Mmuso o itlama ho etsa bonnete ba hore moetlo le dikgolo tse ding di ikamahanya le Molaotheo le molao.
Ho qala botjha,  diyuniti tsa sepolesa di motjheng ho tla sebetsana le ditlolo tsa molao tsa malapa le motabo  mmoho le ditlolo kgahlanong le basadi le bana.
Ho thehwa ha diyuniti tse ikgethang ho tla potlakisa bokgoni bo hlokahalang ho matlafatsa taolo le ho tjhotjhisa ditlolo tsa molao kgahlano le basadi le bana.
Ha jwale ho na le disenthara tse thusang tsa Thuthuzela tse 17 tse thehilweng ho phatlalla le naha metsaneng e nang le diketsahalo tse hodimo tsa tlhekefetso ya motabo.
Disenthara di fana ka bophelo bo botle le thekolohelo mmoho le ho sisinya metjha bakeng sa ho tlaleha le ho tjhotjhisa ditlolo tsa molao ka tsela e nang le serithi le tikoloho e kgathallang ka tshebediso ya ditsebi tse tshwanelang. 
Letlole la ho Kgutlisetswa ha Thepa ya Botlokotsebe le ne le sebediswa ho tshehetsa ka ditjhelete mahlatsipa a 19 mabapi le diprojeke tsa matlafatso.
Bolaodi ba Ditshebeletso bakeng sa Mahlatsipa a Merusu le Ditlolo tsa molao tse nang le ditshebeletso tse fanwang ke mekgatlo e 1500 ya mmuso le setjhaba diprofenseng kaofela e ile ya ntshetswa pele.
Bolaodi bo fa batho matla ho fumantshwa ditshebeletso tse teng ka hara sedika.
Ditshebeletso tse kgonahalang tsa mahlatsipa di thehilwe ditesheneng tsa sepolesa tse nang le ditlolo tsa molao tse hodimo.
Makgotla a dinyewe a shebaneng feela le ditlolo tsa molao tsa motabo di thehilwe.
Molao wa Tlhekefetso ya ka Lapeng o fana ka tshireletso e tla thehwa.
Ha jwale ho na le ditshireletso tse 96 Afrika Borwa ho tloha ho tse 39 ka 2001.
Ditokelo tsa Tokomane ya Ditumello tsa Mahlatsipa di a phethahatswa bakeng sa lehlatsipa la tlolo tsa molao tse amanang le Tshebetso ya Toka ya Thibelo ya Botlokotsebe
Tokomane ena ya Ditumello e kenyeletsa Bonyane Boemo ba Ditshebeletso bakeng sa Mahlatsipa a Ditlolo tsa molao tse hlalosang moralo wa semolao bakeng sa mahlatsipa hore ba bolele ditokelo tsa bona ditshebeletsong tse lebeletsweng ho tswa ho Tsamaiso ya Toka e Lwantshang Botlokotsebe.
Ho kenngweng tshebetsong Tokomane ya Ditumello ya mahlatsipa, bongata ba matsatsi bo nkuwang ho phethela nyewe  Lekgotleng la Ditlolo tsa molao tse mabapi le thobalano ho theohile ho tloha ho 285 ho isa ho 142.
Tokomane ya Ditumello ke tlhokahalo ho Mmuso wa Afrika Borwa hore o kgotsofatse boitlamo ba  ona  Matjhabeng a Kopaneng ho latela Matjhaba a Kopaneng (UN) Selekane sa Maano a Motheo a Toka bakeng sa Mahlatsipa a Botlokotsebe le Tshebediso e mpe ya Matla.
Tshebedisanommoho ya matjhaba ho sebetsana le diphephetso mabapi le merusu kgahlanong le basadi le bana.
Afrika Borwa e fane ka raporoto komiting ya CEDAW ya Matjhaba a Kopaneng mabapi le tswelopele e fihletsweng ho kengweng tshebetsong ha Ditumellano le ho Fediswa ha kgethollo kgahlano le basadi.
Afrika Borwa e ile ya tshwara seboka sa  Matona a Ntshetsopele ya Dinaha tsa Afrika e ka Borwa (SADEC) (09 Mphalane) ho phethela moralo wa dilemo tse 10 wa sedika mabapi le thekiso ya basadi le bana.
Leano la SADC mabapi le Bong le Ntshetsopele le hlalosa hore maloko a dinaha tsa SADC a tla kenya molao o tla lwantshang tlhekefetso ka motabo selemong sa 2015.
Afrika Borwa e ile ya tshwara Kopano ya Sedika ya Toka mabapi le Bong (9–10 Pudungwana 2009) e ileng ya kopanya baemedi ba dinaha tsa Afrika mabapi le ho arolelana mekgwa e tswileng matsoho ya ho fedisa merusu e tobaneng le motabo le bong. 
O se ke wa iphapanya, lwantsha tlhekefetso
<Doc04>
Seteitemente sa lekunutu
Lefapha la Matlo le itlama ho sireletsa lekunutu la hao le ntshetsopele ya tekgenoloji e tla o neha boiphihlelo ba onlaene bo tswileng matsoho ebile bo sireletsehile. 
Seteitemente sena sa Lekunutu se sebetsa ho Webosaete ya Lefapha la Matlo, mme se laola pokello le tshebediso ya lesedi.
Ho sebedisa webosaete ya Lefapha la Matlo, o dumela ho tshebediso ya lesedi jwalo ka ha e hlalositswe seteitementeng sena.
Pokello ya Lesedi ka dintlha tse amanang le wena
Lefapha la Matlo le bokella lesedi ka dintlha tse amanang le wena tse kang aterese ya emeile, lebitso, lapeng kapa aterese ya mosebetsing kapa nomoro ya mohala.
Lefapha la matlo le boela hape le bokella lesedi ka dintlha tsa batho ka tsela ya ho ipata, eo o ntseng o e tseba e kang  khouto ya sebaka, dilemo, bong, kgethollo, dithahasello le dithatohatsi.
Ho boela ho na le lesedi mabapi le khomputara le bokellwang ke Lefapha la Matlo ka tsela e iketsang.
Lesedi lena le kenyeletsa: aterese ya IP, mofuta wa sebadi, mabitso a sehlooho, nako ya ho fihlella le aterese ya Webosaete e supang.
Lesedi lena le sebediswa ke Lefapha la Matlo bakeng sa tshebediso ya ditshebeletso, ho fumantsha ditshebeletso ya boleng le ho fana ka dipalopalo tse akaretsang mabapi le ho sebedisa Webosaete ya Lefapha la Matlo.
O lokela ho hopola hore ha o senola ka kotloloho lesedi la dintlha tsa motho tse qollehang kapa dintlha tsa lesedi la motho tsa  sephiri ka tshebediso ya matlapa a melaetsa a Lefapha la Matlo, lesedi lena le ka bokellwa mme la ba la sebediswa ke ba bang. 
Ela hloko: Lefapha la Matlo ha le bale puisano ya onlaene ya hao ya poraefete.
Lefapha la Matlo le o kgothalletsa ho lekola botjha diteitemente tsa poraefete  tsa Webosaete tseo o di kgethileng ho o hokela ho tswa ho Lefapha la Matlo e le hore o utlwisise ka moo diwebosaete tse bokeletsweng, di sebediswang ho arolelana lesedi la hao. 
Lefapha la Matlo ha le jare boikarabelo bakeng sa diteitemente tse poraefete kapa dikahare tsa Webosaete tse ka thoko ho Lefapha la Matlo mmoho le diwebosaete tsa leloko la Lefapha la Matlo.
Sebedisa lesedi ka dintlha tse amanang le wena
Lefapha la Matla le bokella le ho sebedisa lesedi ka dintlha tse amanang le wena ho sebetsa Webosaete ya Lefapha la Matlo le ho fana ka ditshebeletso tseo o di kopileng.
Lefapha la Matlo hape le sebedisa lesedi ka dintlha tse amanang le wena ho o tsebisa ka dihlahiswa kapa ditshebeletso tse fumanehang ho tswa ho Lefapha la Matlo le ditho tsa lona.
Lefapha la Matlo le ka ikopanya le wena ka tsela ya diphuputso ho etsa dipatlisiso mabapi le maikutlo a hao ka ditshebeletso tsa jwale kapa ka ditshebeletso ntjha tse ka kgonahalang ho fanwa ka tsona.
Lefapha la Matlo ha le rekise, hirise, kapa adime lenane la bareki ba lona baamehing ba bang. 
Lefapha la Matlo, nako le nako le ka ikopanya le wena sebakeng sa balekane ba kgwebo ba ka thoko mabapi le monyetla o itseng o ka o thahasellang.  
Maemong ao, lesedi le ikgethang ka dintlha tse amanang le wena (imeile, lebitso, aterese, nomoro ya mohala) ha di fuwe moamehi e mong.
Ho tlatsetsa, Lefapha la Matlo le ka arolelana lesedi le balekane ba tshepahalang ho re thusa ho sebetsa manollo ya dipalopalo, ho o romella imeile, ho fana ka tshehetso ya moreki kapa ho lokisetsa ho lopolla. 
Baamehi kaofela ha ba dumellwa ho sebedisa lesedi ka dintlha tse amanang le wena ntle le ho fana ka ditshebeletso ho Lefapha la Matlo, mme ba lokela ho boloka lekunutu ka lesedi la hao.
Lefapha la Matlo ha le sebedise kapa ho senola lesedi la sephiri ka dintlha tse amanang le wena , tse kang morabe, bodumedi, kapa dikamano tsa dipolotike  ntle le tumello e hlakileng ya hao.
Lefapha la Matlo le beha leihlo webosaeteng le maqepheng ao bareki ba rona ba a etelang ka hara Lefapha la Matlo, lebaka e le ho nka qeto ya hore ke ditshebeletso dife tse tsebahalang ka hara lefapha la Matlo.  
Lesedi lena le sebediswa ho dikahare tse lokisitsweng le papatso ka hara Lefapha la Matlo bareking bao boitshwaro ba bona bo bontshang hore ba na le thahasello ditabeng tse itseng.
Webosaete ya Lefapha la Matlo e tla o bolella lesedi ka dintlha tse amanang le wena, ka ntle ho tsebiso, ha feela sena le le molaong kapa ka maikemisetso a hlokang bora hore ketso eo e a hlokeha ho: (a) ikamahanya le molao kapa e dumellana le mokgwatshebetso wa molao o fuweng Lefapha la Matlo kapa saete; (b) ho sireletsa le ho lwanela ditokelo kapa thepa ya Lefapha la Matlo; le (c) sebetsa tlasa maemo a hlokolosi ho sireletsa polokeho ya batho ba sebedisang Lefapha la Matlo kapa setjhaba.
Tshebediso ya Dikhukhi 
Webosaete ya Lefapha la Matlo e sebedisa “dikhukhi” ho o thusa ho iketsetsa onlaene ya bokgoni ba hao.
Khukhi ke faele e bewang hodima hatediseke ke leqephe la Webo sefa.
Khukhi e ka se sebediswe ho tsamaisa prokeramo kapa ya kenya vaerase khompyuteng ya hao. 
Dikhukhi o di fuwa ka tsela e ikgethang mme di ka balwa feela ke Webo sefa sebakeng se fuweng wena.
Le leng la mabaka a motheo a khukhi ke ho fana ka sebopeho se thusang ho  boloka nako ya hao.  
Lebala la khukhi ke ho bolella Webo sefa hore o se o kgutletse leqepheng le itseng.
Mohlala, ha e ba o tshwaya ka lebitso la hao maqephe a Lefapha la Matlo kapa o ingodisa le saete ya Lefapha la Matlo kapa ditshebeletso, khukhi e tla  thusa Lefapha la Matlo o hopola lesedi la hao ha o le etela.   
Sena se bebofatsa mokgwatshebetso wa ho rekota lesedi ka dintlha tse amanang le wena le kang diaterese tsa moo ho romellwang diakhaonto, diaterese tsa moo phahlo e rometsweng ka sekepe e romelwang teng.  
Nakong eo o kgutlelang hape webosaeteng ya Lefapha la Matlo, lesedi leo o ileng wa fana ka lona nako e fetileng le a ntshuwa, mme ho ba bonolo ho sebedisa  dibopeho tsa Lefapha la Matlo tse lokisitsweng.
O na le bokgoni ba ho amohela kapa ho hana dikhuki.
Bongata ba webo borousara bo amohela dikhuki, empa o ka nna wa fetola borousara ba hao ho hana dikhuki ha o rata.
Ebang o kgetha ho hana dikhukhi, o ka nna wa se kgone ho bona ka moo dibopeho tsa ditshebeletso tsa Lefapha la Matlo di sebetsang mmoho ka teng kapa  webosaete eo o e etelang. 
Tshireletso ya Lesedi ka dintlha tse amanang le wena
Lefapha la Matlo le boloka lesedi ka dintlha tse amanang le wena hore le se fumanehe ho ba sa lokeleng ho le fumana, ho sebediswa kapa phatlalatswa.
Lefapha la Matlo le boloka lesedi ka dintlha tse qollehang tse amanang le wena tseo o faneng ka tsona sefeng ya khompyuta, tulong e bolokehileng, e sireletsehileng bakeng sa ho se fumanehe habonolo, ho sebediswa kapa ho phatlalatswa.  
Ha lesedi ka dintlha tse amanang le wena (le kang nomoro ya karete ya ho reka ka mokitlane) le fetisetswa webo saeteng e nngwe, le a sireletseha ka tshebediso ya enkeripshene e jwalo ka mokgwatshebetso  Boemo ba Sokete ya Tshireletso (SSL). 
Diphetoho Seteitementeng sena
Lefapha la Matlo le tla o kgothaletsa hore ka nako e itseng  o behe Seteitemente sa Lekunutu maemong a lokelang hore se bontshe khamphane le karabelo ya moreki.
Lefapha la Matlo le o kgothalletsa ho hlahloba botjha ka  nako e itseng Seteitemente sena ho o tsebisa ka moo Lefapha la Matlo le sireletsang lesedi la hao.
Lesedi la ho iteanya  
Lefapha la Matlo le amohela ditshitshinyo tsa hao bakeng sa Seteitemente sa Lekunutu.
Ebang o dumela hore Lefapha la Matlo ha le eso ikamahanye le seteitemente sena, o kopjwa ho ikopanya le Lefapha la Matlo ho webmaster@kznhousing.gov.za.
Re tla sebedisa boiteko bo utlwahalang ho nka qeto ka potlako le ho rarolla qaka.
<Doc05>
Puo ya Tonakgolo Ebrahim Rasool Moketeng wa Baithuti ba Materiki
Kajeno re tlile mona ho tla tlotla baithuti ba sebeditseng hantle ba materiki.
Re re ho bona: re motlotlo ka lona, Profense le Naha di motlotlo ka lona, batswadi ba lona ba motlotlo ka lona, mme sa bohlokwa ke hore le be motlotlo ka lona.
Lebaka la hore re ikotle sefuba motsotsong o tshwanang le ona, ke lebaka la ho lemoha hore nako eo motsotso wa ho fihlella se itseng o hlahang ka mora nako e telele ya mathata le boitelo, sena kajeno se emela motsotso wa tlhakisetso maemong a ka hlaloswang a rarahane. 
Materiki e thata.
Dilemong tse leshome tse fetileng re ile ya lokela ho fetola thuto yohle ho tloha mokgweng wa mmuso wa kgethollo.
Boholo re atlehile ho latela kopano ya thuto e le nngwe, silabase e le nngwe le hlahlobo, dipalo tse kgolo tsa bao ba ngotseng  ba bile ba pasitse materiki,  hlokomediso ke hore thuto ha e kgotsofatse feela ditlhoko tsa motho – ikonomi kaofela e itshetlehile hodima bokgoni bo hlahiswang ke tsamaisong ya thuto.
Materiki ka nnete e thata.
Baetapele ba bokaneng mona Leeuwenhof ka ntle ho qeaqeo ke ba bohlokwa bao re nang le bona, ba fihlelletseng tse ntle, ba lokelwang ke dikgau tse Profense ena e ka di bokellang.
Menahano ya rona e lebiswa ho 71% ya setjhaba se dilemo tse fetang tse 20 ba sa kgonang ho fihlella dithuto tsa sekondari, bao e ka bang 80 000 ba qadileng Kereiti 1 le lona dilemo tse 12 tse fetileng ba sa kang ba ngola hlahlobo ka 2004 hobane ba tlohetse sekolo hara nako, le ba bangata ba ngotseng, empa ka baka la kgetho ya dirutwa le dikereiti, ba na le mangolo a sehlopha sa materiki a ke keng  a amohelwa ke moruo kapa dithuto tse phahameng.
Materiki e rarahane ho feta ka ntlha ya hore lona le difensetere tsa mabenkele. 
Setjhaba se sheba bokamoso ba rona ka tshebetso ya lona.
Se beha tshepo ya sona polokehong ya lona.
Se beha tshepo ya sona ya bokamoso ka ho tsetela tsamaisong ya thuto ena e re kopantseng motsotsong ona wa ho keteka. 
Ee, karolo e kgolohadi ya tekanyetso ya naha le profense e ya thutong.
Selemong sena feela, ho sireletsa kgiro ya matitjhere a 2000, re ile ra kgelosa tjhelete e reretsweng mesebetsi ya diprofense mme ra e isa thutong.
Re lokela ho matlafatsa matsete a rona dikolong tse futsanehileng hore ho eketsa palo, tekatekanyo ya thuto e bonahale ka bokamoso ba sekolo se seng le se seng sa makeisheneng.
Sa bohlokwa haholo , Letona Dugmore le Mosuporethendentekakaretso, Swart, re na le maikemisetso a tshwanang a ho theha Mekgwatshebetso ya Mehlodi ya Basebetsi ho tshehetsa  matsete ana kaofela.
Re lokela ho hlahisa baithuti ba materike ba tsitsitseng boitshwarong ba bona, bao sephetho sa bona se tswileng ka mahetla, se ikamahanyang le moruo, ba tshepahalang setjhabeng, mme ba na le molemo ho batho.
Sena ke se re tlisitseng mona ho tlo keteka.
Le emetse ditebello tsena ha re aha Lehae la  rona bakeng sa Bohle.
Re keteka diphihlello tsa lona hobane le ikentse sehlabelo mme la sebetsa ka thata, batswadi ba lona ba ikentse sehlabelo mme ba le boloka sekolong, mme setjhaba sa lona se ikentse sehlabelo ka ho tsetela bokamosong ba lona.
Ba bangata ba na le dipelaelo molemong wa ho  keteka  diphihlello tsa materike tlasa mathata ana,  mme taba ke hore e ka nna ya bonahatsa masalla a tsamaiso ya mmuso wa kgethollo.
O ka hlola sena ka ho kena ka setotswana ho aha Ntlo bakeng sa Bohle, e sa kgetheng morabe –  ebile e na le tekatekanyo ya batho  
Sena se lokela ho bonahala dikgethong tsohle tseo o etsang ho tloha jwale.
Ho fihla jwale, o lokela ho kgetha ka moo o tla sebetsa ka thata ka teng.
Setifikeite sa hao sa materike se o nolofaletsa le ho o qobella ho nka diqeto le dikgetho mabapi le hore o batla ho ba motho wa mofuta ofe le bophelo boo o batlang ho bo phela.
Re a le lebohisa, le lakaletswa mahlohonolo.
<Doc06>
Maikemisetso Taolo ya Porojeke ya Puisano  tsa Mmuso ya 2010 ke ho: 
bopa phihlelo ka sepheo sa maemo a puisano mabapi le Mohope wa Lefatshe wa bolo wa FIFA wa pele Afrika. 
sebedisa monyetla ona o ikgethileng ho bontsha le ho tswela pele ka ho aha kopano le boikakaso ka hara maAfrika Borwa.
kgothaletsa batjha ba rona.
bapatsa naha lefatsheng.
aha boemo bo hodimo ba puisano e tla thusa ho sebedisa monyetla ona ho potlakisa ntshetsopele le kgodiso ya menyetla. 
aha bonngwe Afrika.
sena se tla fihlellwa ka ho: 
fana ka boetapele le kgokahano bakeng sa puisano ya mmuso malebana le mohope wa bolo wa Matjhaba.
bopa selekane sa naha mabapi le puisano tsa  setjhaba le tse poraefete ho phatlalla le dibaka, mmoho le ho kena mekgatlong le boradipuisano kontinenteng le ditjhabeng tse falletseng e le hore mmoho naha le kontinente di fumane monyetla ona wa puisano tseo e leng monyetla wa bophelo kaofela.
nka diporojeke tsa bohlokwa tsa puisano tsa mmuso bakeng sa Mohope wa bolo wa Matjhaba wa 2010. 
<Doc07>
Melawana ya Tsamaiso ya Sephethephethe sa Ditsela tsa Bosetjhaba e fetotsweng ho ntlafatsa tshireletseho tseleng. 
POLOKWANE: Melawana  ya Tsamaiso ya Sephethephethe sa tsela ya Bosetjhaba e fetotswe botjha.
E bitswa Phetholo ya Leshome le metso e Supileng mme e fihlile ka sekgahla diphatlalatsong.
Lefapha la Ditsela le Dipalangwang le tsebisa bakganni ba makoloi ka diphetolo tse latelang: 
Makoloi a matjha a ngodisitsweng ka mora  la 01 Phato 2010 a lokela ho ba le dinomoropolata tse manamisitsweng ka dipoporobete kapa dikurufu.
E bang di sa kgone ho manamiswa koloing di lokela ho manamiswa boraketeng bo dumellanang le SANS 973.
Phetolo ena e tla fokotsa botlokotsebe le ditlolo tsa molao tsa bakganni ba tlosang dinomoropolata e le hore ba se ke ba fumaneha ha bonolo.
Ho ke ke ha eba bonolo ho tlosa dinomoropolata mme wa boela o di kgutlisetsa hape ka mora ho tlola molao hobane sena se tla kenya ditjeho tse ding.  
Nomoropolata e entswe ka aluminiamo e tla bang thata hore e ka tjha hoo e ka se hloleng e bonahala sebakeng sa kotsi.
Ho tloha ka 1 Hlakola 2011 batho ba fumanang mangolo a ho kganna a khoutu C, C1, EC, kapa  EC1 lengolo la ho kganna le ke ke la dumellwa ho kganna koloi e batlang khoutu ya B kapa khoutu ya EB (ho latela mareo a kgale motho ya nang le lengolo la ho kganna la khoutu 10, 11,13 kapa 14 a ka se kganne koloi e batlang lengolo la ho kganna la 08). 
Sena se tsa etsahala feela bathong ba mangolo a ho kganna a matjha.
Palo e kgolo ya ba ithutang ho kganna ba etsa dikopo tsa mangolo a ho kganna a makoloi a boima ha ho bapiswa le ba etsang dikopo tsa ho kganna makoloi a bobebe, lebaka e le ho qoba dihlahlobo tsa ho phaka meleng e bapileng.
Bonnete ke hore hang ha ba se ba fumane mangolo a ho kganna a makoloi a boima, ba kganna makoloi a bobebe ao ba sa tlwaelang disebediswa tse a laolang, mme ba qetelle ba entse dikotsi.
Ho boela ho lebeletswe hore bakganni bao ba fumaneng mangolo a ho kganna a makoloi a boima ba be le Diphemiti tsa Boprofeshenale tsa ho kganna, empa dipalopalo di bontsha maemo a fapaneng.
Sena se paka ntlha ya ho re bakopi ba ne ba hloka dilaesense tsa makoloi a bobebe, e seng tsa makoloi a boima.
Sesebediswa Tataisong ya Botsitso ba Taolo ya dibese tse nyane le tse mahareng di kenngwa ka mokgwatshebetso wa setifikeite se bang karolo ya hlahlobo ya koloi e dumelletsweng tseleng. 
Sena se sebetsana le dibese tsohle tse nyane le tse kgolwanyane, e seng dikoloing tse sa tswa boptjwa feela.
Motho eo koloi e ngodisitsweng ka yena kapa eo e leng moemedi wa hae o lokela ho fana ka foromo e tlatsitsweng ya DSCD seteisheneng se hlahlobang.
Sesebediswa sa Taolo sa Supisang se thibela thaere ho se tswe riming ha e thunya koloi e ntse e tsamaya.
Phetoho ho Molawana wa 332 e ile ya phatlalatswa mme e etsa lenane la disebediswa tsa ho etsa diteko tsa ho hema tse nang le bopaki tse ka sebediswang ho bokella disampole tsa ho hema tse nang le bopaki le lengolo le ntshitsweng ke mohlahisi kapa mofani le ka sebediswa e le bopaki dinyeweng, ka ho di hlahisa feela.
Phetholo ena e thusa ho matlafatsa ntlha e ileng ya hlahiswa malebana le hore sesebediswa sena se molaong ho latela karolo ya 65(7) ya Molao wa Sephethephethe sa tsela ya bosetjhaba wa 1996, ebile e ikamahanya le SABS 1973 mme e ka sebediswa ho netefatsa  bongata ba tahi mophefumolohong.
Tse latelang ke disebediswa tse balletsweng:
“Sena se bohlokwa haholo nakong ya sehla sa mekete hobane se fana ka matlafatso boitekong ba rona ba ho lwantsha ho kganna ha bakganni ba tahilwe mebileng ya rona”, ho realo Letona la Ditsela le Dipalangwang, Pinki Kekana. 
<Doc08>
Ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle pele ho ho tswalwa ha ngwana.
Banana ba emereng le basadi ba iswa ditshebeletsong tsa ho pepa kapa Diyuniting tsa Meriana tsa ho Pepisa (MOUs) dibakeng tsa ditoropong kapa ditleleniking tsa disathalaete kapa tse tsitsitseng metseng ya mahae.  
Di-MOU ke diyuniti tsa ho pepisa tse tlasa taolo ya babelehisi ka hara setjhaba bakeng sa tlhokomelo ya mantlha ya bophelo bo botle.
Ho eletswa bomme ba emereng ho ingodisa mabapi le ketelo ya bona ya pele tliliniking  pele ho dibeke tse 20 kapa ka potlako ka mora mona.   
Mme o fuwa hlahlobo le tlhabollo ya kelello ketelong ya hae ya pele ditshebeletsong tsa bophelo bo botle tsa pele ngwana  a hlaha, tse boelang di tsejwa ka boingodiso ba ketelo pele ho letsatsi la hlahlobo. 
Kemaro e behwa leihlo ka tsela ya ketelo ya kgafetsa e tlwaelehileng ka mora ketelo ya pele.
Bophelo ba mme le bona bo behwa leihlo ka botebo.
O tla nkuwa boima, kgatello ya madi e shejwe mme moroto wa hae o hlahlojwe 
Ha ho se na mararane a letho, o lokela ho kgutlela sebakeng sa ketelo ya pele ya ka mora dibeke tse pedi bakeng sa sephetho sa diteko tse nkuweng nakong ya ketelo ya boingodiso pele ho hlahlobo. 
Ka mora sena o lokela ho kgutlela tleleniking dibeke tse ding le tse ding tse tsheletseng ho fihla ho tse 28, mme bekeng ya bo 34 ka mora moo ho latela ka moo ho boletsweng ke basebetsi ba tleleniki/MOU (diketelo kgafetsa di ka fapana ho latela dibaka).
Bomme ba emereng ba  etswa sekerini bakeng sa ditshoso tse ka bang teng bophelong ba bona le bophelong ba tlhaka.
Ka bobedi, banana ba batjha le basadi ba ka tlasa dilemo tse 35 ba emereng ba nkuwa ba le kotsing e kgolo.
Sena se bolela hore ho na le kgonahalo ya hore ba ka ba le tharahano nakong ya kemaro le ho hlaha ha ngwana.  
Basadi ba emereng ba boela ba ba kotsing e kgolo ebang ba na le kgatello e hodimo ya madi, nalane ya mafu a lefutso, dikemaro tse ngata ebang ba kile ba ba le ho buuwa ha nako e fetileng jwalo ka ho fumana ngwana ka tsela ya ho buuwa ka sekere.   
Bomme ba hlahlojwang e le ba kotsing e kgolo ba fetisetswa ditleleniking tsa ho pepisa dipetleleng tsa boemo ba bobedi kapa ba boraro e le bakudi ba ka ntle, mme mona dihlahlobo tse tswellang pele le diteko tsa sekerini di a etswa.
Bomme ba hlahlojwang e le ba kotsing e kgolo ba eletswa ho dula ba etela ditleleniki tsa pele ngwana a hlaha nako e kgolo le e nyane ha ho hlokahala. 
Ebang o le moeti ya qalang ho etela tshebeletso ya bophelo bo botle, o tla kopjwa ho tlatsa foromo, mme faele e tla bulwa. 
Tloho le bukana ya hao ya boitsebiso, meriana eo o e sebedisang le karete ya tleleniki kapa sepetlele, ebang o kile wa ngodiswa setsheng seo. 
Dikemaro tseo e leng sa kotsi e nyane di laolwa ke MOUs (diyuniti tsa ho pepisa tse tsamaiswang ke babelehisi setjhabeng bakeng sa bakudi ba tlhokomelo ya pele ya bophelo botle) metseng ya ditoropo le disatelaeteng le ditleleniking tsa moshwelella dibakeng tsa mahae.  
Dikemaro tsa kotsi e kgolo di laolwa ditleleniking tsa bakudi ba ka ntle metseng ya ditoropo le dipetleleng tsa boemo ba boraro.  
<Doc09>
Prokeramo ya Kopanelo ya Phepo e nepahetseng 
Prokeramo ya Kopanelo ya Phepo e Nepahetseng (INP) e ikemiseditse ho ntlafatsa maemo a phepo e ntle bathong bohle ba dulang profenseng ya Kapa Bophirimela.
Ho na le dintlha tse ngata mabapi prokeramo ena.
Phepo e mpe ke eng?
Phepo e mpe ke bothata bo boholo ka hara Afrika Borwa ebile ke e nngwe ya tshwaetso tse kgolo ho kuleng le ho hlokahaleng ha bana. 
Ho akangwa hore bana ba ka etsang 30% ba Afrika Borwa ha ba phela hantle mmeleng ka lebaka la phepo e sa lokang dilemong tse tlase tsa maphelo a bona.
Ho ja dijo tse sa lekanang, mafu a ho kula, le kgatello ya kelello/ho sithabela ke sesosa se seholo sa phepo e mpe se itlelang ka potlako.
Bofuma le ho hloka mehlodi ya bophelo ke dintlha tsa motheo tse bakang phepo e mpe.
Prokeramo ya Kopanelo ya Phepo e nepahetseng e leka ho lwantsha sewa sena ka ditsela tse ngata.
Dithusammele bakeng sa bana
Boemong ba motheo ba tlhokomelo ya bophelo bana ba hlahlojwang ebile ba qollwa jwalo ka bana ba sa fepjwang ka ho lekana ( sena se kenyeletsa batho ba baholo ba nang le HIV le lefuba) batla  fuwa dijothollo le phofo e matlafaditsweng, mmoho le senomaphodi se nang le eneji e ngata.
Dithusammele di fuwa basebedise ba hlwailweng ho latela mokgwa wa ho ba kgetha.
Basebetsi ba bophelo bo botle ba fana ka tlhabollo ya kelello, lesedi la thuto mabapi le dijo tse kwenneng le ditsela tse ntle tsa ho pheha dijo.
Ditsebi tsa dijo di fana ka ditshebeletso tse ikgethang setjhabeng.
Ho nyantsha
Ho thusa twantshong ya phepo e mpe dilemong tse tlase tsa bana, basebetsi ba bophelo botle ba kgothalletsa basadi ho nyantsha bana ho fihla dikgweding tse tsheletseng mme ka mora moo ba tswelle ho nyantsha ka tlatsetso ya ho hlahiswa ha dijo tsa tlatsetso tse lokileng, ho fihlela ngwana a eba dilemo tse pedi.
Dikgetho tse ding tsa ho fepa di qoqwa ho le bomme ba nang le tshwaetso ya HIV.
Petlele sa Vredendal le Senthara  ya  ho Pepisa ya Groote Schuur ke Dipetlele tse nang le Lerato Baneng ka hara profense ho latela Leano la Dipetlele tse nang le Lerato Baneng.  
Ho beha leihlo kgolong
Bana bohle ba bekgwa boima nako le nako jwalo ka karolo ya prokeramo ya ho beha leihlo kgolong, e leng pontsho e rarahaneng mabapi le hore ebe ngwana o a hola kapa tjhe.
Boima bo ngolwa kareteng ya Tsela e lebisang Kgolong. 
Disosa tsa ho fokotseha ha boima tse kang mafu a tshwaetsano, ho hlokahala ha dijo lapeng mmoho le ho se hlokomele bana, di a shejwa.
Mafu a tshwaetsanang a bapala karolo e kgolo phepong e fokolang, mme mafu ana a phekolwa boemong ba tlhokomelo ya motheo ya bophelo bo botle.
Lefu la letshollo le amana haholo le bohlweki ba tikoloho (dikgwerekgwere le phepelo ya metsi) le phepo e tlase kapa e fokolang ya lesea, eo qetellong e etsang hore lesea le hlaselwe ha bonolo ke letshollo le matla le le sa feleng.
Phokotso ya bofuma
Malapa a futsanehileng a hlwauwa mme a romelwa ho e nngwe ya mananeo a mmuso a phokotso ya bofuma.
Tshireletso ya dijo ya lelapa e sekasekwa ka kopanelo ya mafapha mme ditshireletsi tse lokelang ho fanwa ka tsona.
Divithamini tse tlatsetsang
Ho laola tlhokahalo ya diahammele tse nyane ke karolo ya bohlokwa ya tshebeletso. 
Diahammele tse nyane tsa tlhaho ke dintho tse kang divithamini le maro tse fumanwang di le nyane dijong mme di bohlokwa ho bolokweng ha bophelo bo nepahetseng.
Prokeramo ya Kopanelo ya Phepo e nepahetseng e fana ka tlatsetso ya vithamini A baneng ba hlwauweng.
Bana ba hlokang vithamini A ba lahlehelwa ke boima, ha ba hole hantle, mme ho na le kgonahalo ya hore ba fumana ditshwaetso tse ka ba bolayang.
Tlhokahalo ya Vithamini A e senya mahlo mme ke e nngwe ya disosa tsa ho foufala baneng.
Bana ba nang le boima bo bonyane ha ba hlaha ba fuwa dipidisi tsa Vithamini A tse matlafatsang sesole sa mmele le ho thusa ngwana tswelopeleng ya ho hola.
Masea ho tloha dikgweding tse 6–11 a fuwa mothamo o le mong wa Vithamini A (100 000 IU) ho thibela mafu a  matla.
Bana ho tloha dikgweding tse 12 ho isa dilemong tse hlano ba fuwa mothamo o le mong wa 200 000 IU dikgweding tse 12 le  mothamo wa 200 000 IU dikgwedi tse ding le tse ding tse tsheletseng ho fihlela ba fihla dilemong tse hlano.
Keketso ya methamo ya Vithamini A e fuwa bana ba seng ba le maemong a mabe a phepo e mpe kapa ba nang le ditshwaetso tse sa feleng tsa mafu a kang letshollo, maselese kapa tshwaetso ya HIV. 
Ho ntsha manyoha
O lahlehelwa ke boima ho ka ba teng ka lebaka ho ba teng ha manyoha mme sena se ka phekolwa tleleniking ka meriana ya ho ntsha manyoha. 
Keletso e mabapi le Phepo e ntle bakeng sa boemo bo itseng
Thuto ya phepo e ntle, lesedi le ho hlabolla kelello di fanwa maemong ohle a hlokomelo ya batho ba nang le ho shwa ha mahlakore, kgatelllo e hodimo ya madi, lefu la tswekere, HIV/AIDS le Lefuba.
Prokeramo ya phepo e ntle ya sekolo sa poraemari 
Prokeramo ya phepo e ntle ya sekolo sa poraemari e fumaneha dikolong tse itseng tse kojwana di mahetleng.
Dikema tsena ha jwale di tsamaiswa ka kopanelo le Lefapha la Thuto.
Puso ya profense e ikemiseditse ho fihlella 125, 000 ya bana dikolong tsa poraemari tse 847 profenseng ka 2004 ka lenaneo la phepo sekolong.
Dijo diinstitusheneng
Prokeramo ya Kopanelo ya Phepo e nepahetseng e boela hape e kenya letsoho hlokomelong ya bareki ba institushene ka mokgwa wa tshebeletso ya dijo bakeng sa ho fana ka phepo e ntle e lekalekanang. 
Ditaelo:
Bakudi ba tjhakelang tleleniki/sepetlele sa boemo ba bobedi kapa ba boraro kgetlo la pele, ba tla kopjwa ho tlatsa foromo mme faele e tla bulwa bakeng sa mokudi. 
Tlisa bukana ya hao ya boitsebiso.
Lengolo le o fetisetsang pele le tswang tleleniking le tla hlokahala ha o etela sepetlele.
Dipetlele di tla o botsa ho hlahisa selepe sa mokgolo sa haufi tjena/hlahlobo ya mokgolo (IRP5).
Tloho le karete ya hao ya sepetlele ebang o kile wa ngodiswa sepetlele nakong e fetileng.
<Doc10>
Puo ka Motlatsa Letona la Mesebetsi ya Setjhaba, Mong. Ntopile Kganyago, Setho sa Palamente moketeng wa pulo ya pele ya Lenaneo la bokahare ba Motse wa Tshwane, Moahong wa Banka ya Resefe ya Afrika Borwa
Bahlanka ba bang ba mmuso ba baholo
Bomme le bontate ba metjha ya diphatlalatso
Baeti ba ikgethang 
Qeto e nkuweng ke Kabinete ka 1977 ho kgothalletsa mafapha a mmuso wa naha ho etsa bokahare ba motse wa Tshwane lehae la ona la moshwelella e ne e le pontsho ya maikemisetso a maholo ka nako eo le hona jwale.
Sephetho ke moralo o rerilweng ka bokgabane ho amanya kahobotjha tsa metse ya rona le pitso ya mmuso e malebana le ntjhafatso ya metse ya ditoropo mmoho le ntshetsopele ya dibaka e reretsweng ho phahamisa taolo ya metse ya ditoropo tse ikarabelang ditokelong tsa botho, dibaka tse dulehang, ntshetsopele ya moruo le ho tlamahana ha batho boiketlong ba bona.  
Kajeno re lahlela lejwe la pele bakeng sa ho fihlella maikemisetso ao, re boela re keteka leeto leo re le tsamaileng ho fihla kajeno.
Dipuisanong tsa boemo bo hodimo tseo hangata di neng di ena le diphehisano mabapi le ditlhoko mmoho le dikgetho tse neng di buletswe mafapha a mmuso ho ya ka sebopeho sa ona ha di a ka tsa re ntsha lekoteng mabapi le maikemisetsong a kgale a rona,  e leng ho ntlafatsa sebopeho sa sebaka sa mafapha a mmuso moo ho sebetswang teng ka hare ho motse wa Tshwane.
Ka yona nako eo, re batla hore re kenye letsoho ntjhafatsong le ntlafatsong tsa bokahare ba motse.
Maikemisetso a mang a o e ka reng ha  bohlokwa a kenyeletsa mokgwa wa ho hohela  matsete a indasteri ya poraefete, ntshetsa pele setshwantsho sa Tshwane jwalo ka motsemoholo wa bohlokwa Afrika le ho matlafatsa phahamiso ya moruo wa Bathobatsho.
Mmuso ke monga thepa e moholo mme o hara batsetedi ba ka sehlohong  bophelong ba ikonomi ba mmuso wa selehae, haholoholo Dimeterong tsa Johannesburg le Tshwane, Gauteng.
Mafapha a hloka diofisi bakeng sa ho sebeletsa ho tsona hore a kgone ho phetha phano ya ditshebeletso tsa setjhaba le ho phethahatsa thomo ya ona.
Ke ntho e tlwaelehileng hore bongata ba meaho ya mmuso bo sa le maemong a matle ho isa ho a itekanetseng ha ho bapiswa le a matle haholo ho latela maemo. 
Dintjhafatso, dintlafatso, ditokiso di tla etella pele ditshenyehelo tsa kapitale mme di kenye letsoho karolong ya BEE ya Projeke ya bokahare ba motse wa Tshwane.
Ka selemo, Mmuso wa naha ka thuso ya Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba o sebedisa diranta tse fetang dibilione tse pedi (R2 billion) ho lefa kgiro mmoho le ditjeho tse amanang le taolo ya thepa jwalo ka ditefello le ditshebeletso naha ka bophara, mme indasteri ya poraefete le mmuso wa selehae ke tsona tse unang molemo.
Ka mehla ke bankaseabo ba lebeletsweng ho qhoba tshebetso ya ntjhafatso  ya bokahare ba motse wa Tshwane, ka nka karolo ha mmuso wa Profense ya Gauteng ka thuso ya diprojeke tse kgolo tsa ho tsetela tse tshehetswang ke Mokgatlo wa Ntshetsopele ya Moruo ya   Gauteng (GEDA).
Kutlwisisong ya Prokeramo ya Bokahare ba Motse wa Tshwane, ho tloha hona jwale e tla tsejwa ka “Re kgabisa Tshwane” mme sehlohwana e be “Tulo e betere ya ho sebetsa” mme kgatello e hodima batho (bao e leng basebetsi ba setjhaba le ba poraefete) jwalo ka ha e le ho dibaka tse tshwarehang ba dula ho tsona ha ba ntse ba fana ka ditshebeletso tsa bohlokwa tsa setjhaba.
Ha ho ne ho phatlalatswa Prokeramo ya Kgatelopele ya Mmuso ya 2004. Mopresidente, Mong. Thabo Mbeki o ile a ipiletsa mafapheng a naha a Lefapha la Mesebetsi mmoho le Lefapha la Tsamaiso ya Ditshebeletso tsa Setjhaba hore bobedi ba kganne projeke ho ntlafatsa tikoloho ya mosebetsing ya mafapha a mmuso le basebeletsi ba setjhaba. 
Sebopeho sa tulo e tshwarehang ya setjhaba ke enjine ya phano ya ditshebeletso mme bahlanka ba mmuso ke peterolo e tsamaisang enjine mme e etsa ho dumisa koloi ho potlake, ho kgonahale ho be ho nepahale. 
Nakong ya mohato wa ho hlahlojwa ha dithloko tsa projeke, basebetsi ba bangata ba mmuso  bao ho ileng ha buuwa le bona ba ile ba hatella bohlokwa ba sebaka sa mosebetsi se setle se dumellanang le mosebetsi wa bona mme tsena di kenyeletsa sebaka sa ka hare le sa ka ntle, mme ke ka lebaka lena ho etswang selekane le Metero wa Tshwane o ikarabelang taolong ya dintho tsa motse tse kang sephethephethe, bohlweki, Tshireletso le botle. 
E re ke nke monyetla ona ho leboha bolaodi ba Tshwane le botsamaisi mabapi le tjhebelopele  ya ho amohela projeke ena ka ho e matahanya le Meralo ya Ntshetsopele ya Kopanelo ya bona.
Hantlentle Memorandamo wa Kutlwano  (MOU) o tla saenelwa haufinyane kajeno pakeng tsa Lefapha la Naha la Mesebetsi ya Setjhaba le Motsetoropo wa Tshwane ke tumelo ya ho fumana mabaka a tshwanang ao ho tla qalwa ho ona.
Ke phatlalatso ya morero ho sebetsa mmoho hodima boiqapelo le diprojeke tse tswelang dihlopha bobedi molemo. 
Molaetsa wa rona ho wena kajeno ke hore mosebetsi o se o qadile mme dilemo tse 10 tse tlang di tla bona ho kenngwa ha tjhelete e kana ka dibilione tse robedi ke mmuso wa naha le indasteri ya poraefete ka thuso ya ditekanyetso tsa tjhelete, ntlafatso ya kgiro le selekane sa setjhaba le poraefete.
Ho latela Taolo ya Prokeramo. Komiti ya Tsamaiso e se e thehilwe pakeng tsa Lefapha la Ditshebeletso tsa Setjhaba le Tsamaiso, Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba, Lefapha la Naha la Ditjhelete le Motse wa Tshwane. 
Ka hara tse ding, Komiti e tla etella pele prokeramo, e shebe le ho beha leihlo ho kenngwa tshebetsong, ho phethela moralo wa thuso ya ditjhelete le ho etsa bonnete ba hore ho kenngwa tshebetsong ho laoleha.
Lefapha le kentse mosebetsing Mong. Dumisane jwalo ka Motlatsamolaodikakaretso ya laolang prokeramo ya botsaimaisi. 
Ke a leboha.
<Doc11>
Mme Sepikara, Tonakgolo e Hlomphehileng, Basebetsi mmoho ba Kabinete, Ditho tsa Palamente, diofisiri tsa lefapha la matlo, ditho tsa metjha ya phatlalatso, setjhaba ka kakaretso, kamohelo e mofuthu.    
Mantswe ana bomme le bontate ke seipone sa dipolotike tsa Afrika Borwa, haholo Kapa Bophirimela.
Ho sa kgathalletsehe hore batho ba naha ena ba inehetse le ho rata tswelopele  jwang, ba bang maikemisetso a bona ke ho nyatsa mesebetsi e metle e entsweng ke mmuso ona o kgathallang ka nako e kgutshwane o nkile marapo.
Bomme le bontate, batho ba bangata ba pheha kgang ka matlo, empa ntumelleng ke le nehe lehlakore le leng.
Ho ya ka nna, ntlo e bolele feela tshireletso.
Empa ke batho ba nkang boikarabelo ba ho boloka tikoloho ya bona le ho bopa bokamoso ba bona.
Ke ho bopa ditjhaba tse ikgonang le dibaka tsa bodulo tsa moshwelella.
Ke katleho ya ho kopana ka thuso ya ho tshwarana ha indasteri ya poraefete, ya setjhaba, Mekgatlo eo e seng ya Mmuso, empa haholoholo, metse.
Matlo ho ya ka nna a ka hlaloswa jwalo ka tshebetso e kenyeletsang ho rala mmoho le batho e seng ho etsetsa batho moralo.
Kutlwisiso ya matlo Afrika Borwa ha se  feela sehlahiswa, empa ke tshebetso e thehilweng  dithehong tsa demokerasi eo batho ba naha ena ba e lwanetseng ka thata.
Ke tshebetso e mamelang batho, e dumellang batho ho sebedisa demokerasi ho kgetha mofuta wa ntlo, le sebaka  seo ba batlang ho aha ntlo ho sona.  
Ha ho le jwalo ha ho na ntho e nyefolang botho ebile e hloka demokerasi ho feta ho nkela batho ditokelo tsa bona tseo ba ikgethetseng tsona. 
Ho fapana le mmuso wa kgethollo, jwalo ka molwanedi wa setjhaba, batho ke lesapo la mokokotlo mohopolong wa leano la phumantsho ya matlo.
Bomme le bontate, ke thabile motsheareng wa kajeno ho le fa puo ya ka ya bobedi e malebana le ditekanyetso jwalo ka Letona la Profense la Matlo.
Ke bile ke motlotlo ho le fa puo ena ya ditekanyetso pele ho letsatsi la Tswalo la bo-10 la demokerasi.
Ho teng bopaki bo tsitsitseng ba hore mmuso o eteletsweng pele ke ANC o  fihletse tse ngata nakong e ka tlase ho dilemo tse leshome tsa puso ya ona ya demokerasi ho feta naha efe kapa efe e entseng sena lefatsheng.
Re sebeditse – Re fihlelletse.
Ka mantsweng a tsitsitseng, menyetla e 1.4 milione ya matlo ao mmuso o faneng ka ona, ke motlotlo ho phatlalatsa hore profense ya rona dilemong tse robong tse fetileng e fane ka matlo a 167 000, eo e leng 11% ya karolo ya naha. 
Sena ka moo ke nahanang ka teng, ke boemo ba tshebetso e tswileng matsoho. 
Ke boela ke batla ho hlahisa hore selemo se fetileng se ne se tletse diphephetso tse neng di se ntle phanong ya matlo naheng ka bophara, empa ka ho qolla, profenseng.
Diphephetso tsena e ne e le diphetho tsa ho hlahiswa ha leano le letjha la melao le mekgwa e kang ya tefo ya R2 479 le ho hlahiswa ha Sekema sa Naha sa Boleng ba Boingodiso ba Baahi ba Matlo matlong a ahilweng ka dithuso tsa mmuso. 
Dikgato tsena di ne di sa ikemisetswa ho kgina phano empa ho etsa bonnete ba hore batho ba rona ba fumana  matlo a theko e tlase a  boleng bo botle. 
Ho ithuta hoo re ntseng re ho fihlella ho kenya tshebetsong maano ana ho fokoditse sekgahla sa phano. 
Ho thatafatsa ditaba e ile ya eba taba ya hore lefapha la ka le ile la sebetsa ka ntle ho Molaodi e Moholo nakong ya dikgwedi tse robong.
Tswelopele e kginnweng boemong bo hodimo.
Ke se ke thontse Mong. Seth Maqethuka, ya hlahetseng a ba a holela Kapa, ya nang le boiphihlelo ba naha le mmuso wa selehae, eo ke ratang ho mo lebohisa le ho mo amohela le ha ke se ke entse sena makgetlo a mangata. 
Le ha ho bile diphephetso le dithibela, ke motlotlo ho phatlalatsa bathong ba rona hore lefapha la ka le kgonne ho sebedisa dimilione tse R348, tseo e leng 92% ya kabo ya matlo Kapa Bophirimela. 
Diprofense tse ding di sebedisitse feela 52% ya tekanyetso tsa bona.
Sena se ile sa qetella ka ho tjhaelwa monwana ha dithuso tsa matlo a 25 000.
Malapa a mangata a tla fumantshwa monyetla wa ho thabela ditholwana tsa demokerasi.
Bomme le bontate, sena se emela nyollo e bonahalang ya diyuniti tse 3000 ha ho bapiswa le selemo se fetileng.
Maemong ana, Ke rata ho lebohela seabo sa bohlokwa seo bommasepala ba se bapetseng ka hara profense. 
Ka ntle ho boitlamo le mosebetsi o motle, re ne re ke ke ra kgona ho sebedisa tjhelete.
Re sa le moo, ke rata ho lebohela toropo ya Motse Kapa bakeng sa ho sebedisa 70% ya tekanyetso ya rona.
Ha ke boele ke lebala bahlanka ba ka mabapi le mosebetsi o thata le ho kenya letsoho mohopolong wa ho fa setjhaba matlo.
Bomme le bontate, Ke tla be ke sa bue nnete ho latela letswalo la ka ebang nka fana feela ka setshwantsho se setle sa tshebetso mabapi le phano ya matlo.
Ho ntse ho na le dikgeo tse sa salletseng morao mosebetsing wa rona wa ho fana ka ditshebeletso.
Ho fihla mona, re sa hloka ho ntlafatsa dibakeng tse sa re feng phomolo:
Bongata ba matlo a rona ha a eso ikamahanye le leano la ho tloha ho matlo a mangata ho ya ho matlo a boleng. 
Re sa hloka ho fetola tshebetso ya phano ya matlo ho tloha ho faneng ka tshireletso ho ya ho ho hlahisa matlo a moshwelella a batho. 
Re lokela ho fetola ho nka seabo ho ba unang molemo ho tloha ho phutheng ha bona matsoho ho ya ho kena kgabong ha bona.
Re lokela ho fetola dikelello tsa batho ba rona hore ba qale ho sheba matlo a dithuso tsa mmuso e se feela dihlahiswa, empa e le thepa ya bona.
<Doc12>
MESEBETSI YA LEFAPHA LA SEPOLESA
E ne e le thabo e kgolo pakeng tsa mme le ngwana ha James Busakwe ya dilemo tse 16 a boelana le mme wa hae ya mo tswetseng ka 7 Mmesa 2006.
Ditaba tse bohloko tsena di qadile nakong eo mme wa James a neng a fihla sepetlele sa Klerksdorp ka la 6 Mmesa ho tjhakela mora wa hae, mme baoki ya ba hona ba elellwang hore ngwana o fuwe mosadi e mong ya neng a re ke yena mme wa ngwana letsatsi le fetileng.
Ka potlako ka mora hore sena se hlahelle, baoki ba tsebisa Seteishene sa Mapolesa sa Kanana, hobane mosadi ya latileng ngwana o ne a fane ka aterese ya Kanana.
Aterese e ile ya hlahlojwa empa ha se be le Lehlohonolo.
Lebitso la motho kapa tlhaloso ya mosadi ya jwalo e ne e sa tsejwe atereseng eo. 
Mantsiboyeng a letsatsi la 6 Mmesa CPF ya Kanana e ile ya eba le kopano.
Mokomishenara wa Seteishene ya tshwereng mokobobo a bolella kopano ka ngwana ya kwetetsweng mme a kopa motho ka mong ho dula a butse mahlo le ditsebe bakeng sa sena.
Ka 23:00 hona bosiung boo, e mong wa ditho tsa setjhaba a letsetsa mapolesa ka lesedi la hore mosadi ya dulang tulong ya bona, eo ho neng ho sa tsebahale hore o bokete, kapelepele o se a na le ngwana moshemane.
Mapolesa a sala lesedi lena morao mme ka nnete a fumana mosadi le ngwana.
Basebetsi ba sepetlele ba bitswa mme ka potlako ba tseba ngwana mmoho le mosadi ya neng a mo kwetetse sepetlele.
Bopaki bo fapaneng ho kenyelletswa le lesale la letsoho la polasetiki, di ile tsa fumanwa ntlong ya mmelaelwa. 
Mosadi o ile a tshwarwa mme ngwana ya neng a sa ntshwa kotsi a kgutlisetswa sepetlele moo a ileng a kopanngwa le mmae ya mo tswalang hoseng ha letsatsi le hlahlamang.
Diketso tsa ditho tsa setjhaba tse inkileng seabo ho fumanweng ha ngwana, di lokela ho thoholetswa, hobane sena se bontsha bohlokwa ba Sepolesa sa Setjhaba.
Bohlokwa ba Lefapha la Sepolesa ha bo kenngwa tshebetsong mme bo hlokomelwa ka nepo, bo ke ke ba nkelwa fatshe.
Tshwaro jwalo mosebetsi o motle Kanana CPF.
Mme ya ratehang
Ke nahana hore ke lehloonolo le leholo hore ke fete pela seteishene sa sepolesa Mondeor, mme ke ile ka kopana le jenale ya SAPS. 
Ke nahana hore e phatlalatswa hang ka kgwedi, mme ke e fumane e le e kgahlang ho e bala.
Mofumahadi wa ka o sa tswa qala kgwebo e ntjha mme o lakatsa ho mema bohle, kapa ba bang ba basebetsi ba hao ha ba teng sebakeng sa rona hore ba kene bakeng sa kopi ya kofi kapa tee ya mahala, mme re tshepa hore re tla ba le kuku kapa tse pedi bakeng sa bona. 
Jwalo ka ha ke hlokometse, ho qala kgwebo e ntjha ha ho bonolo mme ho na le mosebetsi o mongata le tjhelete e ngata.
Le ha ho le jwalo, re sa ntse re kgolwa hore mapolesa mmoho le mafapha a  mang a tshireletso ya molao ke ba bohlokwa baahing bohle ba Afrika Borwa.
Sena ke ntho e nyane eo re lakatsang ho le  neha yona kaofela, re a leboha bakeng sa ho intsha sehlabelo mabapi le ho etsa bonnete ba hore rona baahi, re ka tswela pele ka maphelo a rona a letsatsi ka leng.
Re lebelletse ho utlwa ho tswa ho lona kapa  ho feta moo, re bone ba bang ba basebetsi ba lona ba apere yuniforomo, ba keng lebenkeleng le lenyane la rona hore re ba ba tsebe ho feta mona. 
Re boela re le leboha hape, batshireletsi ba molao ba Afrika Borwa bakeng sa mosebetsi kaofela o boima le boitelo ho etsa Afrika Borwa e bolokehe.
Ka bokgutshwane, mangolo a nang le dintlha a ka fekesetswa kapa imeilelwa ho mohlophisi.
Ditokelo tsa ho edita kapa ho kgutsufatsa mangolo di bolokilwe. 
<Doc13>
PITSO MABAPI LE HO PHETHISA 
Ka la 14 Phupjane 2007, e nngwe ya diatikele  onlaeneng ya Jenale ya SAPS (www.sapsjournalon-line.gov.za) e hlalositse ka moo bahlanka ba babedi ba sepolesa sa Welkom ba Lefapha la ho Hlahlojwa ha Makoloi ba tshwerweng mabapi le bobodu le boqhekanyetsi.
Ka moo ho hlaloswang bobedi bona, suparinthendente le inspecktara ba ile ba rekisa makoloi a neng a fumanwe ke sepolesa bakeng sa ho ithuisa.
Babelaelwa ba babedi bana ba hlaheletse kgotla ka la 12 Phupjane mme nyewe ya bona ya tjhetjhisetswa morao ho fihla 21 Phato 2007.
Letsatsi ka mora moo, ka la 15 Phupjane 2007, sehlooho sa News24 sa hlalosa: mapolesa a mabedi a tshwerwe bakeng sa ho khothotsa ka tshebediso ya dithunya.
Nakong ena e ne e le moithuti wa lepolesa le inspecketara ba ileng ba tlalehwa ba tshwere lebenkele la Marbell Hall, ba utswitse tjhelete, marikgwe le hempe.
Bobodu ka hara sepolesa bo lokela ho fela.
Le ha ba bang ba rona re le baahi ba tshepahalang, re sebetsa ka thata, mapolesa a mmalwa ha a bontshe hlompho mabapi le botho ba bona, yuniforomo ya bona, kapa  Khoutu ya Boitshwaro ya Sepolesa. 
Ke nako jwale ya hore re tlose ditho tse mpe ka hara  sepolesa. 
Jwale o ka thusa ka ho tlosa mapolesa a bodileng ka ho ba hlahisa laeneng e ntjha ya botlokotsebe.
Ntle le hore lebitso la hao le tsebiswe!
Ebang o na le pelaelo ya hore e mong wa basebetsimmoho le wena ba ikemiseditse ho etsa ho hong ho hobe, kapa o tseba e mong e ka ba mohlanka wa sepolesa, setho sa leloko, basebetsimmoho,  baahisane, kapa motho osele eo o sa mo tsebeng, mme ba etsa ketso ya botlokotsebe, seo o lokelang ho se etsa ke ho romela SMS ho 32211
Ena ke nomoro e ntjha ya laene  ya botlokotsebe naheng e neng e sibollwe ke Prmedia Santon.
O ka romela SMS ho 32211 (ka tjeho ya R1 ka nngwe) kapa wa etela ho www.crime-line.co.za
Didatha Kaphtjharase tse kwetlisitsweng di emetse ho fetisetsa lesedi sepoleseng, bao bona ba tla sebetsana le lesedi lena hanghang. 
Karolo ya bohlokwa ke hore o tla dula o sa tsejwe.
O na le matla a ho thusa ho lwantsha botlokotsebe ntle le hore o ikenye tsietsing.
Tshibollo ya Primedia ha e tshepise ho kgutlela morao.
Yusuf Abramjee Mohlanka wa Lehokela wa Projeke ya Primedia ya Kgahlanong le Botlokotsebe o re: “Ha re batle lebitso la hao kapa aterese ntle feela le ha o ithaopa ho re fa lona mme ha ho na tlhokahalo ya seteitemente sefe kapa sefe kapa ho hlahlela kgotla.
Seo re se batlang ke lesedi mabapi le botlokotsebe hore mapolesa a sebetse hodima lona”.
Mokgatlo ona o ntjha o kgahlano le botlokotsebe, o jang dimilione tse ngata tsa diranta, o sibollotswe ke Primedia Sandton ka la 7 Phupjane 2007.
E thehilwe hodima sistimi ya Bathibedi ba  Botlokotsebe ba Matjhaba.
Bathibedi ba Botlokotsebe ba qadile Albuquerque, New Mexico ka Lwetse 1976.
Ke tshebetsommoho pakeng tsa setjhaba, metjha ya diphatlalatso, bahlanka ba tshireletso ya molao, e ne radilwe ho lwantsha botlokotsebe le ho sireletsa badudi.
Kajeno, ho na le diprokeramo tse 1 200 tsa Bathibedi ba Botlokotsebe ho phatlalla le lefatshe tse sebetsang dinaheng tse 20 tse sebedisang lesedi le tliswang ke setjhaba ho rarolla botlokotsebe.
Ho ya ka CEO ya Primedia Ltd, Mong. William Kirsh, diprokeramo tsena di thusitse ho tshwara dikebekwa tse 600 000!
Seo mohlanka wa sepolesa ka mong a lokelang ho se tseba mabapi le Mokgatlo wa Twantshano le botlokotsebe ke hore o na le tshehetso ya Letona la Polokeho le Tshireletso, Mong Charles Nqakula le Mokomishenare wa SAPS, Mokhomishenara Jackie Selebi. 
Mokhomishenare Selebi o tshepisitse hore jwalo ka mokgatlo, re ilo etsa ntho tsohle matleng a rona ho etsa projeke ena e sebetse.
Potso ke hore o tla etsa eng ka yona?
Tshehetso ya motho ka mong e a hlokahala, e seng feela ho nka mohato ka pelepele ha o fumana lesedi senthareng ya laene ya botlokotsebe, empa ho maketa tshibollo ena ka moo o ka kgonang ka teng.
Bolella batho ka diCPF, dikolo, ba leloko le metswalle mabapi le tshibollo ena.
Etsa bonnete ba hore ba utlwisisa  hore letsholo le tshepisa hore ha ho na letho le tla amahangwa le bona mme ba sa tsejwe.
Hopola hore sena ha se nomoro ya tshohanyetso.
Batho ba nne ba tswelle pele ho tlaleha dintho tsa tshohanyetso  ho 10111 kapa seteishene sa sepolesa se haufi.
Ka tshebediso ya letsholo lena la thibelo ya botlokotsebe metjha ya diphatlalatso e memme le sepolesa.
Ba batla ho re thusa ho etsa Afrika Borwa e bolokehileng bakeng sa bohle.
Ho sibollweng ha laene ya botlokotsebe, John Robbie motshwari wa lenaneo la hoseng la Dipuisano tsa Seyalemoya 702, o fane ka metjhine e 65 ya Disebediswa tsa boitsebiso  ho SAPS
Mong. Robbie haufinyane o entse boipiletso moyeng ho bamamedi ho fana jwalo ka mpho  ya metjhine ena ya Disebediswa tsa boitsebiso. 
Barekisi ba metjhine, Feisi Theknoloji le bona ba kene ka seqo ka ho theolela theko ya metjhine fatshe, mme sena se nolofaletsa dikhampane tse neng di se di fane ka tjhelete e lekaneng motjhine o le mong, ho reka metjhine e mmedi. 
Primedia le John Robbie ha se bona feela ba thusang sepolesa twantshong ya botlokotsebe.
Bala tse ding tsa dipale tsa katleho Jenaleng kapa inthaneteng ya Jenale ya SAPS mme o tla bona ka moo dinyewe di rarollwang ka thuso ya ditho tsa setjhaba
Ka ho ba teng ha letsholo lena la thibelo ya botlokotsebe, ditlokotsebe ho kenyelletswa le bao ba mmalwa ba bodileng ka hara sepolesa, ba lokela ho tseba ntho e le nngwe feela … matsatsi a bona a balwa. 
<Doc14>
Kananelo ya bafani ba ditshebeletso ba ETQA
Ditshebeletso tsa Mmuso tsa Afrika Borwa
Ho etsa kopo ya kananelo ho ETQA ho ba mofani wa ditshebeletso tsa thuto le thupelo
Tlhaloso
Melawana e sebetsang mekgatlong e ho  Nnetefaletso ya Boleng ba Thuto le Kwetliso (ETQA) tlasa Bolaodi ba Mangolo a thuto Afrika Borwa (SAQA) e batla hore bafani ba thuto le thupelo ba etse dikopo bakeng sa ho fumantshwa kananelo ho ETQA.
Ho fumantshwa kananelo, bafani ba thuto le thupelo ba hloka ho ingodisa ho latela melao e lokelang
Molao o mabapi le Thuto e Phahameng le Thuto e Tswellang o hloka hore bafani bohle ba thuto le thupelo ba rutang mangolo a  feletseng ba ngodiswe le Lefapha la Thuto.
Bafani ba thuto le thupelo ba lokela ho fana ka diyuniti tsa boemo/kapa mangolo a thuto a welang ka hara sebaka se shejuweng e le sa motheo sa mokgatlo wa Nnetefaletso ya Boleng ba Thuto le Kwetliso (ETQA) ya Mokga wa Bolaodi ba Thuto le kwetliso (SETA) kapa Mokgatlo wa Profeshenale.    
Ditlhoko bakeng sa kananelo:
* Ditlhoko tsa kananelo di fumaneha tokomaneng ya sehlooho sa Mekgwa le Ditatiso tsa bafani mme e fumaneha webosaeteng ya SAQA.
* Diprokeramo (le/kapa ditekolo) tse fuwang ke Mofani wa thuto le thupelo di qetelle ka diyuniti tsa boemo le /kapa mangolo  a thuto a ngodisitsweng ho Moralo wa Naha wa Mangolo a Thuto (NQF). 
* Kharikhulamo (disebediswa tsa moralo le dikahare) di ikamahanya le yuniti tsa boemo le/kapa mangolo a thuto.
* Ho na le basebetsi ba nang le mangolo a feletseng (bafani  le bahlahlobi ba ngodisitsweng).
* Baithuti ba na le hona ho ka fihlela ditshebeletso tsa thuto tse amohelehang.
* Mekgwa ya tekolo le disebediswa ho lekanya ditlhoko tsa yuniti ya boemo le/kapa mangolo a thuto di a utlwahala, di molaong ebile a tshepahala mme di sebediswa ho matlafatsa thuto.
Mehato e latelwang
* Romela lengolo la maikemisetso a hao a ho ananelwa jwalo ka mofani wa thuto le thupelo ho ETQA e lokelang.
* Romela foromo ya a kopo ya boitekolo ho ETQA.
* Ebang o sa fumantshwe kananelo, mme o nahana hore tshebetso e ne le leeme, o na le tokelo ya ho etsa boipiletso.
* Lenane la di-ETQA le dinomoro tsa ho ikopanya le bona di fumaneha webosaeteng ya SAQA.
Sena se ka nka dikgwedi tse ka bang 6.
Tshebeletso ke ya mahala.
Diforomo tse tlatswang
Diforomo tsa kopo ya kananelo ya mofani le ditokomane tse amanang le yona di ka fumaneha ho ETQA e lokelang. 
Dintlha tsa ho boikopanyo -  O koptjwa ho etsa khetho e le nngwe:
